2. “Puo tse ngatangata tsee ha di lokele ho arajwa? Ebe motho wa lehehle yena o nepa kamehla?
3. O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?
4. O re ho Modimo: Thuto ya ka e hloka kodi, le mahlong a hao ke hlwekile!
5. Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena;
6. a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!
7. “Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle?
8. O ka etsang? Bo phahametse le mahodimo! O ka tsebang? Bo tebile ho feta lebitla!
9. Bolelele ba bona bo feta le ba lefatshe, bophara ba bona bo feta le ba lewatle!
10. “Ha a ka o tshwara, a o isa tjhankaneng, a o qosa ka kgotla, a ka hanyetswa ke mang?
11. Bolotsana ba batho o bo tseba hantle; ha a bona bokgopo, na a ka kgutsa feela?
12. Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.
13. “Empa ha o boela o mo nea pelo ya hao, o otlollela matsoho a hao ho yena;
14. haeba o lahla sebe seo o se kwetlileng, o sa dumelle bobe ho phela tlung ya hao;
15. ruri o tla tseba ho tadima motho o se na dihlong, o tsitse hantle, o hloke tshabo.
16. Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile.
17. Bophelo ba hao bo tla hlaka ho feta motsheare, fifi la bona le tshwane le tsatsi le tjhaba.
18. O tla ba sebete, hobane tshepo e teng; o qamake kahohle, o robale o iketlile.
19. O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao.
20. Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”
1. Jwale Jobo a araba, a re:
2. “Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
3. Le nna ke na le kelello jwaloka lona, etswe le hona ha le mphete ka letho; ke mang ya sa tsebeng dintho tsee tsohle?
4. Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
5. Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella.
6. Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.
7. “Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele;
8. o bue le lefatshe le tle le o rupele, le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.
9. Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae?
10. Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.
11. Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa?
12. Bohlale ba sebele bo hahetse ho bo-raputswe, ho phela halelele ho fana ka kutlwisiso.
13. “Empa bohlale le matla tsona ke tsa Modimo, ke yena monga kelello le kutlwisiso;
14. moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.
15. Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha.
16. Matla le bohlale ba sebele ke tsa hae; mothetsi le mothetsuwa ba matleng a hae.
17. Baeletsi o ba tlosa ba se na le nketlana, baahlodi bona a ba fetole ditsheretshere!
18. O lokolla mahlaahlela a dikgosi a bohatelli, mathekeng a tsona a kgaole maqhama a puso;
19. baprista o ba tlosa ba se na le nketlana, dinatla tsona a di theole tulong tsa tsona;
20. baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo.
21. O soma mahosana, a a teole, a kokobetse boikalatiso ba mahosana;
22. a senole le diphiri tsa mafifing, meriti e metsho a e tjhabisetse lesedi.
23. O hodisa ditjhaba a be a di timetse, a di anafatse, a be a di hasanye;
24. babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela,
25. ba phopholetse lefifing ho se lesedi, a ba thekesedise sa mahlena a bo habotse.
1. Morena, wena Modimo ya phetetsang, ako iponahatse, wena Modimo ya phetetsang.
2. Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona.
3. Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena?
4. Ba a hehla, ba bua ka boikakaso, bohle ba kgopo ba a ithorisa.
5. Morena, ba hatakela setjhaba sa hao, ba hatella bao e leng lefa la hao.
6. Ba fenetha mohlolohadi le mojaki, ba bolaya le dikgutsana.
7. Ba re: “Morena ha a bone, Modimo wa Jakobo ha a lemohe.”
8. Utlwisisang, lona setjhaba sa mawatla; dithoto ting! le tla hlalefa neng?
9. Na ya entseng tsebe a ke ke a utlwa? Ya bopileng leihlo na a ke ke a bona?
10. Na yena ya kgalemelang ditjhaba a ke ke a di otla, yena ya rutang batho bohlale?
11. Morena o tseba mehopolo ya motho, o a tseba hore ke lefeela.
24. O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,
25. esere wa ithuta mekgwa ya sona, yaba le wena o a tshwaswa.
1. Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.
2. Ke paki ya bona ya hore ba tjhesehela Modimo, leha e se ka tsebo ya nnete.
3. Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,
4. hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.
5. Moshe ha a ngola ka ho loka ho tswang Molaong, o re: “Motho ya phethang Molao o tla phela ka hona.”
6. Empa ha ho buuwa ka ho loka ho tswang tumelong, ho thwe: “O se ke wa re ka pelong ya hao: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong? ” hore a yo theola Kreste teng.
7. “Kapa: Ke mang ya tla theohela botebong ba lefatshe? ” hore a yo nyolla Kreste bafung.
8. Ho thweng hape? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao,” e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.
9. Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.
10. Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe,
11. hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
12. Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.
13. Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
14. Ha ho le jwalo, ba ka rapela jwang eo ba sa dumelang ho yena? Ba ka dumela jwang eo ba sa kang ba utlwa tsa hae? Ba ka di utlwa jwang ho se ya di bolelang?
15. Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”
16. Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?”
17. Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.
18. Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile. “Lentswe la bona le utlwahetse lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di fihlile dipheletsong, di fihlile pheletsong tsa lefatshe.”
19. Jwale ke re: Na Baiseraele ha ba a ka ba utlwisisa? Moshe o ne a se a ile a re: “Nna ke tla le bakela lefufa ka bao e seng setjhaba, ke tla le halefisa ka setjhaba se sethoto.”
20. Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re: “Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle, ke itshenoletse ba neng ba sa botse letho ka nna.”
21. Athe ho Baiseraele o itse: “Ke qetile tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka setjhabeng se sa mameleng, se hanyetsang.”