Bibele ka selemo se le seng

1. “Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.
2. “Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae,
3. mme eo a iketse ho ya sebeletsa medimo e meng, a e kgumamela, kapa a kgumamela letsatsi, kapa kgwedi, kapa dinaledi dife kapa dife, e leng tseo ke sa le laelang tsona;
4. ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele,
5. monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.
6. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.
7. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.
8. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.
9. Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng.
10. Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng.
11. Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona.
12. Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele.
13. Setjhaba sohle se tla utlwa taba ena, se tshabe, mme se se ke sa hlola se ikgohomosa.
14. “Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;
15. le tla fela le ikgethele kgosi eo Morena Modimo wa lona, a tla e kgetha. Le tla ikgethela kgosi hara bana babo lona, le se ke la ikgethela moditjhaba eo e seng ngwanabo lona.
16. Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.
17. Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.
18. “Ha kgosi eo e se e dutse hodima terone ya mmuso wa yona, e tle e ingolle Molao ona o bukeng e bolokilweng ke baprista ba Balevi.
19. Molao oo o be ho kgosi, e o bale ka matsatsi wohle a ho phela ha yona, e le hore e tle e ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, le ho boloka dipolelo tsohle tsa Molao, le ditaelo tsena, le ho di phetha.
20. Kgosi e se ke ya ikgohomosetsa bana babo yona, e se ke ya kgeloha Molao, e le hore e tle e phele halelele mmusong wa yona, yona le bana ba yona, hara setjhaba sa Iseraele.
1. “Baprista, e leng Balevi, ke hore ba morabe wohle wa Levi, ha ba na ho ba le seabo lefeng la Iseraele; ba tla ja dinyehelo tsa dijo le dimpho, le diabo tse etsetswang Morena.
2. Balevi ha ba na ho ba le lefa jwaloka bana babo bona. Morena ke yena lefa la bona, jwalokaha a buile ho wena.
3. “Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu.
4. O mo nee le dilopotsiya tsa dijo tsa hao, le tsa veine, le tsa ole, le tsa boya ba dinku tsa hao tse kutwang pele,
5. hobane Morena Modimo wa hao, o mo kgethile hara merabe yohle, hore a sebeletse ka lebitso la Morena kamehla yohle, yena le bara ba hae.
6. “Ha Molevi ya tswang motseng ofe kapa ofe wa naha yohle ya Iseraele, moo a jakileng teng, a lakatsa ka moya wa hae wohle ho tla sebakeng seo Morena a tla se kgetha,
7. o tla sebeletsa ka lebitso la Morena Modimo wa hae, jwaloka bana babo ba Balevi, ba emeng moo, kapele ho Morena.
8. O tla ja seabo se tshwanang le sa baprista ba bang, kahodimo ho hoo a ho fumanang ka ho rekisa dintho tsa hae.
9. “Ha o fihla naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa ithuta ho etsa manyala a tshwanang le a etswang ke ditjhaba tseo.
10. Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,
11. kapa ya sebedisang dithatho, kapa ya buang le badimo, kapa moloi, kapa lethuela.
12. Bohle ba etsang dintho tsena ke manyala ho Morena, mme ka baka la manyala ana Morena Modimo wa hao, o ba leleka kapele ho yena.
13. Wena o tshepahale ka ho tlala ho Morena Modimo wa hao.
14. “Leha ditjhaba tsena tseo o tla di hapa di kgolwa balepi ba dinako, le dinohe, empa ha e le wena, Morena Modimo wa hao, ha a o dumelle ho etsa jwalo.
15. Morena Modimo wa hao, o tla hlahisa Moporofeta ya kang nna hara bana babo lona; le tle le mo mamele.
16. Sena ke seo le neng le se kope ho Morena Modimo wa lona, ha le le thabeng ya Horebe, mohla letsatsi leo setjhaba se neng se phuthehile ka lona, la re: A re se hlole re utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona hape; le mollo o moholo ona re se hlole re o bona hape, re tle re se ke ra shwa.
17. “Morena o ne a re ho nna: Ba buile hantle.
18. Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.
19. Motho ya sa tlo mamela mantswe a ka, ao Moporofeta eo a tla a bua ka lebitso la ka, o tla ikarabella ho nna.
20. Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.
21. “Mohlomong le ka nna la re ka dipelong tsa lona: Dipolelo tseo Morena a sa kang a di bua re tla di tseba jwang?
22. Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.
37. Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;
38. empa baetsadibe ba tla timetswa ho hang, le ditloholo tsa ba kgopo di tla fediswa.
39. Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi.
40. Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena.
20. Pelong tsa ba rerang bobe ho tletse thetso, empa tsa ba rerang kgotso tsona di tletse thabo.
21. Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe.
22. Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa.
1. Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,
2. a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa.
3. Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!”
4. Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ka bohobe feela. ”
5. Hoba a mo nyollele hodimo, a mo supisa mebuso yohle ya lefatshe ka motsotswana.
6. Yaba Diabolosi o re ho yena: “Ke tla o fa matla ana wohle le maruo a mebuso eo, hobane ke e filwe, mme ke e fa mang le mang eo ke ratang ho mo fa yona;
7. ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.”
8. Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi. ”
9. Jwale a mo isa Jerusalema, a mmea tlhorong ya Tempele, a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, itihele fatshe ho tloha mona,
10. hobane ho ngotswe, ho thwe: “ O tla laela mangeloi a hae hore a o sireletse,
11. ho bile ho thwe: A tla o kgakeletsa ka diatla, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe. ”
12. Jesu a araba, a re ho yena: “Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao!”
13. Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana.
14. Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.
15. A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.
16. A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.
17. A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:
18. “Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,
19. le ho phatlalatsa lemo sa Morena sa mehauhelo.”
20. Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.
21. A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”
22. Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”
23. A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: Ngaka, iphekole! Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.”
24. Jwale a re: “Ruri ke a le bolella, ke re: Ha ho moporofeta ya amohelehang motseng wa habo.
25. “Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.
26. Empa Elia ha a a ka a romelwa le ho ya mong wa bona, haese ho mosadi wa mohlolohadi, Sarepeta, naheng ya Sidone.
27. Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”
28. Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena,
29. ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela,
30. empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.