1. Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.
2. Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.
3. Kahoo ditjhaba tse matla di tla o tlotlisa, metse ya tjhaba tse sehloho e o tshabe,
4. hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,
5. o ka lebatama la letsatsi lehwatateng. Rata la baditjhaba o tla le fedisa; jwalokaha leswiti le kokobetsa motjheso, le pina ya ya sehloho e tla fediswa jwalo.
6. Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.
7. Thabeng ena o tla tlosa lesira, le fifaditseng tjhaba tsohle, a tlose lesela le fifaditseng ditjhaba tsohle.
8. Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.
9. Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”
10. Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.
11. Leha ba ka phakalatsa matsoho a bona hodima moraha, ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa, Morena o tla fedisa boikgantsho ba bona, le hoja matsoho a bona a le bohlale.
12. Qhobosheane e marako a phahameng o tla e heletsa, a e heletse, e burame fatshe, a e heletse, e fetohe lerole.
1. Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena: Re na le motse o matla, ka marako le metero ya wona Modimo o a re pholosa.
2. Bulang menyako ya motse, tjhaba se lokileng se kene, tjhaba se tshepahalang se kene.
3. O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.
4. Itshepele Morena kamehla yohle, hobane Morena Modimo, ke Fika la mehla yohle.
5. Ba tulong tse phahameng o a ba theola, motse o phahameng a o kokobetse, a o heletse o wele fatshe, a o theolele tlase, leroleng.
6. O tla hatakelwa ka maoto, o hatakelwe ke maoto a mafutsana, o hatakelwe ke mehato ya bahloki.
7. Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae.
8. Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.
9. Moya wa ka o o tsetselela bosiu, pelo ya ka le yona e o hlolohetswe haholo. ha kahlolo tsa hao di phethwa lefatsheng, baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka.
10. Leha ba kgopo ba ka hauhelwa, ha ba ke be ba ithute ho loka; leha ba ka phela naheng ya toka, ba tswela pele ho nna ba etsa bokgopo, botlotlehi ba Morena ba se ke ba bo bone.
11. Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.
12. Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.
13. Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang.
14. Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela, ba mabitleng, ba ke ke ba hlola ba tsoha; o ba otlile, wa ba wa ba timetsa, wa etsa hore ba se hlole ba hopoleha.
15. Oho, Morena, o se atisitse setjhaba, o se atisitse, o a tlotleha ke hona; wa namisa meedi ya naha.
16. Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.
17. Jwalokaha moimana ya kgatheng la ho beleha a ye a meneke, a lliswe ke mahlaba a hae, le rona re bile jwalo mahlong a hao Morena.
18. Re ne re le baimana, re meneka ke mahlaba, empa ha re pepa ra beleha moya feela. Fatshe la rona ha re a le tlisetsa pholoho, ba tla aha ho lona le bona ha ba a tswalwa.
19. Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.
20. Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele.
21. Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.
23. Ba bang ba tsamaya lewatleng ka dikepe, ba hweba ka ho haola mawatle.
24. Le bona ba bone mesebetsi ya Morena, le dimakatso tsa hae madibeng.
25. A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle;
26. ba betsetswa hodimodimo, ba theolelwa tlasetlase, ba nyekelwa ke dipelo.
27. Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka matahwa, ba timellwa ke bohlale bohle.
28. Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona.
29. A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa.
30. Ba thaba hobane ho kgutsitse; a ba sesisetsa koung eo ba neng ba leba ho yona.
31. Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.
32. Ba mo tlotlise phuthehong ya setjhaba, ba mo rorise mokgatlong wa ba baholo.
18. Ya etseletsang mohahabo ka leshano ke koto kapa sabole, kapa motsu o ntjhotjho.
19. Ho tshepa molotsana nakong ya ditsietsi ho ka leino le bodileng, kapa leoto le hlotsang.
9. Ra ikutlwa eka re ahloletswe lefu, mme hona ha etsa hore re se ke ra nna ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo ya tsosang bafu;
10. e leng yena ya re pholositseng kotsing e kaalo ya ho shwa, mme o tla boela a re pholose. Re tshepile hore o tla nne a re pholose,
11. ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.
12. Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.
13. Ha re a ka ra le ngolla letho, haese seo le se balang, le se utlwisisang. Empa ke tshepa hore le sa tla utlwisisa ka ho tlala
14. seo le seng le se utlwisisa kammoho, e le hore, Letsatsing la ho tla ha Morena Jesu, le tle le ithorise ka rona, jwalokaha le rona re tla ithorisa ka lona.
15. Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi.