Bibele ka selemo se le seng

1. Jobo a boela a araba, a re:
2. “Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng?
3. Ke ka makgetlokgetlo le nnyahanya, le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;
4. haeba ke nnete, ke entse phoso, phoso eo ke ya ka, ha e le ame ka letho.
5. Haeba le iphahamisetsa kahodimo ho nna, le nqosa ka baka la tlokotsi ena ya ka;
6. jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.
7. Ha ke howa, ke re: Bosoro! ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo!
8. “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.
9. O nkamohile boitlhompho ba ka, o nthodisitse le mofapahlooho,
10. o ntlepola kahohle, mme ke a ikela, tshepo ka ya o e fothotse seka sefate.
11. Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae, yena o ntadima ke le sera sa hae;
12. ke futuhetswe ke mabotho a hae, a hlomme diahelo ho potapota lapa la ka.
13. “Modimo o entse hore bana beso ba nkwekwetle, metswalle le yona e mphuralle ho qeta.
14. Bahaeso le bona ba se ba ntahlile, balekane ba ka ba se ba ntebetse.
15. Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata.
16. Ha ke bitsa mohlanka wa ka ha a arabele, esita leha ke ipiletsa ho yena.
17. Mohatsa ka o nkgelwa ke moya wa ka, bana beso le bona ba a nnyonya;
18. diratha le tsona di a nnyedisa, ha ke hlaha eba di a ntlaka.
19. Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka.
20. Ke moote, ke manne, o ka mpala dikgopo, ke phonyohile feela ka la mohaswa lesoba.
21. “Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae!
22. Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?
23. “Polelo tsena tsa ka eka di ka be di ngolwa, eka di ka be di ngolwa, di etswa buka,
24. di ngolwa ka pene ya tshepe tlapeng la loto, di ngolwa lefikeng, di hlole kamehla yohle!
25. “Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele.
26. Leha tlalo la ka le tla be se le bodile, ka mahlo Modimo ke tla mmona ke se mmeleng ona;
27. ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo!
28. “Haeba le ka re: Re sa tla mo hlorisa, hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae!
29. Lona, ka bolona, le hle le tshabe sabole, hoba sebe sa kgalefo, kotlo ya sona ke sabole, le tle le tsebe hore efela kahlolo e teng.”
1. Yaba Sofara ya tswang Naama o a araba, o re:
2. “Ka baka la lehala le ka pelong ya ka, menahano ya ka e re ke o arabe.
3. Ke utlwa kgalemelo e ntshwenyang maikutlo, moya wa ka o nthuta hore ke e arabe.
4. “Ha ke re o a tseba, ho tloha boholoholo, ho tloha ha lefatsheng mona ho bewa motho:
5. Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?
6. Leha boikgantsho ba hae bo ka fihla mahodimong, hlooho ya hae ya ithwesa tlokola ya maru,
7. o tla timella ruri jwaloka thete la hae, ba mmoneng ba re: Ekaba o nyametse kae?
8. O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele.
9. Leihlo le mo itseng hedi! le ke se mmone hape; le tulo tsa hae di ke ke tsa hlola di sa mmona.
10. Bara ba hae ba qekisa ho ratwa ke mafutsana, ba buseletsa mafutsana qhoqha ya ntata bona.
11. Bokwakwariri ba botjha bo tletse masapo a hae, ha a kgutlela leroleng bo tla lala le yena teng.
12. “Le hoja bokgopo bo mo natefela lehano, a bile a bo pata tlasa leleme la hae;
13. a sa ikutlwe ho ka kgaohana le bona, a bo moma, a bo boloka ka hanong la hae;
14. dijo tseo di a hlasa ha di fihla ka mohodung, di iphetole mahloko a bo-marabe.
15. Menono o a e metsa, o bile o a e hlatsa, Modimo o a mo hlatsisa, o kgofa mohodu wa hae.
16. O tla mokonyetsa bohloko ba bo-marabe, dikwetsepe tsa qowane tsona di mmolaye.
17. Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona, le phororo tse phallang tsa dinotshi le tsa lebese.
18. Tsa matsoho a hae o di busetsa a so di latswe, tse tswalwang ke kgwebo le tsona ha di mo thabise.
19. O tubile mafutsana, a a siya a itlhophere, a ikgapela matlo e se a matsoho a hae.
20. “Ha a na ho fuwa tsweya ke takatso tsa hae, a ke ke a ipholosa le ka maruo a hae.
21. Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana;
22. o tla tsieleha a ntsa hafa ka nkatana, mafutsana a wele ka sekgahla, a wele hodima hae.
23. Etlare hoja a kgotshe sa mpana-phatloha, kgalefo ya Modimo e mo tlokomele malakabe, thala la metsu le mo lethehele hodimo.
24. Leha a ka ba a phonyoha lerumo la tshepe, seqha sa lethose sona se tla mo fula,
25. motsu wa sona o yo phunyeletsa mokokotlo, ntlha ya wona e phatsimang e qhale nyooko, matshabeho a lefu a mo aparele kahohle.
26. Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse, o tla timetswa ke mollo o se na sebutswelo, ba setseng lapeng la hae ba tamukane.
27. Mahodimo a tla talola bokgopo ba hae, lefatshe le eme ka maoto ho mo qosa.
28. Ntlo ya hae e tla hoholwa ke sekgohola, ke phororo tsa kgalefo ya Modimo ha e tlokoma.
29. Ona ke wona moputso wa ya kgopo, lefa leo a le abetsweng ke Modimo.”
6. Tloong, a re itiheleng maotong a hae, re itihele ka hlompho, re weng ka mangwele kapele ho Morena, Morena, Mmopi wa rona.
7. Ke yena Modimo wa rona, re setjhaba se diswang ke yena, re mohlape o matsohong a hae. Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,
8. se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla Meriba, jwaloka mohla Masa, lehwatateng;
9. moo bo-ntata lona ba ileng ba nteka teng, ba nnonya leha ba ne ba bone diketso tsa ka.
10. Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.”
11. Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: “Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.”
4. O se ka itja matla hore o ithuise; eba le bohlale ba ho itshwara.
5. Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.
1. Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.
2. Ka hona ya hanyetsang borena, o hanyetsa se beilweng ke Modimo, mme ba se hanyetsang ba tla ahlolwa.
3. Babusi ba ke ke ba tshajwa ke ba etsang tse ntle, empa ba tshajwa ke ba etsang tse mpe. Ha u sa rate ho tshaba ya busang, etsa tse ntle, mme o tla o rorisa,
4. hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe.
5. Ka baka leo, ke tshwanelo hore le ikokobetse, e seng feela ka baka la ho tshaba kgalefo, empa le ka baka la letswalo.
6. Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.
7. Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.
8. Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.
9. Efela ditaelo tse reng: “O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa lakatsa,” leha e le taelo e nngwe e ka bang teng, tsohle di akareditswe ka taelo ena e reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata.”
10. Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala.
11. Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela.
12. Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi.
13. A re pheleng ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha e ka ke motsheare, e seng ka bonyollo le ka botahwa, e seng ka bohlola le ka diketso tse manyala, e seng ka dikgang le ka mohono.
14. Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.