Bibele ka selemo se le seng

1. Sefela sa Difela sa Solomone.
2. Ako nkake ka molomo wa hao, hoba rato la hao le monate ho feta veine.
3. Menkwane ya ditlolo tsa hao e nkga hamonate, bitso la hao le ka setlolo ha se qhatsitswe, hase feela barwetsana ba o dumang!
4. Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale!
5. Leha ke le motshwana, nna ke botlenyana, lona baradi ba Jerusalema; ke motshwana sa tente tsa Kedare, ke ka masira a tente ya Solomone.
6. Se mmakalleng hobane ke le motshwana; ke motshwana tjena hobane tsatsi le ntjhesitse. Kgaitsedi tsa ka di ne di ntlhoile, tsa ntaela ho ya tshosa masimong a morara, nako ya ho itlhokomela yaba ke a e hloka.
7. Ako mpolelle, wena moratuwa wa ka, moo kgulo la mohlape wa hao le leng teng, moo o bothisang mohlape wa hao teng, ha le le hloohong tsa mengala, esere ka fumanwa ke ntse ke lelera, ke o batla hara mehlape ya thaka tsa hao.
8. Haeba o sa tsebe, wena Seilatsatsi hara basadi. latela mohlala wa mohlape, potsanyane tsa hao o di fudise, o di fudise pela ditente tsa badisa.
9. Wena moratuwa, o ka pitse ya sethole, e hulang kariki ya Faro ya ntwa.
10. Marama a hao a a rateha ka masale a lepeletseng, molala wa hao o tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.
11. Re tla o etsetsa masale a kgauta, re a kgabise ka naletsana tsa silefera.
12. Ha kgosi e ne e dutse dijong, menkwane ya ka ya nkga hamonate.
13. Ho nna moratuwa o ka mokotlana o tshetseng mmira, o bang fubeng sa ka ka nako tsohle.
14. Ho nna moratuwa o tshwana le thunthung tsa mmasa, tse tswang masimong a morara, masimo a Ene-Gedi.
15. O motle hakaakang, wena moratuwa wa ka! O motle hakaakang! Mahlo a hao a mapudutswana sa maeba!
16. O motle hakaakang, wena moratuwa! E, ruri o motle, o a rateha! Moalo wa rona o ka jwang bo botalana!
17. Dibalaka tsa ntlo ya rona ke tsa kedare, maballo a yona ke a difate tsa modutu.
1. Nna ke palesa ya Sharone, mohaladitwe o melang dikgohlong.
2. Ha moratuwa a le hara barwetsana o ka mohaladitwe hara meutlwa.
3. Ha moratuwa a le hara bahlankana, o ka fate sa apole hara fate tsa meru. Ke thabela ho phomola moriting wa hae; tholwana hae e a hlabosa ha ke e latswa.
4. O nkisitse tlung ya boithabiso, tlung ya dino, a ntshireletsa ka mokhele wa lerato la hae.
5. Mmatlafatseng ka mangangajane a morara, le nkgathlolose ka ho mpha diapole, hoba rato ke lena le mphokodisitse.
6. Ke samme tsoho la hae le letshehadi, ka tsoho la hae le letona o nkopile.
7. Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya, ho fihlela yena a ka rata ho tsoha.
8. Ke utlwa lentswe la moratuwa, lentswe ke leo! Ke eo a etla a tlola hodima dithaba, a ntsa laqoma hodima maralla.
9. Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera.
10. Jwale moratuwa o bua le nna, o re: “Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye.
11. Bona, mariha a sa fetile, pula le tsona di kgaoditse.
12. Palesa di fupuhile hara mohlaba, nako ya ho bina e se fihlile, kunkuru ya maebana-kgorwana, e utlwahala naheng ya heso.
13. Sefate sa feiye se beha tholwana tsa sona, morara o a thunya, ho nkga hamonate. Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye.”
14. Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha.
15. Re tshwasetseng diphokojwe le diphokojwana, tsona tse senyang masimo a rona a morara, hoba jwale morara wa rona o thuntse.
16. Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng.
17. Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, kgutla, wena moratuwa, o tlole jwaloka tshepe, kapa namane ya kgama hara dithaba tse matsaranka.
1. Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi,
2. o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente,
3. o hahile ntlo ya bokgosi ba hao kahodimo ho maru. Maru o a entse kariki ya hao, o fofa ka mapheo a moya.
4. Meya o e entse baromuwa ba hao, mollo wa lehadima mosebeletsi wa hao.
5. O tiisitse lefatshe hodima metheo ya lona, le ke ke la sisinyeha ho isa kgale.
6. O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba.
7. Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha;
8. a theohela dikgohlong, dithaba tsa hlaha, a ya moo o a lokiseditseng teng.
9. Wa a sehela moedi oo a ke keng a o tlola, hore a se hlole a kwahela lefatshe hape.
15. Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,
16. hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.
17. Jwale, ka tseo ke tla di bolela, ha ke le rorise, hobane diphutheho tsa lona ha di na thuso.
18. Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo.
19. E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale.
20. Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena,
21. hobane ha le le dijong, e mong le e mong o potlakela ho itjella tsa hae, e mong a lape, e mong a tahwe.
22. Na ha le na mahalona moo le ka itjellang, kapa la inwella teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, mme le hlabisa ba se nang letho dihlong? Le re ke reng ho lona? Ke le rorise? Tjhe, tabeng ena nke ke ka le rorisa.
23. Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe,
24. a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”
25. Ka mokgwa o jwalo, ha ho se ho laletswe, a nka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiiswang ka madi a ka. Kamehla ha le enwa, le etse jwalo ho nkgopola.”
26. Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.
27. Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.
28. Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo.
29. Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.
30. Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele.
31. Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola.
32. Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.
33. Ha ho le jwalo, bana beso, ha le phuthehela ho ja, fanang sebaka.
34. Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.