1. Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.
2. “Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.
3. Baegepeta ba tla lahlehelwa ke tshepo, merero ya bona ke e nyopise. Ba tla ipiletsa ho medimo ya bohata le ho dinohe, ba ipiletse ho mathuela le ho baloi. Matsohong a mmusi ya lonya,
4. ke tla neelana ka Baegepeta, ba buswe ke kgosi e sehloho,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho.
5. Metsi a ka nokeng ya Nile a tla fela, noka eo e pshe, e omelle,
6. melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona,
7. le dijalo tsohle tse mabopong a noka eo, le tse metseng moo e kenang lewatleng. Masimo wohle a mabopong a noka eo a tla omella, moya o fefole mobu ho sale ho se na letho.
8. Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla, le bohle ba akgelang dilope nokeng ya Nile, ba lle, le bona ba akgelang matlowa metsing ba tlallwe.
9. Ba ohlang motsitla ba tla fellwa ke tshepo, balohi ba masela a lene ba tepelle;
10. bao e leng tshiya tsa naha ba tla ripitlwa, ba sebeletsang moputso ba nyahame dipelo.
11. Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”
12. Jwale ba kae bahlalefi ba hao? A ba o tsebise, ba o phatlalletse seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta.
13. Mahosana a Sowane a thotofetse, mahosana a Nofe a thetsehile, bao e leng tshiya tsa setjhaba ba kgelositse Egepeta.
14. Morena o ba kentse moya, moya wa pherekano, Egepeta e thekesela ho tsohle tseo e di etsang, jwalokaha letahwa le thelliswa ke mahlatsa a lona.
15. Ya ka thusang Egepeta ha a yo, e ka ba hlooho kapa mohatla, kala la palema kapa lehlaka.
16. Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.
17. Ba naha ya Juda ba tla tshosa Egepeta. E mong le e mong ha a utlwa tsa naha ya Juda o tla tshoha ka baka la seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta.
18. Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.
19. Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena.
20. Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.
21. Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.
22. Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise.
23. Mohlang oo, ho tla ba le mmila o tswang Egepeta, o yang Asiria. Moasiria o tla ya Egepeta, Moegepeta a ye Asiria, mme Baegepeta ba rapele hammoho le Baasiria.
24. Mohlang oo, Iseraele e tla ba ya boraro kamora Egepeta le Asiria, mme lefatshe lohle le tla hlohonolofala ka baka la yona.
1. Ka selemo seo molaodi e moholo a neng a tle Ashedode ka sona, a romilwe ke Saregone, kgosi ya Asiria, molaodi eo a futuhela Ashedode, mme a e hapa.
2. Ka yona nako eo Morena a bua ho Esaya, mora wa Amose, a re ho yena: “Hlobola lesela le mahwashe leo o le apereng, o role le meqathatso maotong a hao.” Esaya a etsa jwalo, a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong.
3. Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe;
4. ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.
5. Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong.
6. Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang? ”
40. Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.
41. A ba neela matsohong a baditjhaba, ba buswe ke ba ba hloileng.
42. Dira tsa bona tsa ba hatella, ba ba katlasa taolo ya tsona.
43. A nna a ba lopolla ka makgetlokgetlo, ba mpa ba ikgethela ho mo tella, ba tetebela bokgopong ba bona.
44. Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.
45. A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.
46. A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.
47. Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.
48. Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, a bokwe kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Setjhaba sohle se ke se re: “A ho be jwalo!” Haleluja!
13. Jwaloka lehlwa le phodisang ka nako ya kotulo, leqosa le tshepahalang le jwalo ho ba-le-romi; le kgatholla pelo ya monga lona.
1. Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
2. Modimo o re: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka letsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa.” Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.
3. Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.
4. Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,
5. ditjhapong, ditjhankaneng, meferefereng, mesebetsing e boima, ho hloka boroko, tlaleng,
6. ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,
7. ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi,
8. leha re tlotliswa kapa re tlontlollwa, leha re buuwa hampe kapa re buuwa hantle. Re nkwa re le bathetsi, empa re bua nnete;
9. re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe;
10. re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
11. Bakorinthe, re buile le lona phatlalatsa, re le buletse dipelo tsa rona.
12. Rona re le rata ka pelo yohle, athe dipelong tsa lona lerato ha le yo.
13. Ke re: Re buleleng dipelo tsa lona, kgalapa di buseletsane. Ke bua jwaloka ntata ha a bua le bana ba hae.
14. Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?
15. Na Kreste a ka dumellana le Beleare? Kapa ke eng eo modumedi a ka e kopanelang le ya sa dumeleng?
16. Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
17. Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.
18. Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.