1. Kamora lefu la Saule, ha Davida a tswa hlola Baamaleke, a qeta matsatsi a mabedi Sikelage.
2. Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.
3. Davida a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”
4. Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!” Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.”
5. Davida a re ho mohlankana ya mmehelang ditaba tsena: “O tseba jwang hore bo-Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?”
6. Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.
7. Ha a hetla a mpona, yaba o a mpitsa, mme nna ka re: Ke nna enwa!
8. “A re ho nna: O mang? “Yaba ke re ho yena: Ke Moamaleke.
9. “Yena a re ho nna: Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha.
10. “Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.”
11. Yaba Davida o tshwara diaparo tsa hae, wa di tabola. Le banna bohle ba neng ba ena le yena ba etsa jwalo.
12. Ba hlomoha, ba lla, ba itima dijo ho fihlela ka phirimana, ka baka la Saule le mora wa hae Jonathane, le setjhaba sa Morena, le ntlo ya Iseraele, hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.
13. Davida a re ho mohlankana ya mmehetseng ditaba: “O wa hokae?” Mohlankana a araba, a re: “Ke mora wa monna wa Moamaleke ya jakileng mona.”
14. Davida a re ho yena: “Ha o a ka wa utlwa o tshaba ho phahamisa letsoho la hao, o bolaya motlotsuwa wa Morena?”
15. Davida a bitsa e mong wa bahlankana, a re ho yena: “Tloo o mmolaye!” Eo a mo phehletsa, a shwa.
16. Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: Ke bolaile motlotsuwa wa Morena! ”
17. Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane.
18. E ngotswe bukeng ya Jashare, mme Davida o ile a laela hore e rutwe bana ba Juda.
19. “Kgabane ya hao, wena Iseraele, e bolaetswe hodima thaba tsa hao; bona kamoo dinatla di weleng kateng!
20. “Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.
21. “Lona, thaba tsa Gileboa, le se lalwe ke phoka, la nelwa ke pula; masimo a lona a fetohe matswatlare, hoba thebe tsa dinatla di silafaditswe, thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa, ya tlotswa ka ole!
22. Metsu ya Jonathane e ne e nepa, sabole ya Saule e sa kgutle e benya, di enwa madi a babolauwa, di tlola mafura a bahlabani.
23. “Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.
24. “Lona, baradi ba Iseraele, llelang Saule! O le apesitse masela a mafubedu, a le apesa le mekgabiso, a homa aparo tsa lona ka mabenyane a kgauta.
25. “Bona kamoo dinatla di weleng, di weleng thekong ya ntwa! Jonathane o bolailwe, o bolaetswe thabeng tsa hao!
26. Jonathane, moreso, ke pelotlhomohi ka wena, ho nna o no rateha hakaakang! Rato la hao ho nna e ne le mohlolo, le la basadi le a shaitsa.
27. “Bona kamoo dinatla di weleng kateng! Kamoo hlomo tsa ntwa di setseng swalabahla!”
1. Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.”
2. Yaba Davida o nyolohela Heborone, a ena le basadi ba hae ba babedi, Ahinoame wa Mojesereele, le Abikaele eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele.
3. Davida a nyoloha le banna ba neng ba ena le yena; monna ka mong a nyoloha le lelapa la hae, mme ba aha metseng ya Heborone.
4. Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”
5. Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela.
6. E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.
7. Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”
8. Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.
9. A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.
10. Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a qala ho busa naha ya Iseraele, o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, mme a busa ka dilemo tse pedi. Ba morabe wa Juda ke bona feela ba ileng ba latela Davida.
11. Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.
12. Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.
13. Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.
14. Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.” Joabe a re: “Ho lokile!”
15. Ba tla, mme ba balwa; ba leshome le metso e mmedi ba morabe wa Benjamine e le ba Ishe-Boshete, mora wa Saule; ba leshome le metso e mmedi e le bahlanka ba Davida.
16. Motho ka mong a menyana le wa hae, ba tshwarana ka dihlooho, ba hlabana ka disabole dikgopong, yaba ba wela fatshe kaofela, ba a shwa. Ke ka baka leo sebaka seo se Gibeone se ileng sa rewa lebitso la Lebala la Disabole.
17. Mohla letsatsi leo ntwa ya eba e mahlomafubedu. Abinere le bahlabani ba Iseraele ba hlolwa ke bahlabani ba Davida.
18. Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.
19. Asaele a phaladisa Abinere, a mo salama.
20. Yaba Abinere o a hetla, mme o re: “Asaele, na ke wena?” Asaele a araba, a re: “Ke nna!”
21. Abinere a re ho yena: “Tlohela ho mphaladisa, o tshware e mong wa bahlankana, o ikgapele seaparo sa hae sa ntwa.” Empa Asaele a se ke a tlohela ho mo ngwanyamisa.
22. Abinere a boela a re ho Asaele: “Se ka nna nngwanyamisa! O batla hore ke tle be ke o bolaye? Nka shebana jwang le ngwaneno Joabe?”
23. Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele!
24. Empa bo-Joabe le Abishai ba nna ba phaladisa Abinere. Letsatsi la ba dikella leralleng la Amma, e lebaneng le Gia e tseleng e yang lehwatateng la Gibeone.
25. Bana ba Benjamine ba kgobokana ho Abinere, ya eba sehlopha se le seng, ba ema hodima leralla le leng.
26. Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”
27. Joabe a re: “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang, hojane wa se ke wa bua, monna e mong le e mong o ne a ke ke a tlohela ho ngwanyamisa ngwanabo ho fihlela ha bo esa.”
28. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme batho bohle ba ema tlekelele! Ba se ke ba hlola ba phaladisa Baiseraele, mme ba se ke ba hlola ba ba lwantsha.
29. Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.
30. Joabe a tlohela ho ngwanyamisa Abinere, a kgobokanya setjhaba sohle sa hae. Hara bahlabani ba Davida ho ne ho le siyo Asaele le banna ba leshome le metso e robong.
31. Empa bahlabani ba Davida ba ne ba bolaile ba morabe wa Benjamine, e leng bahlabani ba Abinere, ba makgolo a mararo le mashome a tsheletseng.
32. Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.
1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.
2. Ke ho Modimo feela moo moya wa ka o ka phomolang, pholoho ya ka e tswa ho yena.
3. Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.
4. Lona bohle, le tla nne le pheelle ho rusolla motho ho fihlela neng, leha a se a le jwaloka lerako, rako le hlephileng, le motero o nyehlileng?
10. Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka.
11. Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena.
12. Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso.
1. Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne.
2. Feela Jesu ka sebele sa hae o ne a sa kolobetse, empa ho kolobetsa barutuwa ba hae.
3. Jesu a tloha Judea, a boela a ya Galelea.
4. O ne a tshwanetse ho haola ka la Samaria.
5. A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a neng a e nee mora wa hae Josefa.
6. Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
7. Mosadi wa Mosamaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Ako mphe, ke nwe.”
8. Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.
9. Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria.
10. Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: Ako mphe, ke nwe, wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”
11. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?
12. Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?”
13. Jesu a mo araba, a re: “E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla nyorwa hape;
14. athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”
15. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ako mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyorwa, leha e le ho tla kga mona.”
16. Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.”
17. Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: Ha ke na monna,
18. hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.”
19. Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta.
20. Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.”
21. Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.
22. Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.
23. Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela.
24. Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.”
25. Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.”
26. Jesu a re ho yena: “Ke nna ya buang le wena.”
27. Ka nako eo barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ha a bua le mosadi, leha empa ho ne ho se ya reng: “O batla eng, kapa o buelang le yena?”
28. Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, o ya motseng, o re ho batho:
29. “Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”