1. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.
2. Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.
3. Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana.
4. Ka baka leo, hlokomela hle, o se ke wa ba wa nwa veine, kapa seno se tahang; o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng.
5. Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.”
6. Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae.
7. O ile a re ho nna: Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa nwa veine, kapa seno se tahang, mme o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng, hobane ho tloha popelong, ho fihlela a eshwa, ngwana eo e tla ba mokgethwa wa Modimo. ”
8. Jwale Manowa a rapela Morena, a re: “Oho, Morena, moromuwa wa Modimo, eo o ileng wa mo roma, a ke a tle ho rona hape, ke a o kopa, a tlo re ruta seo re tla se etsa ho ngwana ya tla tswalwa.”
9. Modimo a mamela kopo ya Manowa, mme lengeloi la Morena la boela la fihla ho mosadi a ntse a dutse hara tshimo, empa Manowa, monna wa hae, o ne a le siyo moo ho mosadi.
10. Mosadi a matha ka potlako, a ya bolella monna wa hae, a re ho yena: “Hela, monna yane ya ileng a fihla ho nna ka tsatsi lane, o boetse o itlhahisitse ho nna hape.”
11. Manowa a ema, a latela mosadi wa hae; a fihla ho monna eo, mme a re ho yena: “Na ke wena monna ya ileng a bua le mosadi eo?” Yaba monna eo o re: “Ke nna.”
12. Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”
13. Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Ho hlokomelwe tsohle tseo ke di boleletseng mosadi.
14. Mosadi a se ke a ja letho la tsohle tse tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se tahang, mme a se ke a ja ntho efe kapa efe e silafetseng. A ke a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.”
15. Manowa a re ho lengeloi la Morena: “A re ke re o tshwarelle ho se hokae, re ke re o hlabele potsanyane.”
16. Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Le hoja le ntshwarella, nke ke ka ja dijo tsa lona, empa haeba le etsa nyehelo ya setjheso, le e nyehelle Morena.” Manowa o ne a sa tsebe hore eo ke lengeloi la Morena.
17. Manowa a boela a re ho lengeloi la Morena: “Lebitso la hao o mang, e le hore ha dipolelo tsa hao di phethahala re tle re o tlotle?”
18. Yaba lengeloi la Morena le re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpotsa lebitso la ka, empa lebitso la ka e le sephiri?”
19. Yaba Manowa o nka potsanyane, le nyehelo ya dijo, mme o nyehella Morena ka tsona hodima lefika. Ha bo-Manowa le mosadi wa hae ba shebeletse, Morena a etsa ntho e hlollang,
20. lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho.
21. Empa lengeloi la Morena la se ke la hlola le itlhahisa ho Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a tseba hore efela e ne e le lengeloi la Morena.
22. Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”
23. Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.”
24. Mosadi a beleha ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Samosone. Ngwana a nna a hola, mme Morena a mo hlohonolofatsa.
25. Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.
1. Samosone a theohela Timina, mme ha a le hona teng a kgahlwa ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita.
2. A nyolohela ha habo, mme a bolella batswadi ba hae, a re: “Ke kgahlilwe ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita, mane Timina. Ka baka leo, nqelleng yena hore e be mosadi wa ka.”
3. Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?” Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”
4. Empa batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore hona ho tswa ho Modimo, hobane a ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilesita. Ka yona nako eo Bafilesita ba ne ba busa Baiseraele.
5. Jwale Samosone a theohela Timina a ena le batswadi ba hae. Ha ba fihla masimong a morara a Timina, tawana ya purumela Samosone.
6. Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.
7. A theohela Timina, a buisana le morwetsana eo, mme morwetsana eo a kgahla Samosone haholo.
8. Kamora matsatsi a se makae, a kgutlela hape ho ya mo nyala. A kgelohela kathoko ho ya bona sefifi sa tawana, mme a fumana dinotshi di hahetse ka sefifing seo, di behetse mahe.
9. A ntshetsa dinotshi tseo ka matsoho, a tswela pele, a tsamaya a ntse a eja. Yaba o kgutlela ho batswadi ba hae, a fihla a ba fa mahe a dinotshi, mme ba eja. Empa a se ke a ba bolella hore o ntsheditse mahe ana a dinotshi ka sefifing sa tawana.
10. Ntatae a theohela habo morwetsana, mme Samosone a etsa mokete teng, hobane hona e ne e le tlwaelo ya bahlankana.
11. Ha Bafilesita ba mmona, ba romela bahlankana ba mashome a mararo ho ya hlola le yena.
12. Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.
13. Empa haeba le hlolwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona ba tla nnea dihempe tse mashome a mararo, tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.” Yaba ba re ho yena: “Re lothe, re ke re utlwe!”
14. A ba lotha, a re: “Dijewang di tswile ka ho maja, dimonate di tswile ka ho ya matla.” Ba hlolwa ho hlalosa selotho ka matsatsi a mararo.
15. Ka letsatsi la bosupa ba re ho mosadi wa Samosone: “Qeka monna wa hao hore a re hlalosetse selotho sena, esere ra o tjheseletsa ka tlung ya ntatao. Na le re memetse ho tla re futsanehisa? Ha ho jwalo?”
16. Mosadi wa Samosone a itshela ka dikgapha, a re ho yena: “Ruri o ntlhoile, ha o nthate. O lothile baheso, empa ha o eso ntlhalosetse selotho seo.” Yaba Samosone o re ho yena: “Bona mona, esita le batswadi ba ka ha ke a ka ka ba bolella. Jwale wena o re ke o bolelle?”
17. A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.
18. Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena: “Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe? Ho matla ho feta tau ke hofe?” Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!”
19. Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo.
20. Yaba mosadi wa Samosone o newa molekane wa Samosone, eo e neng e le moetsana wa hae.
16. Empa ho ya kgopo Modimo o re: “O na le tokelo efe ya ho bolela melao ya ka, kapa ho boledisa selekane sa ka, o se boledisa ka molomo wa hao,
17. athe o hloile ho kgalemelwa, o lahlile mantswe a ka ho hang?
18. Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe.
19. O dumella molomo wa hao ho bua tse mpe, leleme la hao le loha mano.
20. O duletse ho bua ngwaneno hampe; o silafatsa ngwana mmao.
21. Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.
22. “Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.
23. Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”
29. Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.
30. Pelo e nang le kgotso e phedisa motho hantle, empa mona o bodisa masapo a motho.
20. Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;
21. hape ho ke be ha thwe: Bonang, o mona, kapa o mane! Mmuso wa Modimo o hara lona.”
22. A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.
23. Ba tla re ho lona: Bonang, o mane! kapa: Bonang, o mona! Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.
24. Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.
25. Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.
26. “Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:
27. batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.
28. “Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha.
29. Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.
30. “Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona.
31. Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae.
32. Hopolang mosadi wa Lota.
33. Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.
34. Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe;
35. basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe.
36. Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.”
37. Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.”