1. Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya,
2. Hilekiya ya tswetsweng ke Shalome, Shalome ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ke Ahitube,
3. Ahitube ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Meraote,
4. Meraote ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Usi, Usi ya tswetsweng ke Buki,
5. Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone.
6. Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.
7. Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.
8. Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, Esera a fihla Jerusalema.
9. O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse.
10. Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.
11. Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:
12. “Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!
13. “Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.
14. O rometswe ke kgosi le baeletsi ba yona ba supileng, ho ya fuputsa ditaba tsa Juda le tsa Jerusalema, mabapa le Molao wa Modimo wa hao, o letsohong la hao.
15. O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo.
16. O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.
17. “Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema.
18. “Ka silefera le kgauta e tla sala, wena le bana beno le etse ka yona seo le bonang se le molemo, ho phetha thato ya Modimo wa lona.
19. Le thepa eo o e filweng, ya ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo wa hao, o neelane ka yona ho Modimo wa Jerusalema.
20. Dintho tse ding, tse ka hlokwang bakeng sa Tempele ya Modimo wa hao, tseo o lokelang ho fana ka tsona, o di nke letloleng la matlotlo a kgosi.
21. “Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko.
22. Ba mo nee silefera e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le koro e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse leshome, le dilethara tsa veine tse sa feteng dikete tse pedi, le dilethara tsa ole ya mohlwaare tsa sa feteng dikete tse pedi, le letswai le lengata hoo le ke keng la lekanngwa.
23. Tsohle tseo Modimo wa mahodimo a laetseng hore di etswe, di etsetswe Tempele ya Modimo wa mahodimo ka hloko, esere Modimo a halefela kgosi le bara ba yona.
24. Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.
25. “Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona.
26. Mang kapa mang ya sa phetheng Molao wa Modimo wa hao, le molao wa kgosi, a fele a ahlolwe; e ka ba ka ho mo ahlolela lefu, kapa ka ho mo falatsa, kapa ka ho mo ja thepa, kapa ka ho mo kenya tjhankaneng.”
27. Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,
28. ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.”
1. Bana ke tsona dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, e leng lenane la meloko ya ba ileng ba kgutla Babilona, ba ena le nna, Esera, mehleng ya puso ya kgosi Aretaseresese.
2. Ho ba lelapa la Finease ke Gereshome, ho ba lelapa la Itamare ke Daniele, ho ba lelapa la Davida ke Hatushe.
3. Ho ba lelapa la Shekaniya, e leng ditloholo tsa Paroshe, ke Sekariya, eo ba batona, ba leloko la hae, e neng e le lekgolo le mashome a mahlano.
4. Ho ba lelapa la Pahate-Moabe ke Eleunai, mora wa Seraya, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mabedi.
5. Ho ba lelapa la Satu ke Shekaniya, mora wa Jahasiele, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mararo.
6. Ho ba lelapa la Adine ke Ebede, mora wa Jonathane, ya neng a ena le ba batona ba mashome a mahlano.
7. Ho ba lelapa la Elame ke Jeshaya wa Ateleya, ya neng a ena le ba batona ba mashome a supileng.
8. Ho ba lelapa la Shefatiya ke Sebadiya, mora wa Mikaele, ya neng a ena le ba batona ba mashome a robedi.
9. Ho ba lelapa la Joabe ke Obadiya, mora wa Jehiele, ya neng a ena le ba batona ba makgolo a mabedi le leshome le metso e robedi.
10. Ho ba lelapa la Bani ke Shelomite, mora wa Josefiya, ya neng a ena le ba batona ba lekgolo le mashome a tsheletseng.
11. Ho ba lelapa la Bebai ke Sekariya, mora wa Bebai, ya neng a ena le ba batona ba mashome a mabedi a metso e robedi.
12. Ho ba lelapa la Asegade ke Johanane, mora wa Hakatane, ya neng a ena le ba batona ba lekgolo le leshome.
13. Ho ba lelapa la ho qetela la Adonikame, ba ho qetela ke Elefelede, le Jeuele, le Shemaya, ba neng ba ena le ba batona ba mashome a tsheletseng.
14. Ho ba lelapa la Bigifai ke Utai, le Sabude, ba neng ba ena le ba batona ba mashome a supileng.
15. Ka ba kgobokanyetsa bohle pela noka e fetang Ahafa. Ra hlola moo ka matsatsi a mararo, re le ka ditenteng. Ka hlahloba setjhaba, le baprista, mme hara bona ka fumana ho se le ya mong wa bara ba Levi.
16. Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale.
17. Ka ba romela ho Ido, mmusisi wa sebaka se bitswang Kasipia, ka ba laela seo ba tshwanetseng ho se bolella Ido, le bana babo, e leng basebeletsi ba Tempele, ba sebakeng sona seo sa Kasipia, hore ba re tlisetse basebeletsi ba Tempele ya Modimo wa rona.
18. Ka lehlohonolo le tswang ho Modimo wa rona, ba re romela Sherebiya, monna ya nang le kutlwisiso, e leng e mong wa bara ba Mahadi, mora wa Levi, setloholo sa Iseraele. O ne a ena le bara ba hae, le bana babo, kaofela ba le leshome le metso e robedi,
19. le Hashabiya, a ena le Jeshaya, e leng e mong wa bara ba Merari, le bana babo, le bara ba hae, kaofela ba le mashome a mabedi.
20. Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.
21. Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.
22. Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”
23. Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.
24. Yaba ke kgethela kathoko baprista ba baholo, ba leshome le metso e mmedi, le Sherebiya, le Hashabiya, le bana babo bona ba leshome.
25. Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.
26. Ka ba nea silefera e etsang boima ba dithane tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le thepa e entsweng ka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le e entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane,
27. le dikotlolo tse mashome a mabedi, tse entsweng ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse pedi, tse entsweng ka lethose leo e leng la bohlokwa jwaloka kgauta.
28. Yaba ke re ho bona: “Le a halalela mahlong a Morena, le thepa ena e a halalela. Silefera le kgauta tsona ke nyehelo ya boithaopo, e etsetswang Morena Modimo wa bontata lona.
29. Di hlokomeleng, le di boloke, ho fihlela le di lekanya hape kapele ho baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, le le Jerusalema, ka dikamoreng tsa Tempele ya Morena.”
30. Yaba baprista, le Balevi, ba nka morwalo oo wa silefera, le wa kgauta, le wa thepa, le wa dijana, ba o isa Jerusalema ka Tempeleng ya Morena.
31. Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.
32. Ra fihla Jerusalema, ra hlola teng matsatsi a mararo.
33. Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.
34. Tsohle tsa balwa, tsa bewa sekaleng, mme boima ba tsona ba ngolwa.
35. Bao e neng e le bathopuwa ba etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso ka dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le ka dipheleu tse mashome a robong a metso e tsheletseng, le ka dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, e le nyehelo ya Baiseraele bohle. Ba etsa le nyehelo ya sebe ka diphooko tse leshome le metso e mmedi. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.
36. Ba neelana ka ditaelo tsa kgosi ho balebedi ba kgosi, le ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Bao ba thusa setjhaba, ba thusa le Tempele ya Morena.
1. Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho.
2. Morena, wena Modimo, ke wena mopholosi wa ka, ke lla ho wena motsheare le bosiu.
3. Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena, o sekehele sello sa ka tsebe.
4. Moya wa ka o teteditswe ke tse bohloko, bophelo ba ka bo dintshing, dintshing tsa Nqalo ya Bafu.
5. Ke se ke balellwa hara ba theohelang lebitleng, ke feletswe ke matla ho hang.
21. Ya thahasellang ho loka le lerato o tla fumana bophelo le toka le tlotla.
22. Ya bohlale o hlasela qhobosheane ya bahale, a heletse marako ao ba a tshepileng.
16. Empa motjhana wa Paulosi ha a utlwa tsa ho lallwa hoo, a ya, a kena qhobosheaneng, mme a tsebisa Paulosi.
17. Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.”
18. Eo a mo nka, a mo isa ho molaodi wa ba sekete, a re: “Motshwaruwa Paulosi o ile a mpitsa, a nkopa ho tlisa mohlankana enwa ho wena, hobane o na le seo a ratang ho o bolella sona.”
19. Molaodi a mo tshwara ka letsoho, a mo nkela thokwana, mme a mmotsa, a re: “Ke sefe seo o ratang ho mpolella sona?”
20. A re: “Bajuda ba dumellane hore hosasane ba o kope ho theolela Paulosi kgotla, e ke hoja ba tlilo mmotsisisa hantle ka tsa hae.
21. Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”
22. Yaba molaodi wa ba sekete o lokolla mohlankana hore a tsamaye, a mo laela, a re: “O se ke wa bolella motho hore o ntomme tsebe.”
23. Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.
24. Le dipere di be teng, ba tle ba palamise Paulosi, ba yo mo fihlisa ho mmusisi Felekise a sa hlahelwa ke kotsi.”
25. Yaba o ngola lengolo le reng:
26. “Nna, Tlelaudiose Losiase, ke dumedisa Mohlomphehi ya kgabane, mmusisi Felekise.
27. Monna enwa o na tshwerwe ke Bajuda, mme ba le lekgatheng la ho mmolaya. Ha ke utlwa hore ke Moroma, ka fihla ka bahlabani, ka mo namolela.
28. Kaha ke ne ke rata ho tseba ka ho tlala seo ba mo qosang ka sona, ke ile ka mo isa lekgotleng la bona.
29. Ke fumane hore ha ho letho leo a qoswang ka lona le tshwanelwang ke lefu kapa tjhankana; o qoswa ka kgang e amanang le Molao wa bona.
30. Eitse hoba ke longwe tsebe hore monna enwa o rerilwe, ka mo romela ho wena ka potlako, ka laela le baqosi ba hae hore ba tlo bolela kapele ho wena seo ba mo qosang ka sona.”
31. Jwale bahlabani, kamoo ba laetsweng kateng, ba nka Paulosi le bosiu, ba mo isa Antipaterise.
32. Ka la hosasane ba maoto ba kgutlela qhobosheaneng, ba siya bapalami ho tswela pele le yena.
33. Ha ba fihla Sesaria ba neelana ka lengolo la mmusisi, mme ba siya Paulosi matleng a hae.
34. Hoba mmusisi a bale lengolo, a mmotsa hore na ke wa hokae. Ha a utlwile hore o tswa Silesia, a re:
35. “Ke tla o mamela ha baqosi ba hao le bona ba se ba fihlile.” Mmusisi a laela hore Paulosi a bolokwe tlung ya Heroda ya bokgosi.