2. “Ako mamele puo ya ka, o e mamele ka hloko, ho mmamela hoo e be ho nketsetsa matshediso;
3. bea pelo, le nna ke bolele tsa ka, ha ke qetile ebe jwale o a ntshoma.
4. “Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele?
5. Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona.
6. Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha, mmele wa ka wohle o a thothomela.
7. “Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala?
8. Ba bona bana ba bona ba hola, ba bile ba atleha, le tloholo tsa bona ba be ba di bone.
9. Malapa a bona a na le kgotso, a hloka tshabo, kotlo ya Modimo ha e eso ba wele hodimo.
10. Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa.
11. Bashanyana ba bona ha ba etswa e ka re mohlape, bana ba bona ba a tlola, ba a thalaka.
12. Ba bina melodi ka moropa le ka harepa, ba thabela ho utlwa modumo wa lekodilo.
13. Bophelo ba bona ba bo qeta ba atlehile, hanghang ba theohele Nqalong ya Bafu.
14. Feela ba re ho Modimo: Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao!
15. Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng?
16. Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo.
17. “Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile?
18. Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera?
19. Modimo o isa kotlo tsa motho baneng ba hae; eka a ka be a otla yena mo-di-etsi, a mo otle le yena a tla ikutlwele.
20. Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole;
21. hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa.
22. Ke mang ya ka rutang Modimo bohlale, athe Modimo o ahlola le ba lehodimo?
23. “E mong motho o shwa e le sekwankwetla, a kgotsofetse, a bile a iketlile;
24. mmele wa hae o shahlile, o fepehile, moko o tiile ka masapong a hae;
25. e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba;
26. ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko.
27. “Ke tseba ya lona mehopolo, le mano ao le ntherelang wona ke a a tseba.
28. Le ntse le re: Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae?
29. Ha le eso botse bo-mafeta-ka-tsela? Polelo tsa bona ha le di natse, ha ba re:
30. Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?
31. Ya ka mo nyatsang sefahlamahlo ke mang? Ketso tsa hae tsona a ka di ahlolelwa ke mang?
32. Empa o a nkwa, a iswe lebitleng, bitla la hae le lebelwe ka thata.
33. Qubu ya mobu e hodima hae ha e mo imele, batho bohle ba koloka kamora hae, kapele ho yena boiyane bo mo eteletse pele.
34. “Mafeela a lona a ka ntshedisa jwang? Karabo tsa lona di tletse thetso!”
1. Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:
2. “Na motho a ka etsetsa Modimo tse molemo, jwalokaha mohlalefi a iketsetsa tse molemo?
3. Na ke thabo ho Ya Matla wohle haeba o lokile? Kapa o a mo entsha ha tsela tsa hao di hloka kodi?
4. “Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso?
5. Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi!
6. O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.
7. Ba nyorilweng ha o a ka ba nyorolla ka metsi, ba lapileng ha o a ka ba ngwathela letho,
8. le hoja o no le matla, fatshe o le ruile, batho ba o tlotla, o phela ho lona.
9. Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.
10. Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo,
11. fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao.
12. “Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo!
13. Empa wena o re: Modimo o tseba eng? A ka ahlola jwang hara fifi le lekaalokaalo?
14. O hara lesira la maru, a ke ke a tseba ho bona, ha a ntsa ralotsa hopong la lehodimo.
15. “Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?
16. Ba tlositswe nako ya bona e eso fihle, metheo ya bona ya hoholwa ke dikgohola;
17. bona ba itseng ho Modimo: Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang?
18. Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.
19. “Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re:
20. Dira tsa rona di timeleditswe ruri, tlotlo la tsona la tjheswa ke malakabe.
21. “Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo.
22. Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao.
23. Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.
24. Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika,
25. Ya Matla wohle e tla ba yena kgauta ya hao, e be silefera ya hao e hlwekisitsweng.
26. Ya Matla wohle o tla mo thabela, fahleho sa hao se tadime ho Modimo.
27. O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha.
28. Merero yohle ya hao e tla atleha, sedi le kgantshetse tsela tsa hao;
29. hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.
30. Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.”
1. Binelang Morena sefela se setjha, lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena.
2. Binelang Morena, bokang lebitso la hae, ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.
3. Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle.
4. Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.
5. Medimo yohle ya baditjhaba ke mafeelafelane, athe Morena ke yena ya entseng mahodimo.
6. O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae.
6. Se je dijo tsa ya lekgonatha, o se ke wa kgalla dimenyemenye tsa hae,
7. hobane kamehla o nahana theko ya tsona. O re ho wena: “Eja, o nwe,” feela pelo ya hae yona ha e rialo.
8. O tla hlatsa le thathana eo o e jeleng, ebe mantswe a hao a monate a teboho a senyehile.
1. Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.
2. E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela.
3. Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.
4. Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
5. E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.
6. Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.
7. Ha ho le ya mong wa rona ya iphelelang, mme ha ho ya itjhwellang,
8. hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.
9. Kreste o ile a shwa, a ba a tsoha bafung ka lebaka lona lena: hore e tle e be Morena wa ba shweleng le wa ba phelang.
10. Jwale wena o ahlolelang ngwaneno? Wena o nyedisetsang ngwaneno? Bohle le tla ema kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo,
11. hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke hlapanya ka nna, ho rialo Morena, mangwele wohle a tla nkgumamela, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.”
12. Ka baka leo, e mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.
13. Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.
14. Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.
15. Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng.
16. Ka baka leo, seo le reng se molemo ho lona, le se ke la etsa hore se nyefolwe.
17. Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.
18. Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.
19. Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.
20. O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.
21. Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.
22. Tumelo eo o nang le yona tabeng ya dijo, e tsejwe ke wena le Modimo feela. Ho lehlohonolo motho eo letswalo la hae le sa mo ahloleleng seo a reng se lokile.
23. Empa ya belaelang ha a eja, o ahlotswe, hobane ha a je ho ya ka tumelo ya hae. Tsohle tseo motho a di etsang ntle ho tumelo e jwalo, ke sebe.