“Ke a le kopa: Buang moo bana bohle ba Shekeme ba utlwang, le re: Ho molemo ho lona ke hofe: Na ke ho buswa ke banna ba mashome a supileng, bao bohle e leng bara ba Jerubaale, kapa ke ho buswa ke monna a le mong feela? Hopolang hore nna le lona re nama e le nngwe le madi a le mang.”
Bo-malomae ba bua mantswe ana wohle ka Abimeleke, moo banna bohle ba Shekeme ba utlwang, mme dipelo tsa bona tsa sekamela ka ho Abimeleke, hobane ba ile ba re: “Ke ngwanabo rona.”
Ba nea Abimeleke ditjhelete tse mashome a supileng tsa silefera, tse neng di etswa ka tempeleng ya Baale-Berite. Ka tjhelete ena a hira banna ba dikweta, mme bao ba mo latela.
Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile.
Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng.
Ha Jotame a bolellwa tsena a nyoloha, a fihla a ema tlhorong ya thaba ya Gerisime. A howeletsa, a re ho banna ba Shekeme: “Mmameleng, lona banna ba Shekeme, e le hore Modimo a tle a le mamele.
“Empa sefate sa mohlwaare sa re ho difate tseo: Le re ke tlohele ho etsa ole ya ka, eo ka baka la ka ho tlotlwang Modimo le batho ka yona, ke nne ke yo fokaela hodima difate?
“Empa leoka la re ho difate: Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.
“Ka baka leo, na le sebeditse ka nnete le ka nepo, ka ho etsa Abimeleke kgosi? Na le entse Jerubaale le ba lelapa la hae hantle, ho ya kamoo diketso tsa hae di lokelang kateng?
Empa kajeno lona le tsohetse lelapa la ntate matla. Le bolaetse bara ba hae, e leng banna ba mashome a supileng, hodima lejwe le le leng, mme Abimeleke, mora wa lekgabunyane la hae, le mo entse kgosi ya banna ba Shekeme, hobane ke ngwanabo lona.
Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”
e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo.
Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.
Yaba Gaale, mora wa Ebede, o re: “Le re Abimeleke ke mang? Rona ba Shekeme re mo sebeletsa ka baka lefe? Na hase yena mora wa Jerubaale, le molaodi wa hae Sebule, ba neng ba sebeletsa banna ba Hamore, ntata Shekeme? Jwale rona re mo sebeletsa ka baka lefe?
A roma maqosa ho Abimeleke a le Aruma, a re: “Bona, Gaale, mora wa Ebede, le bana babo ba tlile Shekeme, mme ba hlohleletsa batho ba motse hore ba o fetohele.
Hosasane o tsohe ka madungwadungwana, ere hanghang ha letsatsi le tjhaba, o futuhele motse. Etlare ha Gaale le batho ba ka ho yena ba o kgahlanyetsa, wena o ba etse kamoo o ka etsang kateng.”
Eitse ha Gaale a bona batho bao a re ho Sebule: “Bona, batho ke bao ba theoha kahodima thaba!” Yaba Sebule o re ho yena: “O bona meriti ya dithaba, e kang ke batho.”
Gaale a boela a bua hape, a re: “Bona, batho ke bano ba theoha letsatseng la thaba. Sehlopha se seng se theoha ka tsela e fetang sefateng sa eike sa dinohe.”
Jwale Sebule a re ho yena: “Bo kae jwale boithoriso ba hao, wena ya itseng: Le re Abimeleke ke mang, hoo re ka mo sebeletsang? Na batho baa hase bona bao o neng o ba nyedisa? Ako tswe jwale, o yo ba lwantsha.”
Yaba Abimeleke o nka banna ba hae, o ba arola dihlopha tse tharo, o ilo lalla naheng. Yare ha a tadima, a bona banna ba etswa motseng; a ba lwantsha, a ba bolaya.
Bo-Abimeleke le sehlopha sa hae ba kgorohela pele, ba fihla ba ema kgorong ya motse. Dihlopha tse pedi tsona tsa kgorohela bohle ba neng ba le naheng, tsa ba bolaya.
mme a nyolohela thabeng ya Salemone, yena le batho bohle bao a neng a ena le bona. Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae, a rema lekala la sefate, a le nka, a le jara lehetleng, a re ho batho ba neng ba ena le yena: “Nketsiseng, le etse ka potlako seo le bonang ke se etsa.”
Batho bohle ba mo etsisa, e mong le e mong a ithemela lekala. Ba latela Abimeleke, ba tshetleha makala qhobosheaneng, ba tjhesa qhobosheane ka makala ao. Batho bohle ba neng ba le ka toreng ya Shekeme, bao e neng e ka ba banna le basadi ba sekete, ba eshwa.
Empa ho ne ho ena le tora e hahilweng ka thata kahara motse. Batho bohle ba motse, banna bohle le basadi bohle, ba tshabela ka toreng eo. Ba ikwalla ka ho yona, ba ba ba hlwella le marulelong a yona.
Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: O bolailwe ke mosadi. ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.