Bibele ka selemo se le seng

1. Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele.
2. Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?” Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.”
3. Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.”
4. Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.”
5. Ha motho a itihela fatshe kapele ho yena, ho isa hlompho, o ne a ye a mo tshware ka letsoho, a mo emise, mme a mo ake.
6. Abosalome a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba ye ba tle ho kgosi, hore ba ahlolelwe. Ka mokgwa ona Abosalome a hapa dipelo tsa bana ba Iseraele.
7. Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena.
8. Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone. ”
9. Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Abosalome a tsamaya, a ya Heborone.
10. Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone! ”
11. Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.
12. Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha.
13. Leqosa la fihla ho Davida, la re: “Abosalome o hapile banna ba Iseraele.”
14. Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”
15. Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.”
16. Kgosi ya tswa motseng le bohle ba lelapa la yona, ya siya basadi ba leshome, bao e neng e le basadi ba mafielo ba yona, hore ba hlokomele lelapa.
17. Kgosi ya fela ya tswa le setjhaba sohle sa yona, ya fihla ya emisa tlung ya ho qetela.
18. Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.
19. Yaba kgosi e re ho Itai wa Mogate: “O tsamaelang le rona? Kgutla, o yo dula le kgosi, hobane o moditjhaba, o bile o balehile naheng ya heno.
20. O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”
21. Itai a araba kgosi, a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka monga ka, kgosi ya ka e phelang, moo monga ka, kgosi ya ka, a tla ba teng, ebang o tla shwa kapa a phele, le hona moo mohlanka wa hao o tla ba hona teng.”
22. Davida a re ho Itai: “Tsamaya, o fetele pele.” Itai wa Mogate a fetela pele le banna bohle ba hae, le bana bohle bao a neng a ena le bona.
23. Baahi bohle ba naha ba bokolla haholo, ha setjhaba sohle se fetela pele. Ha kgosi e tshela molatswana wa Kiderone, setjhaba sohle sa fetela pele, ka tsela e yang lehwatateng.
24. Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng.
25. Kgosi ya re ho Sadoke: “Kgutlisetsa areka ya Modimo motseng; haeba Morena a ka nkgauhela, o tla nkgutlisa, mme a mpontshe yona le leaho la hae.
26. Empa haeba Morena a ka re: Ha o nkgahle, bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”
27. Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.
28. Bona, ke tla emisa diphuleng tse lehwatateng, ho fihlela ke fumana molaetsa o tswang ho lona.”
29. Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng.
30. Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.
31. E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”
32. Ha Davida a se a fihlile kahodima tlhoro ya thaba, moo a neng a tlwaetse ho kgumamella Modimo teng, a bona ho fihla Hushai wa Moareke, seaparo sa hae se hahohile, a itshetse ka lerole hloohong.
33. Davida a re ho yena: “Ha o ka fetela pele le nna, o tla nkgoka.
34. Ha o ka kgutlela motseng, wa re ho Abosalome: Oho, kgosi, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke nnile ka ba mohlanka wa ntatao, ka mokgwa o jwalo ke tla ba mohlanka wa hao, mme ka ho etsa jwalo o tla tseba ho nnyopisetsa dikeletso tsa Ahitofele.
35. Ha ke re hona moo le na le bo-Sadoke le Abiatare? Ka baka leo, ntho efe kapa efe eo o utlwang e buuwa lapeng la kgosi, o e sebele baprista, bo-Sadoke le Abiatare.
36. Ba na le bara ba bona ba babedi hona moo, e leng Ahimase, mora wa Sadoke, le Jonathane, mora wa Abiatare, mme ntho efe kapa efe eo le e utlwang le tla ntsebisa yona ka bona.”
37. Yaba Hushai, motswalle wa Davida, o fihlellana le Abosalome motseng wa Jerusalema.
1. Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine.
2. Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?” Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.”
3. Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate. ”
4. Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”
5. Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.
6. Monna enwa a kurutlela Davida ka majwe, a kurutlela le bahlanka bohle ba kgosi Davida, le batho bohle, le bahale bohle ba neng ba mo teetse hare.
7. Shimei ha a hlapaola Davida o ne a re: “Tloha mona! Tloha mona, wena mmolai towe ya kgopo!
8. Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!”
9. Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”
10. Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: Hlapaola Davida! Jwale ke mang ya ka reng ho yena: Ke hobaneng ha o etsa tjee? ”
11. Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.
12. Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”
13. Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole.
14. Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo.
15. Abosalome le setjhaba sohle, le banna ba Iseraele, ba fihla Jerusalema, ba ena le Ahitofele.
16. Ha Hushai wa Moareke, motswalle wa Davida, a fihla ho Abosalome, a re ho yena: “Re phelele kgosi! Re phelele kgosi!”
17. Abosalome a re ho Hushai: “Na o hlile o rata motswalle wa hao? Ke hobaneng o sa tsamayeng le yena?”
18. Hushai a re ho Abosalome: “Tjhe, eo Morena le setjhaba sena sa Iseraele ba mo kgethileng, ke yena eo ke tla etsa thato ya hae, mme ke yena eo ke tla ba le yena.
19. Ebe ke ne nka sebeletsa mang, haese mora wa hae? Ke tla o sebeletsa jwalokaha ke ile ka sebeletsa ntatao.”
20. Jwale Abosalome a re ho Ahitofele: “Ako re eletse hore na re etse jwang.”
21. Ahitofele a re ho Abosalome: “Eya o kene dikobong tsa basadi ba ntatao ba mafielo, bao a ba siileng hore ba hlokomele lelapa. Ha Baiseraele ba utlwa hore o kgopisitse ntatao, balatedi ba hao bohle ba tla tiya moko.”
22. Yaba bahlanka ba Abosalome ba mo hlomela tente kahodima ntlo, mme a kena dikobong tsa basadi ba ntatae ba mafielo, moo Baiseraele ba ntseng ba mmona.
23. Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.
8. Bokang Modimo wa rona, lona ditjhaba, utlwahatsang thoriso ya hae.
9. Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.
10. Modimo, o ile wa re hlahloba, wa re hlwekisa seboping jwaloka silefera;
11. wa re tshwasa ka letlowa, wa re belesa mojaro o boima;
12. wa dumella batho ho re hata melala, ra feta hara mollo le metsi; wa ntano re kgatholla haholo.
13. Ke tla ya tlung ya hao ke nkile setjheso, ke o phethele dikano tsa ka,
14. tseo ke di buileng ka molomo wa ka, ka di bolela ke le matshwenyehong.
15. Ke tla o nyehella ka ditjheso, ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng, le ka setjheso sa dipheleu, setjheso se monko o monate, ke o hlabele dipohwana le diphooko.
27. Senokwane se rera bobe, molomong wa sona ho tswa tse tjhesang sa malakabe.
28. Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.
29. Motho ya dikgoka o hohela ya ahisaneng le yena, a mo tsamaise tseleng tse sa lokang,
30. Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse.
1. Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
2. Mokete wa Bajuda wa Maphephe o ne o le haufi.
3. Yaba bana babo ba re ho yena: “Tloha mona, o ye Judea, hore le barutuwa ba hao ba bone mesebetsi eo o e etsang,
4. hobane ha ho ya etsang letho sephiring, ha a batla ho ba pepeneneng. Ha o etsa tsena, iponahatse ho lefatshe.”
5. Esitana le bana babo ba ne ba sa dumele ho yena.
6. Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla.
7. Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.
8. Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.”
9. Hoba a ba bolelle tsena, a sala Galelea.
10. Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ka lenyele, e seng ka ho totobala, empa sephiring.
11. Jwale Bajuda ba mmatla moketeng, ba re: “O kae?”
12. Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.” Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”
13. Leha ho le jwalo ho ne ho se ya buang ka yena pepeneneng ka baka la ho tshaba Bajuda.
14. Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a ya ka Tempeleng, a ruta.
15. Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”
16. Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng;
17. ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.
18. Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.
19. Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”
20. Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”
21. Jesu a ba araba, a re: “Ke entse ketso e le nngwe, mme le maketse bohle.
22. Moshe o le neile lebollo, e seng hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho baholoholo, mme le bolotsa motho ka Sabatha.
23. Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?
24. Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.”
25. Ba bang ba Jerusalema ba re: “Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya?
26. Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste?
27. Empa re tseba moo motho enwa a tswang teng; ha Kreste a etla, ha ho ya tla tseba moo a tswang teng.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.