Bibele ka selemo se le seng

1. Ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele, Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a qala ho busa.
2. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jehowadane, eo hahabo e neng e le Jerusalema.
3. Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng jwaloka Davida, ntataemoholo. A tsamaya mehlaleng ya Jowashe, ntatae;
4. feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.
5. Yare ha a se a tsitsitse bokgosing ba hae, a bolaya bahlanka ba hae ba neng ba bolaye kgosi, e leng ntatae.
6. Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, ho ya ka Molao o ngotsweng Bukeng ya Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.”
7. Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.
8. Jwale Amasiya a romela maqosa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, mora wa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo re tlo lebanya dithebe!”
9. Empa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a araba Amasiya, kgosi ya Juda, a re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale! Yaba ho feta sebatana sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.
10. O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”
11. Empa Amasiya a se ke a mo mamela. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.
12. Baiseraele ba imela Bajuda, mme Bajuda ba baleha, e mong le e mong a balehela lapeng la hae.
13. Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, mora wa Jowashe, setloholo sa Akasiya. A fihla Jerusalema, a heletsa lerako la yona ho tloha kgorong ya Efraime, ho ya fihla kgorong e hukung. E ne e le sebaka se ka bang bolelele ba dimethara tse makgolo a mabedi.
14. A hahara kgauta yohle, le silefera, le thepa e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi; a thopa batho, yaba o kgutlela Samaria.
15. Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwantshe Amasiya kgosi ya Juda kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketshalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
16. Jehowashe a shwa, mme a epelwa Samaria le dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame, mora wa hae, a mo hlahlama.
17. Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano, kamorao ho lefu la Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele.
18. Diketso tse ding tsa Amasiya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
19. E ile yare hoba ba mo tsohele matla, a le Jerusalema, a balehela Lakishe. Empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela teng.
20. Ba bofa setopo sa hae pereng, ba mo epela le bo-ntatae, Jerusalema, Motseng wa Davida.
21. Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.
22. Ke yena ya ileng a haheletsa Elate, a ba a e kgutlisetsa Juda. Kamorao ho moo, kgosi ya eshwa.
23. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.
24. Jeroboame a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela le se seng sa dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
25. O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere.
26. Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang.
27. Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe.
28. Diketso tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwane kateng, le kamoo a ileng a hapela Iseraele Damaseka le Hamate kateng, tseo e neng e le tsa Juda, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
29. Jeroboame a shwa, a epelwa le dikgosi tsa Iseraele, Sakariya, mora wa hae, a mo hlahlama.
10. Kahoo setjhaba sa ka se ba sala morao, se inyorolla ka metsi a mehopeng ya bona.
11. ba re: “Modimo a ka tseba jwang? Na tsebo e teng ho Ya Hodimodimo?”
12. Ba kgopo ba jwalo; kamehla ba qhwaolla dikobo, ba ikatisetsa maruo.
13. Ho thusang ho hlwekisa pelo ya ka, le ho hlokisa matsoho a ka molato,
14. ha e le moo ke otlwa ka matsatsi wohle, ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?
15. Hoja nkile ka re: “Ke tla bua jwaloka bona,” nka be ke kgelohile molokong, molokong wa bana ba hao.
16. Ha ke ntse ke nahanahana, ke nahana hore ke utlwisise tsena, ka fumana e le ntho e thata,
17. ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong, Sehalalelong sa Modimo, mme ke utlwisisa seo qetello ya ba kgopo e tla ba sona.
18. Ruri o ba beile moo ho thellang, wa ba dihela hore ba ye timelong;
19. ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.
20. Morena, jwalokaha toro e fela, e fela ha motho a phaphama, le wena ha o tsoha o fedisa seriti sa bona.
18. Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang.
19. Ngwanabo motho ha a kgenne o thata ho feta qhobosheane, qhobosheane e matla, diphapang tsona e ka mekwallo ya qhobosheane.
1. Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.
2. Jwale a matha, a tla ho Simone Petrose le ho morutuwa e mong eo Jesu a neng a mo rata, a re ho bona: “Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng!”
3. Petrose le morutuwa eo e mong ba tloha, ba ya lebitleng.
4. Bobedi ba bona ba matha hammoho, empa morutuwa eo e mong a siya Petrose ka lebelo, a fihla pele lebitleng.
5. Ha a nyarela, a bona masela a beilwe fatshe, empa a se ke a kena.
6. Simone Petrose a tla a mo setse morao, a kena ka lebitleng, mme a bona masela a le fatshe.
7. Lesela le neng le le hloohong ya hae le ne le se maseleng a mang, empa le ne le phuthilwe le le leng sebakeng se kathoko.
8. Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela,
9. hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.
10. Jwale barutuwa ba kgutlela hae.
11. Maria wa Magadala o ne a eme kantle, pela lebitla, a ntse a lla. Ha a ntse a lla, a nyarela ka lebitleng.
12. Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng diaparo tse tshweu a dutse, le leng ka hloohong, le leng ka maotong, moo setopo sa Jesu se neng se beilwe teng.
13. A re ho yena: “Mosadi, o llelang?” A re ho wona: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.”
14. Yare ha a rialo, a reteleha, mme a bona Jesu a eme, feela a se ke a tseba hore ke Jesu.
15. Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.”
16. Jesu a re ho yena: “Maria!” A reteleha, a re ho Jesu ka Seheberu: “Rabbuni!” ke ho re: Moruti!
17. Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona! ”
18. Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona.
19. Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”
20. Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.
21. Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”
22. Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang!
23. Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.”
24. Thomase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Lefahla, o ne a le siyo hara bona ha Jesu a fihla.
25. Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”
26. Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”
27. Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”
28. Thomase a araba, a re ho yena: “Morena wa ka le Modimo wa ka!”
29. Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”
30. Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuwa ba hae ba ntseng ba bona, e sa ngolwang bukeng ena.
31. Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.