Bibele ka selemo se le seng

1. Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.
2. A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.” Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.”
3. Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.”
4. Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika.
5. Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.
6. Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi; motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse.
7. Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.
8. Monna eo a tloha motseng oo wa Betlelehema e Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang tjako teng. Ha a ntse a tsamaya jwalo, a fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika.
9. Mmika a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho yena: “Ke Molevi wa Betlelehema e Juda, mme ke ilo jaka moo nka fumanang tjako teng.”
10. Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.
11. Molevi a kgotsofalla ho dula ha Mmika, mme mohlankana enwa a ba jwaloka e mong wa bara ba Mmika.
12. Mmika a hlomamisa Molevi; mohlankana enwa ya eba moprista wa hae, mme a phela tlung ya Mmika.
13. Yaba Mmika o re: “Jwale ke a tseba hore Morena o tla nkatlehisa, hobane ke na le moprista wa Molevi.”
1. Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi. Ka yona nako eo, ba morabe wa Dane ba batla lefa la naha eo ba ka ahang ho yona, hobane ho fihlela ka nako eo, e ne e le bona feela, hara merabe ya Baiseraele, ba neng ba eso ka ba abelwa lefa.
2. Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.
3. Ha ba ntse ba le tlung eo ya Mmika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi, ba fapohela teng, ba re ho yena: “O tlisitswe ke mang moo? O etsang moo? O batlang moo?”
4. A re ho bona: “Mmika o nkentse tjena: O nkgirile, mme ke moprista wa hae.”
5. Ba re ho yena: “Ako kope keletso ho Modimo, re a o rapela, e le hore re tle re tsebe hore na leeto leo re leng ho lona le tla atleha na.”
6. Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso; leeto la lona le matsohong a Morena.”
7. Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.
8. Ha ba fihla ho bana babo bona ba Sora le Eshetaole, bana bao babo bona ba re ho bona: “Le reng?”
9. Ba re ho bona: “Emang! A re ba futuheleng, hobane re bone naha, mme re fumane e le ntle haholo. Le sa emetseng? Le se ke la tswafa ho ya kena le hapa naha eo.
10. Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.”
11. Ba morabe wa Dane ba tswa naheng ya Sora le Eshetaole, e le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.
12. Ba nyoloha, mme ba hloma Kiriate-Jearime e Juda. Ke ka baka leo le ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, sebaka seo se ntseng se bitswa Diahelo tsa Dane. Se ka bophirimela ho Kiriate-Jearime.
13. Ho tloha moo ba fetela naheng e maralla ya Efraime, ba ya fihla tlung ya Mmika.
14. Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”
15. Ba kgelohela teng, ba fihla tlung ya mohlankana wa Molevi, e leng ntlo ya Mmika. Ba mmotsa bophelo.
16. Ha e le banna ba makgolo a tsheletseng ba morabe wa bana ba Dane, ba hlometseng, ba ema kgorong ya motse.
17. Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.
18. Ha banna bana ba kena ka tlung ya Mmika, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng, moprista a re ho bona: “Le etsang?”
19. Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”
20. Moprista a nyakalla. A nka setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, mme a kena hara setjhaba seo.
21. Yaba ba a reteleha, ba kena tseleng. Ba eteletsa bana, le dikgomo, le thepa kapele.
22. Ha ba se ba le hole le ntlo ya Mmika, banna ba neng ba le ka matlung a haufi le ntlo ya Mmika, ba phutheha, ba sala bana ba Dane morao, ba ba ba fihla ho bona.
23. Ba howeletsa bana ba Dane, mme bao ba reteleha, ba re ho Mmika: “O batlang, ha o bokantse batho tjee?”
24. Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”
25. Bana ba Dane ba re ho yena: “O se hlole o bua le rona, esere banna bana ba halefileng ba o lwantsha, mme wena le ba lelapa la hao la shwa.”
26. Bana ba Dane ba tswela pele leetong la bona. Ha Mmika a bona hore ba matla ho mo feta, a kgutlela tlung ya hae.
27. Ba nka dintho tseo Mmika a neng a di entse, ba nka le moprista wa hae, ba fihla Laishe, setjhabeng sa kgotso, se iketlileng, ba se bolaya ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.
28. Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.
29. Motse oo ba o rea lebitso la Dane, ba o reella ntata bona Dane, eo e neng e le mora wa Iseraele. Pele ho moo motse oo o ne o bitswa Laishe.
30. Bana ba Dane ba hloma setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora wa Gereshome, setloholo sa Moshe, yena le bara ba hae ya eba baprista ba morabe wa Dane, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ho hapuwang naha ya bona.
7. Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme.
8. Athe wena o thabela botshepehi, botshepehi moyeng wa motho, o nthuta bohlale botebong ba pelo ya ka.
9. Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa.
10. Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo, ke utlwe le mehoo ya nyakallo, ditho tsa ka di tle di hlasimolohe, ditho tseo o di robileng.
11. Nteballe dibe tsa ka, o hlakole melato ya ka kaofela.
33. Ya nang le kutlwisiso o ruile bohlale, le hara dithoto bo a itotobatsa.
34. Ho loka ho atlehisa setjhaba, empa sebe ke sekgobo ho sona.
35. Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.
24. Eitse ha Jesu a bona hore o swabile haholo, a re: “Ho thata hakaakang ho barui ho kena Mmusong wa Modimo!
25. Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale, ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”
26. Ba utlwileng ba re: “Ke mang he, ya ka pholoswang?”
27. Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”
28. Yaba Petrose o re: “Bona, rona re tlohetse ding tsa rona, ra o latele.”
29. Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella hore ha ho le ya mong ya tlohetseng ntlo, kapa mosadi, kapa bana babo, kapa batswadi, kapa bana, ka baka la Mmuso wa Modimo,
30. eo nakong ena a ke keng a buseletswa haholo, mme mehleng e tlang a amohela bophelo bo sa feleng.”
31. Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,
32. hobane o tla neelwa baditjhaba, a songwe, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe;
33. hoba ba mo shape, ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha.”
34. Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang.
35. Eitse ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng sa be se dutse pela tsela, se kopa.
36. Yare ha se utlwa letshwele le feta, sa botsa hore na ekaba hoo keng.
37. Ba se bolella hore Jesu wa Nasaretha o a feta.
38. Yaba se a howa, se re: “Jesu, mora Davida, nkgauhele!”
39. Ba tsamayang kapele ba se kgalemela hore se thole, empa sona sa eketsa ho howa haholo, sa re: “Mora Davida, nkgauhele!”
40. Jesu a ema, a laela hore se tliswe ho yena. Yare hoba se atamele, a se botsa, a re:
41. “O rata ha ke o etsetsa eng?” Sa re: “Morena, nke ke boele ke bone!”
42. Jesu a re ho sona: “Boela o bone! Tumelo ya hao e o fodisitse.”
43. Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.