Bibele ka selemo se le seng

1. “Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo;
2. eba pontsho eo, kapa mohlolo oo, o a phethahala, mme a re ho lona: A re lateleng medimo e meng, eo le sa kang la e tseba, re e sebeletse;
3. lona le se ke la mamela polelo ya moporofeta eo, kapa ya molori eo, hobane Morena Modimo wa lona, o a le leka, ho bona hore na le rata Morena Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.
4. Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.
5. Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona.
6. “Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng, eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;
7. e leng medimo ya ditjhaba tse le potapotileng, tse haufi le lona, kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe;
8. le se ke la dumela tsa hae, kapa la di mamela, kapa la mo hauhela, kapa la mo qenehela, kapa la mo pata.
9. Ruri le fele le mmolaye, e be wena ya mo otlang pele, e nto ba setjhaba sohle.
10. Le mo tlepetse ka majwe, a shwe, hobane o ne a batla ho o kgelosa ho Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
11. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla utlwa hona, se tshabe, mme se se ke sa hlola se etsa bokgopo bo tshwanang le bona hara lona.
12. “Haeba motseng o mong wa metse ya heno, oo Morena Modimo wa hao, a o neileng wona hore o ahe ho wona, o ka utlwa monyenyetsi o reng:
13. Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,
14. wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona,
15. ruri o bolaye baahi ba motse oo ka sabole, o o timetse ho hang. Tsohle tse ka ho wona, le diphoofolo tsa wona, le tsona kaofela di bolawe ka sabole.
16. Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.
17. Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona.
18. Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona.
1. “Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.
2. Le setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa lona. Morena o le kgethile hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng, hore le be setjhaba sa hae.
3. “Le se ke la ja letho le manyala.
4. Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang: kgomo, le nku, le podi,
5. kgama, le tshephe, le letsa, le podiyathaba, le hlwaele, le tholo, le phuthi.
6. Hara diphoofolo tsohle, tse nang le tlhako e arohaneng, e nang le dikgolana tse pedi, e thuisang, tsena le ka di ja.
7. Ha e le tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela empa di sa thuise, tsona le se ke la di ja. Tsena ke kamele, le mmutla, le pela. Kahobane di a thuisa, empa ha di na dikgolana, ho lona ha di a hlweka.
8. Le hoja kolobe e ena le dikgolana, empa ha e thuise, ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya yona, le sefifi sa yona le se ke la se ama.
9. “Ho diphoofolo tsohle tse phelang metsing, tsena le ka di ja: tsohle tse nang le mapheo le mahehebu le ka di ja.
10. Empa tsohle tse se nang mapheo le mahehebu le se ke la di ja, hobane ho lona ha di a hlweka.
11. “Nonyana e nngwe le nngwe e hlwekileng le ka e ja.
12. Empa tsena ke tseo le sa lokeleng ho di ja: ntsu, le seodi, le letlaka,
13. le seotsanyana, le phakwe, le bommankgodi ka mefuta ya bona,
14. le makgwaba ka mefuta ya wona,
15. le mpshe, le kgohoyadira, le letata, le diphakwe ka mefuta ya tsona,
16. le sephookwana, le sephooko, le makgohlo,
17. le mmamolangwane, le lenong, le seinodi,
18. le mokotatsie, le dikokolofitwe ka mefuta ya tsona, le moholodi, le mmankgane.
19. “Ntho e nngwe le e nngwe e nang le mapheo, e hahabang, ho lona ha e a hlweka, mme e ke ke ya jewa.
20. Nonyana e nngwe le e nngwe e hlwekileng, le ka e ja.
21. “Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.
22. “Ka selemo se seng le se seng, o tla fana ka karolo e le nngwe ho tse leshome, tsa kotulo yohle e tswang tshimong ya hao.
23. Karolo ena e tswang ho tse leshome tsa koro ya lona, le tsa veine ya lona e ntjha, le tsa ole ya lona, le tsa matsibolo a lona a mehlape ya dikgomo le ya dinku, le tla e jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha hore a dule ho sona. Le etse jwalo hore le tle le ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla.
24. Ha Morena Modimo wa lona, a se a le hlohonolofaditse, mme eba leeto le le lelele haholo ho lona, hoo le sitwang ho isa dikarolo tsa lona tse tswang ho tse leshome, hobane sebaka seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng hore o tla dula ho sona, se le hole haholo le lona;
25. dikgomo tseo tsa lona le di rekise tjhelete, mme tjhelete eo le e phuthe, le e fuparele, le ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng.
26. Tjhelete eo le e sebedise ho reka tsohle tseo le di ratang; e ka ba dipholo, kapa dinku, kapa veine, kapa jwala, kapa tsohle tseo le di batlang. Tsena le di jelle kapele ho Morena Modimo wa lona, le thabe hammoho le malapa a lona.
27. “Le se ke la furalla Molevi ya motseng wa lona, hobane yena ha a na kabelo, kapa lefa jwaloka lona.
28. “Qetellong ya dilemo tse tharo le tlise karolo tsohle tsa dikarolo tse leshome, tsa kotulo ya lona ya selemo seo, le di bokelle kahara motse wa lona.
29. Jwale ho tla tla Molevi, hobane yena ha a na lefa jwaloka lona; ho tle le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, e leng ba ahileng kahara metse ya lona; ba je, ba kgore, e le hore Morena Modimo wa lona, a tle a le hlohonolofatse mosebetsing wohle oo le o etsang.
23. Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.
24. Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho.
25. Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.
26. Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso.
27. Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla.
28. Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.
29. Ba lokileng lefatshe e tla ba lefa la bona, ba phele ho lona kamehla le mehla.
15. Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso.
16. Sethoto se sitwa ho itshwara ha se halefa, empa ya bohlale o iphapanyetsa dikgopiso.
25. Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.
26. O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena.
27. A iswa ke Moya ka Tempeleng, mme ha batswadi ba ngwana Jesu ba mo isa hore ba etse ka yena ho ya ka moetlo wa Molao,
28. Simeone a mo nka a boka Modimo, a re:
29. “Morena, jwale o ka lokolla mohlanka wa hao ka kgotso, ho ya ka polelo ya hao;
30. hobane mahlo a ka a bone ho pholosa ha hao,
31. hoo o ho lokisitseng pontsheng ya ditjhaba tsohle;
32. lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.”
33. Ntatae le mmae ba makalla tse bolelwang ka yena.
34. Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,
35. hore maikutlo a dipelo tse ngata a senolehe. Le wena ka sebele lerumo le tla o hlaba moya.”
36. Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.
37. Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.
38. A fihla ka yona nako eo, a boka Modimo, a bua ka Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.
39. Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha.
40. Ha e le ngwana a nna a hola, a matlafala, a tlala bohlale, mme mohau wa Modimo wa nna wa eba le yena.
41. Batswadi ba Jesu ba ne ba eya Jerusalema ka selemo le selemo, moketeng wa Paseka.
42. Ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela teng ho latela moetlo wa mokete.
43. Hoba ba qete matsatsi a mokete, ha ba kgutlela hae, moshanyana Jesu a sala Jerusalema, batswadi ba hae ba sa tsebe.
44. Empa ka ho hopola hore o hara mmidimidi, ba tsamaya leeto la letsatsi, ba nto mmatla hara bang ka bona le hara ba tsebanang le bona.
45. Ha ba sa mo fumane, ba kgutlela Jerusalema ba ntse ba mmatla.
46. Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,
47. mme bohle ba mo mametseng ba ne ba hlollwa ke kelello ya hae le dikarabo tsa hae.
48. Ha batswadi ba hae ba mmona, ba tsota, mme mmae a re ho yena: “Ngwana ka, o re etseditseng tjee? Bona, rona le ntatao re ne re ntse re o batla re tshwenyehile.”
49. A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?”
50. Empa bona ba se ke ba utlwisisa taba eo a e buileng ho bona.
51. A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.
52. Jesu a nna a tswela pele bohlaleng, le ho holeng, mme a kgahleha pela Modimo le pela batho.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.