Bibele ka selemo se le seng

1. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, mora wa Nebate, Abiya a qala ho busa ba morabe wa Juda.
2. O ile a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Abishalome.
3. Abiya a etsa dibe tsohle tseo ntatae a ileng a di etsa. A se ke a tshepahala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha ntataemoholo Davida, yena a ne a tshepahala.
4. Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye;
5. kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.
6. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
7. Diketso tse ding tsa Abiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Abiya le Jeroboame.
8. Abiya a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama.
9. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asa a qala ho busa ba morabe wa Juda.
10. A busa a le Jerusalema ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong. Lebitso la nkgonwae e ne e le Maaka, setloholo sa Abishalome.
11. Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo.
12. Naheng ya hae yohle a leleka banna bohle ba kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a fedisa medingwana yohle ya bohata, e neng e entswe ke bo-ntatae.
13. A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.
14. Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena.
15. Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding.
16. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
17. Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.
18. Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:
19. “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”
20. Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle.
21. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.
22. Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.
23. Ditaba tse ding tsa Asa, le bohlabani ba hae, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le metse eo a e hahileng, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Leha ho le jwalo, botsofading ba hae o ile a holofala maoto.
24. Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.
25. Ka selemo sa bobedi Asa e le kgosi ya Juda, Nadabe, mora wa Jeroboame, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, mme a se busa ka dilemo tse pedi.
26. A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
27. Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.
28. Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.
29. Hoba Basha a nke puso, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame; a se ke a siya le ya mong wa lelapa leo la Jeroboame a ntse a phela, ho fihlela lelapa leo le timella ruri. Ha phethehala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka mohlanka wa hae Ahiya wa Shilo.
30. Polao ena e ile ya bakwa ke dibe tseo Jeroboame a ileng a di etsa, a ba a dihela Baiseraele ho tsona; kahoo a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, mme Morena a ba a mo halefela.
31. Ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tseo e ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
32. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
33. Ka selemo sa boraro Asa e le kgosi ya Juda, Basha, mora wa Ahiya, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Tiresa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.
34. A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
1. Lentswe la Morena le nyatsang Basha la fihla ho Jehu, mora wa Hanani, la re:
2. “Ho tloha haesale ke o ntsha leroleng, ke o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele, o nnile wa tsamaya mehlaleng ya Jeroboame. O entse hore setjhaba sa ka sa Iseraele se ntshitelwe, mme se mphephetse hore ke se halefele ka baka la dibe tsa sona.
3. Ka baka lena ke tla timetsa Basha le ba lelapa la hae; lelapa leo ke le etse seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate.
4. E mong le e mong wa lelapa la Basha ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.”
5. Ditaba tse ding tsa Basha, le tseo a ileng a di etsa, le bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
6. Basha a shwa, mme a epelwa Tiresa. Ela, mora wa hae, a mo hlahlama.
7. Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.
8. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi.
9. Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.
10. Simeri a kena ka tlung eo, a hlaba Ela, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda. Simeri a hlahlama Ela.
11. Hanghang ha Simeri a qala ho dula teroneng ya hae, a busa, a bolaya bohle ba lelapa la Basha, a se ke a siya le ya mong wa ba batona, esitana le bang ka yena, kapa bao e leng metswalle ya hae.
12. Ka mokgwa ona Simeri a timetsa bohle ba lelapa la Basha, ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka molomo wa moporofeta Jehu, a nyatsa Basha,
13. ka baka la dibe tsohle tsa Basha, le dibe tsohle tsa Ela, mora wa hae, tseo ba ileng ba sitelwa Morena ka tsona, ba etsa hore le Baiseraele ba sitwe, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, ba mo halefise ka medimo ya bona ya bohata.
14. Ditaba tse ding tsa Ela, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
15. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Simeri a busa ka matsatsi a supileng, a le Tiresa. Bahlabani ba ne ba etseditse motse wa Gibetone, o naheng ya Bafilesita, thibella.
16. Bahlabani bao ba utlwa ho thwe: “Simeri o ile a rera kgosi, mme o e bolaile.” Ka lona letsatsi leo, hona moo diahelong, bahlabani bohle ba bea Omeri, molaodi wa lebotho la bona, hore e be yena kgosi ya naha ya Iseraele.
17. Yaba Omeri o tloha Gibetone, o nyolohela Tiresa a ena le Baiseraele bohle, mme ba etsetsa Tiresa thibella.
18. Eitse ha Simeri a bona hore motse o se o hapilwe, a kena qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi, a itjheseletsa kahara yona, a shwa.
19. E ne e le ka baka la dibe tseo a ileng a di etsa, ka ho etsa bobe mahlong a Morena, ka ho tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, le ka ho etsa sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
20. Ditaba tse ding tsa Simeri, le bohlabaphiyo boo a neng a bo etse, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
21. Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.
22. Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.
23. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa.
24. Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.
25. Empa Omeri a etsa bobe mahlong a Morena. A etsa tse mpe ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.
26. A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.
27. Ditaba tse ding tsa Omeri, le tsa bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
28. Omeri a shwa, mme a epelwa Samaria. Akabe, mora wa hae, a mo hlahlama.
29. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.
30. Empa a etsa tse mpe mahlong a Morena, ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.
31. A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.
32. A hahela Baale tempele Samaria, mme kahara yona a mo hahela aletare.
33. Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashera, a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, hoo a ileng a mo halefela ho feta dikgosi tsohle tse bileng teng pele ho yena.
34. Mehleng eo ya Akabe, Hiele wa Bethele o ile a tsosa motse wa Jeriko. Ha a rala metheo ya marako a motse, a shwelwa ke Abirame, mora wa hae wa matsibolo; ha a haha menyako a shwelwa ke Segube, mora wa hae wa lethopo, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka molomo wa Joshua, mora wa Nune.
22. Bakeng sa dijo ba nneile leshokgwa, ha ke nyorilwe ba nnea asene.
23. Eka dijo tsa bona di ka ba fetohela leraba, mekete ya bona ya mahlabelo ya ba fetohela letlowa.
24. Eka mahlo a bona a ka fifala, ba se ke ba bona, matheka a bona a nonyoloha hoyahoile.
25. Theolela kgalefo ya hao hodima bona, mollo wa bohale ba hao o ba fumane.
26. Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona.
27. Ba hlorisa eo o seng o mo shapile, ba eketsa bohloko ba eo o mo otlileng.
28. Ba ekeletse bobe hodima bobe ba bona, ba se ke ba fumanwa ke wena ba lokile;
25. Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.
26. Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona.
1. E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.
2. Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.
3. Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
4. a tloha dijong, a hlobola seaparo, mme a nka thaole, a itlama ka yona thekeng.
5. A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.
6. Ha a etla ho Simone Petrose, eo a re ho yena: “Morena, na ke wena o ka ntlhatswang maoto?”
7. Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”
8. Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!” Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.”
9. Simone Petrose a re ho yena: “Morena, e se be maoto a ka feela, empa le wona matsoho le hlooho!”
10. Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.”
11. O ne a tseba ya tla mo eka, mme ke ka baka leo a itseng: “Ha le a hlweka bohle.”
12. Jwale ha a ba hlatswitse maoto, a apara seaparo sa hae, a boela a dula, a re ho bona: “Na le utlwisisa seo ke se entseng ho lona?
13. Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena.
14. Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.
15. Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse.
16. Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.
17. Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.
18. “Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe, a tshwanetse ho phethahala.
19. “Ke le bolella e sa le jwale, pele ho etsahala, hore le tle le dumele ha ho etsahala, hore nna e ntse e le nna.
20. Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.