Bibele ka selemo se le seng

1. Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.
2. Feela setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hobane ho fihlela ka nako eo, Morena o ne a eso ka a hahelwa Tempele.
3. Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng.
4. Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.
5. Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”
6. Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.
7. “Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang.
8. Mohlanka wa hao o busa setjhaba sa hao, seo o ikgethetseng sona, se sengata hoo se ke keng sa balwa.
9. Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”
10. Kopo ena ya Solomone ya kgahla Morena,
11. mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng,
12. ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.
13. Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.
14. Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”
15. Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.
16. Jwale basadi ba babedi ba diotswa ba ya ho kgosi, ba fihla ba ema kapele ho yona.
17. Mosadi e mong a re: “Oho, monga ka, rona le mosadi enwa re phela ka tlung e le nngwe, mme ke ile ka beleha ngwana ke ena le mosadi enwa ka tlung.
18. Ha ho fetile matsatsi a mararo ke belehile, mosadi enwa le yena o ile a beleha. Re ne re ena le yena, ho se motho e mong ya nang le rona ka tlung, haese rona ba babedi feela.
19. “Ngwana wa mosadi enwa a shwa bosiu, kaha mmae a ile a mo hata.
20. Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka.
21. Hoseng ha ke tsoha, ke re ke nyantsha ngwana wa ka, ka fumana hore o shwele. Empa ha ke mo tadimisisa, ha ho se ho edile, ka bona hore hase mora wa ka, eo ke mo tswetseng.”
22. Mosadi wa bobedi a re: “Tjhe! Ngwana ya phelang ke mora wa ka; mora wa hao ke ya shweleng.” Wa pele le yena a re: “Tjhe! Mora wa hao ke ya shweleng; wa ka ke ya phelang.” Ba ngangisana jwalo kapele ho kgosi.
23. Jwale kgosi ya re: “Enwa o re: Mora enwa ya phelang ke wa ka, wa hao ke ya shweleng; enwa le yena o re: Tjhe! mora wa hao ke ya shweleng, wa ka ke ya phelang. ”
24. Kgosi ya re: “Ntlisetseng sabole!” Yaba ba tlisetsa kgosi sabole.
25. Kgosi ya boela ya re: “Kgekgethang ngwana enwa ya phelang, le nee mosadi e mong le e mong mokgekgetho!”
26. Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!”
27. Jwale kgosi ya re: “Neang mosadi wa pele ngwana ya phelang, le se ke la mmolaya! Ke yena mmae.”
28. Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.
1. Kgosi Solomone e ne e le kgosi ya Iseraele yohle.
2. Baokamedi ba mesebetsi ya hae e ne e le bana: Asariya, mora wa Sadoke, e ne e le moprista;
3. Elehorefe le Ahiya, bara ba Shisha, e ne e le bangodi; Jehoshafate, mora wa Ahilode, e le mongodi wa diketsahalo;
4. Benaya, mora wa Jehoyada, e le molaodi wa mabotho; Sadoke le Abiatare e le baprista;
5. Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi;
6. Ahishare e le mookamedi wa lelapa la kgosi; Adonirame, mora wa Abada, yena e le mookamedi wa makgoba.
7. Solomone o ne a ena le babusi ba ditereke ba leshome le metso e mmedi naheng ya Iseraele, ba neng ba tlisetsa kgosi le lelapa la yona dijo. Mmusi ka mong o ne a ena le kgwedi eo ka yona a tlisetsang kgosi dijo.
8. Mabitso a bona ke ana: Mora wa Hure o ne a le naheng e maralla ya Efraime;
9. mora wa Dekere a le Makase, le Shaalebime, le Bete-Shemeshe, le Elone e Bete-Hanane;
10. mora wa Hesede a le Arubote, a okametse Soko le naha yohle ya Hefere;
11. mora wa Abinadabe, ya neng a nyetse Tafate, moradi wa Solomone, a okametse ditereke tsohle tsa Dore.
12. Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame.
13. Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.
14. Ahinadabe, mora wa Ido, a le Mahanaime;
15. Ahimase, ya neng a nyetse moradi e mong wa Solomone, ya bitswang Basemate, a le naheng ya Nafthali.
16. Baana, mora wa Hushai, o ne a le Ashere le Alote;
17. Jehoshafate, mora wa Parua, a le naheng ya Isakare;
18. Shimei, mora wa Ela, a le naheng ya Benjamine;
19. Gebere, mora wa Uri, a le Gileade, naheng ya Sihone, kgosi ya Baamore, le naheng ya Oge, kgosi ya Bashane. E ne e le yena feela mmusi wa naha eo.
20. Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.
21. Solomone a busa mebuso yohle, ho tloha nokeng ya Euferatese, ho ya fihla naheng ya Bafilesita, le meeding ya Egepeta. Mebuso ena yohle ya mo tlisetsa dimpho, ya mo sebeletsa ka nako yohle ya ho phela ha hae.
22. Dijo tsa Solomone, tsa letsatsi le leng le le leng, e ne e le dikilo tse ka bang dikete tse tharo tsa phofo e thumisehileng, le dikilo tse ka bang dikete tse tsheletseng tsa phofo feela;
23. dipholo tse leshome tse nontshitsweng, le dipholo tse mashome a mabedi tse tswang makgulong, le dinku tse lekgolo, ho sa balwe dikgama, le ditshepe, le matsa, le dikgoho.
24. Solomone o ne a busa naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ho tloha Tifesa, ho ya fihla Gasa; a busa le dikgosi tsohle tsa naha eo. O ne a phedisana ka kgotso le ditjhaba tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.
25. Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.
26. Solomone o ne a ena le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tse hulang dikariki tsa hae tsa ntwa; le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi.
27. E mong le e mong wa babusi ba ditereke o ne a tlisetsa kgosi Solomone dijo ka kgwedi eo a e kgethetsweng, mme ho sa haelle letho.
28. Mmusi ka mong, ho ya kamoo a laetsweng kateng, o ne a isa harese le seteroi moo di hlokwang teng, e le dijo tsa dipere tse hulang dikariki tsa ntwa, le tse palangwang.
29. Modimo a nea Solomone bohlale bo makatsang, le kutlwisiso e makatsang, le tsebo e ngata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle.
30. Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta.
31. O ne a le bohlale ho feta batho bohle, a feta le Etane wa Moesera, le Hemane, le Kalekole, le Dareda, bara ba Mahole, mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.
32. Solomone a qapa maele a dikete tse tharo; difela tsona tsa eba sekete le metso e mehlano.
33. A bua ka difate, ho tloha ka sefate sa kedare ya Lebanone, ho ya ho sa hisopa e melang marakong; a bua le ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka dihahabi, le ka ditlhapi.
34. Batho bohle, ba tswang ditjhabeng tsohle tsa lefatshe, ba rongwa ke dikgosi tsa bona, tse ileng tsa utlwela tsa bohlale ba Solomone, hore ba yo inwesa ka nkgo.
15. ha Ya Matla wohle a ne a qhalanya dikgosi, lehlwa la kgetheha thabeng ya Salemone.
16. Thaba ya Bashane ke thaba e telele, thaba ya Bashane ke thaba e makgeka.
17. Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng?
18. Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.
19. O nyolohetse hodimo a nkile bathopuwa, a nyehellwa ka batho, esita le ka bahanyetsi. Morena Modimo a ba le leaho.
20. Ho bokwe Morena ka matsatsi wohle, yena ya re pepang, yena Modimo, mopholosi wa rona.
10. Ya bohlale o phakisa ho amohela kgalemo, thoto ha se shapuwa halekgolo ha se mamele.
11. Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho.
12. Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona.
1. “Kannetenete, ke a le bolella, ya sa keneng lesakeng la dinku ka monyako, empa a tlolela le kahosele, ke leshodu le senokwane,
2. empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku.
3. Molebedi wa monyako o a mmulela, mme dinku di utlwa lentswe la modisa, o di thobisa ka mabitso, ho ya kantle.
4. Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o di etella pele, mme dinku di a mo latela, kahobane di tseba lentswe la hae.
5. Osele ha di ka ke tsa mo latela, empa di tla mmaleha, hobane ha di tsebe lentswe la basele.”
6. Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.
7. Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku.
8. Bohle ba tlileng pele ho nna ke mashodu le dinokwane, mme dinku ha di a ka tsa ba utlwa.
9. Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.
10. Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.
11. “Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.
12. Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye;
13. ke hobane e le mohlanka, mme ha a tsotelle dinku.
14. “Ke nna modisa ya molemo, mme ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba;
15. jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka.
16. Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.
17. Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ke boele ke bo fumane.
18. Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”
19. Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana.
20. Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?”
21. Ba bang ba re: “Mantswe ana hase a motho ya nang le modemona; na modemona o ka tutubolla difofu mahlo?”
22. Jwale mokete wa ho kgethela Modimo Tempele, wa eba teng Jerusalema. E ne e le mariha,
23. mme Jesu o ne a tsamaya ka Tempeleng mathuleng a Solomone.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.