Bibele ka selemo se le seng

1. Elehu a bua hape, a re:
2. “Na o bona ho nepahetse ha o re: Nna ke lokile ho feta Modimo?
3. O re ho yena: Molemo ke ofe oo ke tla o bona? ke tla boellwa keng ka ho se etse sebe?
4. “Jwale nna polelo tsa hao ke tla di araba, le tsona tsa metswalle ya hao.
5. Lelalla mahodimong o ke o bone, tadima maru a o phahametseng.
6. Ha o etsa sebe Modimo o mo senyetsa eng? Ha o ngatafatsa tshito tsa hao, hoo hona ho mo etsetsa eng?
7. Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao?
8. Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.
9. “Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.
10. Empa ha ho ya reng: Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu,
11. ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?
12. Leha ba ipiletsa, yena ha a arabe, ka baka la boikakaso ba ba etsang bokgopo.
13. Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa.
14. “A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela?
15. O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse.
16. Ka baka lena, Jobo o bua feela, o pepeta haholo, feela a se na tsebo.”
1. Elehu a tswela pele, a re:
2. “Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng.
3. Tsebo ke tla e fuputsa hole le hohle, ha ke buella ho loka ha Mmopi wa ka.
4. Polelo tsa ka hase tsa bosawana; ya buang le wena ke monna wa mohlalefi.
5. “Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng.
6. A ke ke a tlohela moetsadibe a phela, empa mafutsana o a sebeletsa ka toka.
7. Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle.
8. Empa ha ba tlamilwe ka mahlaahlela, ba bofilwe ka kgwele tsa tlokotsi,
9. o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho.
10. O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo.
11. Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile.
12. Empa ha ba ithiba ditsebe, ba sa mamele, lefu la bona e tla ba la sabole, ba be ba shwe tsebo ba se na yona.
13. “Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso.
14. Ba shwa ba sa le batjha, ba shwe ba phela le bo-ramaotwana.
15. Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho.
16. “Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle!
17. Kahlolo ya ba kgopo e o wetse hodimo, kahlolo le toka di se di o maname.
18. Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa.
19. Ha o llela thuso, maruo a hao a ke ke a o tswela molemo, kapa matla a hao a o ntsha tsietsing tsa hao.
20. Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona.
21. Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi.
22. “Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena?
23. Tsela ya hae o e kgethetswe ke mang? Ke ofe ya ka reng ho yena: Mona jwale o fositse?
24. Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela.
25. Batho bohle ba bone mesebetsi eo, ba e boha ba le hole le yona.
26. Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela.
27. “O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula.
28. Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho.
29. Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?
30. Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma.
31. Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala.
32. O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng.
33. Letolo ke selelekela sa sefefo sa hae, ho tla ha sona le diphoofolo di a ho tseba.”
1. Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.
2. Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle.
3. Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela.
4. O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.
5. Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.
6. Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba,
7. a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona.
8. Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona.
9. Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela.
22. Mamela ntatao ya o tswetseng, O se nyedise mmao ha a tsofetse.
23. Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.
24. Ntata ya lokileng o nyakalla haholo; ya nang le mora ya bohlale o itumela ka yena.
25. Ntatao le mmao ba ke ba thabe, mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle!
1. Re ke re tadingwe re le basebeletsi ba Kreste le baokamedi ba sebetsanang le diphiri tsa Modimo.
2. Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.
3. Ho nna ha ho na taba ha ke ahlolwa ke lona kapa ke lekgotla la lefatshe; esita le nna ha ke ikahlole.
4. Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.
5. Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.
6. Jwale, bana beso, ke tshwantshitse tsena ka rona le Apolosi ka baka la lona, e le hore le tle le ithute ka rona ho se feteletse se ngotsweng. Ho se be ya itjang ka e mong, empa a nyedisa e mong.
7. Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?
8. Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona!
9. Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.
10. Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.
11. Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.
12. Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella;
13. ha ba re senya mabitso, re phaphatha kgotso. Re fetohile dithole ho lefatshe lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela jwale.
14. Ha ke le ngolle tsena ho le hlabisa dihlong, empa ke le ngolla ho le laya le le bana ba ka ba ratehang.
15. Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.
16. Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka.
17. Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe.
18. Ba bang ba ikgohomosa jwalokaha e ka ha ke sa tla le etela.
19. Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo,
20. hobane Mmuso wa Modimo hase wa puo ya molomo, ke wa diketso.
21. Jwale le ikgethelang? Hore ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka mosa?
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.