1. “Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama?
2. Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa?
3. Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise?
4. Na e tla etsa tumellano le wena, hore e be kgoba la hao kamehla yohle?
5. O tla e bapadisa sa ha o bapadisa nonyana, kapa o e holehele bananyana ba hao?
6. Na bahwebi ba heno ba tla e tsekisana ka theko, kapa ba e arolele bareki?
7. Na ka dikwebe tlalo la yona o ka le phunya, kapa ka tsenene hlooho ya yona o ka e hlaba?
8. Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape!
9. “Tshepo ya ho e hlola ke lefeelafeelane, motho ha a e bona pelo ya hae e a nyahama.
10. Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo?
11. Ya ntsekisang molato ke ofe, ke tsebe ho mo lefela? Ditsohletsohle tlasa lehodimo ke tsa ka.
12. “Ha nka ke ka tlohela ho bua ka ditho tsa kganyapa, ka matla a yona le bopeho se kgahlehang sa yona.
13. Bokantle ba tlalo la yona bo ka ebolwa ke mang? Ya ka atamelang ke mang, a e kenya tomo hanong?
14. Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha!
15. Mokokotlo wa yona o kwahetswe ke makgekgebu, makgekgebu a momahaneng eka a manamisitswe ka boka;
16. a momahane haholo, moya o ke ke wa tswa pakeng tsa wona.
17. A kopantswe hathatathata, a momahane hoo a ke keng a arohanngwa.
18. Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha.
19. Malakabe a tlola ka molomong wa yona, tlhase di betseha seka motjhotjhonono.
20. Mosi o foqoha ka nkong tsa yona, jwaloka mosi ha pitsa e mollong wa ditlhaka e bela.
21. Moya wa yona o butswela mashala a hlene, malakabe a tlole ka hanong la yona.
22. Molala wa kganyapa o shidikane, ba e bonang ba phakgasela ke tshabo.
23. Maphutha a tlalo la yona a momahane, a sataletse, a ke ke a sisinyeha.
24. Bothata ba pelo ya yona ekare ba lejwe, bothata ba yona bo tshwana le ba lwala la moralla.
25. Ha e soballa natla di a phakgasela, di suthe kapele ho yona ke tshabo.
26. Kahodima yona ho kuba sabole, ho kube lerumo, le motsu, le yona tsenene!
27. Ho yona tshepe e tshwana le setoroi feela, lethose le tshwana le patsi e bodile.
28. Ha e balehiswe ke metsu e betswa, majwe a letjeketjane a ka mmoko ho yona.
29. Ho yona koto e tshwana le setoroi feela, ho shohlomana ha marumo ho a e keketehisa.
30. Mpa e makgekgebu a thata sa mangetana, e siya mohlala jwaloka selei se hulwa seretseng.
31. E tsapodisa madiba jwaloka pitsa e bela, lewatle le bele sa pitsa e phehile mafura.
32. Tseleng e siya mophula wa metsi a benyang lekweba, o ka re moriri o moputswa o metse lewatleng.
33. Fatsheng lohle kganyapa ke torobela, ke bopuwa se sa bopellwang le tshabo.
34. Tsohle tse mabela e di shebela maotong, ke kgosi ya batana tsohle tse ikakasang.”
1. Yaba Jobo o araba Morena, o re:
2. “Ke a tseba hore tsohle o ka di etsa, le hore ha ho morero o ka o sitang.
3. O ila botsa, wa re: Ya sitisang merero ya ka a se na tsebo, ke mang? Ke kahoo ke reng: Ke buile ka tseo ke sa di utlwisiseng, tse makatsang haholo hoo ke sa di tsebeng.
4. “Yaba o re: Mamela jwale, mme nna ke tla bua. Ke tla o botsa dipotso, wena o nkarabe.
5. Ke utlwile feela ha o ntso bolelwa, empa jwale ke o bone ka mahlo a ka.
6. Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.”
7. Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.
8. Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”
9. Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo.
10. Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.
11. Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.
12. Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.
13. A ba a ba le bara ba supileng le baradi ba bararo.
14. Moradi e moholo a mo rea lebitso la Jemima, wa bobedi a mo rea la Kesia, wa boraro a mo rea la Kerene-Hapuke.
15. Naheng eo yohle ha ho a ka ha eba le barwetsana ba batle jwaloka baradi bao ba Jobo. Ntata bona a ba abela lefa jwalokaha a ile a abela bana babo bona.
16. Kamora mona, Jobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane. A bona bana ba hae le ditloholo le ditloholwana tsa hae ho ya fihla molokong wa bone.
17. Jobo a shwa a se a tsofetse haholo, dilemo tsa hae di le ngata.
5. Ya etseletsang wa habo sephiring ke tla mo timetsa, nke ke ka mamella moikgantshi le moikgohomosi.
6. Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang, ba tshepahalang, ba lefatshe lena, ba tle ba ahisane le nna; ya tsamayang ka tsela e lokileng ke yena ya tla ntshebeletsa.
7. Ya sebetsang bolotsana a ke ke a phela tlung ya ka; ya bolelang leshano a ke ke a ema kapele ho nna.
8. Hoseng ho hong le ho hong ke tla timetsa bohle ba kgopo, ba kgopo ba lefatshe lena, ke fedise bohle ba etsang tse mpe, ba di etsang motseng wa Morena.
31. O se ke wa tadima veine ha e le kgubedu, ha e phophoma kahara mopotjwana, ha e re lelele! hamonate mmetsong.
32. E qetella ka ho loma jwaloka noha, mahloko a tjhatjhametse jwaloka a marabe.
33. Mahlo a hao a tla bona pono disele, kelello ya hao e nahane dintho tse ferekanyang.
34. O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe.
35. O tla re: “Ba nkotlile, empa ha ke a utlwa bohloko! Ba ntjhapile, empa ha ke utlwe letho! Ekaba ke tla tsoha neng, ke tswe ke tshwara mohotswana, ke o tshwara hape?”
1. Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi.
2. Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.
3. Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae.
4. Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae.
5. Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.
6. Ke bua tjena ka ho le hauhela e seng ka ho le laela.
7. Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.
8. Ho masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re: Ho molemo ha ba ka itulela jwaloka nna.
9. Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso.
10. Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae.
11. Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.
12. Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena.
13. Le mosadi ha a ena le monna eo e seng modumedi, mme a kgotsofalla ho nna a phela le yena, a se ke a hlala monna eo.
14. Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela.
15. Haeba eo e seng modumedi a rata ho hlala mohatsa hae wa modumedi, a mo hlale. Modumedi wa monna kapa wa mosadi ha a ya tlangwa ke letho tabeng tse jwalo. Modimo o le bitseditse hore le phedisane ka kgotso.
16. Wena mosadi, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa mosadi wa hao na?
17. E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.
18. Ha motho a bitswa a se a bolotse, a se ke a iketsa leqai; ha a bitswa e le leqai, a se ke a bolla.
19. Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.