Bibele ka selemo se le seng

1. Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe.
2. Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.
3. Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi.
4. Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la emong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome.
5. Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.
6. Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.
7. Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,
8. Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.
9. Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.
10. Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.”
11. Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?
12. Kgutlang, bana ba ka; tsamayang, hobane ke se ke tsofetse haholo hoo nke keng ka hlola ke eba le monna. Haeba ke ne nka re ke sa na le tshepo, mme eba ke nyalwa hona bosiung bona, ke beleha bara,
13. na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”
14. Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.
15. Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”
16. Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane “moo o yang teng ke tla ya teng, moo o phelang teng ke tla phela teng; tjhaba sa heno e be tjhaba sa heso, Modimo wa hao e be Modimo wa ka.
17. Moo o tla shwela teng ke tla shwela teng, mme ke tla epelwa hona teng. Morena a nkahlole ka ho fetisa ha re ka arohanngwa ke ho hong, haese ke lefu.”
18. Ha Naomi a bona hore Ruthe o tsitlellela ho tsamaya le yena, a se ke a hlola a re letho ho yena.
19. Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?”
20. Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko.
21. “Ke tlohile mona ke hafa ka nkatana, Morena o nkgutlisa ke itlhophere; jwale le ka mpitsa Naomi jwang, athe Morena o ntswile, o nkahlotse, Ya Matla wohle o ntliseditse matshwenyeho?”
22. Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese.
1. Naomi o ne a ena le e mong wa habo monna wa hae. E ne e le monna ya ruileng, wa lelapa labo Elimeleke. Lebitso la hae e ne e le Boase.
2. Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”
3. Ruthe a ya, a fihla a kgwahlapisa tshimong, a setse bakotudi morao. Ka lehlohonolo a kena tshimong eo e leng ya Boase, eo e neng e le wa morabe wabo Elimeleke.
4. Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!” Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.”
5. Jwale Boase a botsa mohlanka wa hae, ya okametseng bakotudi, a re: “Ke moradi wa mang eo?”
6. Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.
7. Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata. O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!”
8. Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.
9. O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.”
10. Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”
11. Boase a mo araba, a re: “Ke boleletswe tsohle tseo o di etseditseng matsalao, haesale monna wa hao a eshwa. Ke boleletswe le kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona, wa tla setjhabeng seo pele ho mona, o neng o sa se tsebe.
12. Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”
13. Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”
14. Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya.
15. Eitse ha e ema ho boela a kgwahlapisa, Boase a laela bahlanka ba hae, a re: “Le mo tlohele a kgwahlapise le hara mangata, mme le se ke la mo thibela.
16. Le qhalanye maqhawana a mang ka boomo, le a tlohele, a tle a a kgwahlapise, mme le se ke la mo omanya.”
17. A kgwahlapisa jwalo masimong, ho fihlela ka phirimana. Yaba o pola hoo a ho kgwahlapisitseng, mme koro eo ya etsa dikilo tse leshome.
18. A nka koro eo a e kgwahlapisitseng, a ya motseng wa habo, a bontsha matsalae seo a se kgwahlapisitseng. A mo fa le dijo tse ileng tsa sala ha a eja dijo tsa motsheare.
19. Matsalae a re ho yena: “Kajeno o tswa kgwahlapisa kae? O ne o sebetsa kae? Ho ke ho hlohonolofatswe monna ya ileng a o hlokomela.” Ruthe a bolella matsalae hore na eo a neng a sebetsa ho yena ke mang, a re: “Lebitso la monna eo ke neng ke sebetsa ho yena kajeno ke Boase.”
20. Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.”
21. Jwale Ruthe wa Moabe a re: “O bile a re ho nna: O sebetse le bahlanka ba ka ho fihlela ba qeta ho hela koro ya ka. ”
22. Naomi a re ho ngwetsi ya hae, Ruthe: “Ho molemo ngwanaka, hore o yo sebetsa le makgabunyane ao a hae, esere ba o tshwenya ha o ka ya tshimong ya e mong.”
23. Ka mokgwa o jwalo Ruthe a nna a kgwahlapisa le makgabunyane a Boase ho fihlela ho qetwa ho helwa harese le koro. Ruthe a nna a dula le matsalae.
1. Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;
2. ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.
3. O ithorisetsang ka bobe, wena ya sehloho? Tseba, mohau wa Modimo ke wa kamehla yohle.
4. O ntse o rera ho timetsa ba bang, leleme la hao le ka lehare le bohale, wena ya etsang bolotsana.
5. O rata bobe ho ena le botle, le leshano ho ena le nnete.
4. Leme le thabisang ke fate sa bophelo, empa le thetsang le senya pelo ya motho.
5. Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa.
28. Hoba a bolele tsena, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema.
29. Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,
30. a re: “Eyang motseng o kapele ho lona, oo etlare ha le kena ho wona le fumane petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho; le e lokolle, le e tlise mona.
31. Ha motho a ka le botsa, a re: Le e lokollelang? le tla araba tjena: Morena o a e hloka. ”
32. Jwale ba romilweng ba ya, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse.
33. Ha ba ntse ba lokolla petsana, beng ba yona ba re ho bona: “Le lokollelang petsana eo?”
34. Ba re: “Morena o a e hloka.”
35. Ba tlisa petsana ho Jesu, ba ala diaparo tsa bona hodima yona, ba mo palamisa yona.
36. Ha a ntse a tswela pele, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng.
37. Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,
38. ba re: “Ho bokwe Kgosi e tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong le tlotla mahodimong a hodimodimo!”
39. Yaba ba bang ba Bafarisi ba hara letshwele, ba re ho yena: “Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.”
40. A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”
41. Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,
42. a re: “Hojane le wena o tsebile ka letsatsi lena tse hlahisang kgotso! Empa jwale di siretse mahlo a hao.
43. O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,
44. di o ripitle, wena le bana ba hao ba ho wena, mme di ke ke tsa siya lejwe hodima lejwe le leng, hobane o sa ka wa tseba nako eo Modimo a o etetseng ka yona ho o pholosa.”
45. Jesu a kena ka Tempeleng, a qala ho leleka ba rekisang,
46. a re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe: “ Ntlo ya ka e tla ba ntlo ya thapelo, empa lona le e entse lehaha la dinokwane. ”
47. O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,
48. empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.