1. Ha Davida a se a dula tlung ya hae, ka letsatsi le leng a re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya selekane sa Morena yona e dula hara masira!”
2. Nathane a re ho Davida: “Etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Modimo o na le wena.”
3. Hona bosiung boo, lentswe la Modimo la fihla ho Nathane, la re:
4. “Tsamaya, o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Morena o bua tjena: O ke ke wa nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona.
5. Ho tloha mohla ke nyollang Baiseraele naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke nnile ka kena tenteng e nngwe, ka tswa, ka kena ho e nngwe; ka kena leahong le leng, ka tswa, ka kena ho le leng.
6. Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le Baiseraele bohle, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?
7. “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng, hore o tlo ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.
8. Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa tsamaya teng, ka timetsa dira tsa hao tsohle. Ke tumisitse lebitso la hao jwaloka mabitso a banna ba tumileng ba teng mona lefatsheng.
9. Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka, ke se bee ho sona, mme se ke ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,
10. ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla hlola dira tsa hao tsohle. Hape ke o tsebisa hore Morena o tla atisa lelapa la hao.
11. “ Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.
12. Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.
13. Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.
14. Ke tla mmea ho okamela setjhaba sa ka le mmuso wa ka kamehla, mme terone ya hae e tla tsitsa kamehla yohle. ”
15. Nathane a phetela Davida ditaba tsena tsohle, ho ya kahohle kamoo a di senoletsweng kateng.
16. Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?
17. Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao, nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, o se o ntadima jwalokaha eka ke motho wa boemo bo phahameng!
18. “Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao!
19. Oho, Morena, ka baka la mohlanka wa hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse ntho ena e kgolo, wa etsa hore tsena tsohle tse kgolo di tsejwe.
20. “Oho, Morena, ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.
21. Ke setjhaba sefe moo lefatsheng, se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae? O tumisitse lebitso la hao ka ho etsa tse kgolo, tse tshabehang, ka ho hleka matjhaba tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta.
22. Setjhaba sa hao sa Iseraele o se entse setjhaba sa hao kamehla yohle, mme wena, Morena, o Modimo wa sona.
23. “Jwale, ka baka leo, Morena, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahatse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.
24. Le yona o ke o e phethahatse, lebitso la hao le tle le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele, ke yena Modimo wa Iseraele. Lelapa la Davida, mohlanka wa hao, le ke le tiye kamehla yohle.
25. “Wena, Modimo wa ka, o senoletse mohlanka wa hao hore o tla mo hodisetsa lelapa la hae; ka baka lena, mohlanka wa hao o bile sebete ho o rapela.
26. Jwale wena, Morena, ke wena feela o leng Modimo, mme o tshepisitse mohlanka wa hao taba ena e molemo.
27. O hlohonolofaditse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle. Oho, Morena, o le hlohonolofaditse, mme le tla hlohonolofala kamehla yohle.”
1. Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa, mme a ba amoha Gate le metsana ya yona.
2. Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.
3. Ha Hadade-Esere, kgosi ya Soba, a ne a ilo hloma puso ya hae pela noka ya Euferatese, Davida a mo hlola Hamate.
4. Davida a hapa dikariki tsa Hadade-Esere tsa ntwa tse sekete, le banna ba dipere ba dikete tse supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.
5. Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
6. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.
7. Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema.
8. Ka mokgwa o jwalo, le metseng ya Hadade-Esere, e leng Tibehate le Kune, Davida a nka lethose le lengata, leo ka lona Solomone a ileng a etsa tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshiya, le dintho tsa lethose.
9. Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa kamoo Davida a hlotseng lebotho lohle la Hadade-Esere kgosi ya Soba kateng,
10. a romela mora wa hae Hadorame ho Davida, ho ya mo dumedisa, le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlola, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Hadorame a isetsa Davida mefuta yohle ya dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose.
11. Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.
12. Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.
13. Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.
14. Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.
15. Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.
16. Sadoke, mora wa Ahitube, le Abimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista, mme Shafesha yena ya eba mongodi wa puso.
17. Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi.
17. Empa ba nna ba eketsa ho mo sitelwa, ba fetohela Ya Hodimodimo, ba mo fetohela ba le naheng e tshehla.
18. Pelong tsa bona ba leka Modimo, ba batla dijo tseo ba di lakatsang.
19. Ba hanyetsa Modimo, ba re: “Ebe Modimo a ka hla a tseba ho re lokisetsa dijo lehwatateng moo?
20. Ke nnete, o ile a otla lefika, metsi a phutsalla, le dinokana tsa phorosela; ebe a ka tseba ho re fa bohobe, le ho fepa tjhaba sa hae nama?”
21. Yare Morena ha a utlwa a halefa, malakabe a mollo a laima, a laimela ba leloko la Jakobo, kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;
22. hobane ba ne ba sa dumele, ba sa dumele ho Modimo, ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.
23. Yaba o laela maru a mahodimo, o bula menyako ya mahodimo;
24. a ba nesetsa manna e be dijo tsa bona, a ba nea koro ya lehodimo.
25. Motho a ja bohobe ba mangeloi, a ba fa kgora ya dijo.
25. Shapa mosomi, ya se nang tsebo a tle a hlalefe; kgalema ya hlalefileng, yena o tla fumana tsebo.
26. Ya shapang ntatae, a phaladise mmae, ke ngwana ya hlabisang dihlong, ya tlontlollang.
1. Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.
2. Banna ba tshabang Modimo ba epela setopo sa Setefane, mme ba mo llela haholo.
3. Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.
4. Ha e le ba qhalantsweng, ba ya kahohle ba ntse ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Modimo.
5. Filipi a theohela motseng wa Samaria, a phatlalletsa batho ba teng tsa Kreste.
6. Ka moya o le mong matshwele a ela hloko tse neng di bolelwa ke Filipi; a mo mamela, mme a bona mehlolo eo a e etsang.
7. Ba bangata ba ne ba ena le meya e ditshila; ya tswa ho bona e bokolla haholo. Le ba bangata ba ba shweleng ditho le ba diritsa ba fodiswa.
8. Thabo e kgolo ya eba teng motseng oo.
9. Monna e mong ya bitswang Simone, ya neng a se a ntse a le motseng oo e le senohe, a makatsa batho ba Samaria, a ipolela hore yena ke mangmang.
10. Bohle ba ne ba mo mamela ka hloko, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: “Enwa ke Matla a Modimo a bitswang a maholo.”
11. Ba ne ba mo mamela ka hloko kahobane e ne e se e le kgale a ba makatsa ka bonohe ba hae.
12. Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi.
13. Simone le yena a dumela. Hoba a kolobetswe, a kgomarela Filipi, a bona mehlolo le diketso tse kgolo, tse matla, tse etsahalang, mme a hlollwa.
14. Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng.
15. Bona ha ba fihla, ba rapella Basamaria hore ba amohele Moya o Halalelang,
16. hobane o ne o eso ka o theohela le ho ya mong wa bona, ba mpa ba kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.
17. Yaba Petrose le Johanne ba ba bea matsoho, mme ba amohela Moya o Halalelang.
18. Ha Simone a bona hore Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba tlisetsa tjhelete,
19. a re: “Le nna mpheng matla ana, hore mang le mang eo ke mmeang matsoho a tle a amohele Moya o Halalelang.”
20. Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete!
21. Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo.
22. Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao;
23. etswe ke bona hore o na le takatso e mpe, mme o ditlamong tsa bokgopo.”
24. Simone a araba, a re: “Lona a le ke le nthapelle ho Morena, hore ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.”
25. Hoba ba pake, mme ba bolele lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba phatlalatsa molaetsa o molemo metseng e mengata ya Basamaria.