1. “ Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ho tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ho lona e tla ba letsatsi la ho letsa terompeta.
2. Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.
3. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu;
4. le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng.
5. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, ho o etsetsa tefelo ya sebe.
6. Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.
7. “ Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang, mme le itime dijo. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.
8. Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
9. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e le nngwe;
10. le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng.
11. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e le e eketsang nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, le nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona.
12. “ Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme le etsetse Morena mokete ka matsatsi a supileng.
13. Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha.
14. Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe ya dipohwana tse leshome le metso e meraro; le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe ya dipheleu tse pedi.
15. Le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse leshome le metso e mene.
16. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang neyehelo ya kamehla ya setjheso le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
17. “ Ka letsatsi la bobedi le tla nyehela ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
18. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
19. Le phooko ya nyehelo e tlosang sebe, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona.
20. “ Ka letsatsi la boraro le tla nyehela ka dipohwana tse leshome le motso o mong, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
21. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
22. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
23. “ Ka letsatsi la bone le tla nyehela ka dipohwana tse leshome, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
24. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
25. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
26. “ Ka letsatsi la bohlano le tla nyehela ka dipohwana tse robong, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
27. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
28. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
29. “ Ka letsatsi la botshelela le tla nyehela ka dipohwana tse robedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
30. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
31. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
32. “ Ka letsatsi la bosupa le tla nyehela ka dipohwana tse supileng, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
33. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
34. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
35. “ Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho ya phomolo, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.
36. Empa le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
37. Nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le pohwana, le pheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
38. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
39. “ Dinyehelo tsena le tla nyehella Morena ka tsona mohla mekete ya lona e beilweng, e le tse eketsang dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le tsa dijo, le tsa seno, le tsa teboho. ”
1. Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng:
2. Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.
3. “Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae;
4. eba ntatae o utlwa kano ya hae, kapa boitlamo ba hae, boo a itlamileng ka bona, feela ntatae a sa re letho ho yena, dikano tsohle tsa hae ha di na ho fetoha, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona ha bo na ho fetoha.
5. Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.
6. “Haeba mosetsana eo a nyalwa a ntse a le dikanong tsa hae, kapa a le boitlamong boo a bo entseng a ne a sa imamela hantle,
7. mme monna wa hae a utlwa, feela a sa re letho ho yena mohla a utlwileng, kano eo ya hae e ke ke ya fetoha, le boitlamo boo a itlamileng ka bona bo ke ke ba fetoha.
8. Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.
9. “Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama.
10. “Haeba a entse kano, kapa a etsa boitlamo a sa le lapeng la monna wa hae,
11. eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama.
12. Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.
13. “Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa.
14. “Empa haeba matsatsi a feta ka ho hlahlamana, feela monna wa hae a sa re letho ho yena, e tla ba monna eo o tiisitse dikano tsohle le boitlamo bohle ba mosadi eo, boo a itlamileng ka bona. Tsena o di tiisitse, hobane ha a a ka a re letho ho mosadi, mohla letsatsi leo a neng a di utlwa ka lona.
15. Empa haeba a ka di nyopisa ho se ho fetile nako a di utlwile, monna eo ke yena ya tla jara molato wa mosadi wa hae.”
16. Ena ke yona melao eo Morena a e laetseng Moshe, e pakeng tsa monna le mosadi wa hae, le pakeng tsa ntata le moradi wa hae ya eso nyalwe, ya ntseng a le ka lapeng habo.
15. Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.
16. Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.
17. Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.
18. Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona.
19. Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.
20. Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle.
21. O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha.
22. Bobe bo tla timetsa ya kgopo, ba hloileng ya lokileng ba tla ahlolwa.
30. Tholwana ya ho loka ke sefate sa bophelo, ya bohlale yena o hapa meya ya batho.
31. Ya lokileng o tla fumana moputso a sa phela, ya kgopo le moetsadibe le bona ba tla putswa.
27. Yaba Jesu o re ho bona: “Bohle le tla kweneha, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.
28. “Empa ha ke se ke tsohile bafung, ke tla le etella pele ho ya Galelea.”
29. Petrose a re ho yena: “Leha bohle ba ka kweneha, nna nke ke!”
30. Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.”
31. Petrose a mpa a bua ka matla, a re: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Bohle le bona ba bua jwalo.
32. Yaba ba ya serapeng seo lebitso la sona e leng Gethesemane, mme Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dulang mona ha ke ntse ke rapela.”
33. A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.
34. Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe.”
35. A ya pejana, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etsahala, motsotso oo o tle o mo fete.
36. A re: “Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!”
37. A tla, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Simone, o robetse? Na o sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe?
38. Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
39. A tloha hape ho bona, mme a rapela, a pheta mantswe wona ane.
40. Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. Ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba jwang.
41. Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.
42. Tsohang, a re yeng, ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”
43. A re a sa bua, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo.
44. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, le mo kganne, a se ke a phonyoha.”
45. Hanghang ha a fihla, a toba Jesu, a re: “Moruti!” Yaba o a mo aka.
46. Jwale ba mo tshwara.
47. E mong wa ba neng ba eme moo a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.
48. Jesu a bua, a re ho bona: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le ka dikoto tjee?
49. Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.”
50. Bohle ba mo siya ba baleha.
51. Mohlankana e mong o ne a mo latela, a itshophile ka lesela feela, mme ba mo tshwara.
52. Empa yena a monyoha leseleng, a baleha a le feela.
53. Yaba ba isa Jesu ho Moprista e Moholo, mme baprista ba baholo bohle, le baholo, le Ditsebi tsa Molao ba kopana.
54. Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla kahare ha Moprista e Moholo. A dula le balebedi mollong, a ikomosa.