1. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo.
2. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi, e leng selemo sa bohlano kgosi Jehoyakine a thopilwe,
3. lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla.
4. Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo.
5. Hara sefefo seo ho ne ho ena le ho kang dibopuwa tse nne, tse phelang. Sebopeho sa tsona se ne se tshwana le sa motho,
6. empa se seng le se seng sa dibopuwa tsena se ne se ena le difahleho tse nne, le mapheo a mane.
7. Meomo ya tsona e ne e otlolohile; bohato ba maoto a tsona bo ka tlhako ya namane. A ne a phatsima jwaloka lethose le hlakodisitsweng.
8. Tlasa lepheo ka leng ho ne ho ena le letsoho le kang la motho. Bone ba tsona di ne di ena le difahleho le mapheo.
9. Mapheo a tsona a ne a thetsana. Ha di ne di tsamaya, di ne di toba pele feela, di sa retelehe.
10. Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.
11. Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo. Mapheo a tsona a ne a thathaletse, a lebile hodimo. Mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thetsana le a sebopuwa se seng, mme mapheo a mang a mabedi a kwahetse mmele.
12. Sebopuwa ka seng ha se tsamaya se ne se toba pele feela. Di ne di eya hohle moo moya o neng o rata ho ya teng. Ha di tsamaya, di ne di sa retelehe.
13. Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.
14. Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima.
15. Ha ke ntse ke tadimile dibopuwa tsena tse phelang, ka bona lebidi le le fatshe ka lehlakoreng la sebopuwa ka seng, se nang le difahleho tse nne.
16. Mabidi ana a mane a ne a tshwana; lebidi ka leng le ne le phatsima jwaloka lehakwe la bohlokwa, le le jwalokaha e ka le kena kahara lebidi le leng.
17. Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya.
18. Mabanta a wona a ne a phahame, a tshabeha, mme bone ba wona a tletse mahlo ho a potapota.
19. Ha dibopuwa tsena tse phelang di tsamaya, le mabidi a mahlakoreng a tsona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di phahama, mabidi le wona a ne a phahama.
20. Hohle moo moya o neng o rata ho ya teng, dibopuwa le tsona di ne di eya teng, mme mabidi le wona a ye le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.
21. Ha dibopuwa di tsamaya, mabidi le wona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dibopuwa di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.
22. Ntho e kang loapi, e benyang jwaloka leqhwa, e tshabehang haholo, e ne e okametse dibopuwa tsena tse nne, tse phelang.
23. Katlasa loapi lena, mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thathaletse, a thetsane le a sebopuwa se seng, a mang a mabedi a kwahetse mmele wa sebopuwa ka seng.
24. Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.
25. Ha di ntse di eme jwalo, di phuthile mapheo a tsona, ha utlwahala lentswe le tswang kahodimo ho loapi le okametseng dihlooho tsa tsona.
26. Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho.
27. Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe.
28. Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.
1. Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.”
2. Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna.
3. La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.
4. Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: Morena Modimo o bua tjena.
5. Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.
6. Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.
7. O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
8. Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”
9. Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka
10. eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.
153. Ako tadime ho hlopheha ha ka, o nnamolele, hobane ha ke a lebala Molao wa hao.
154. Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao.
155. Pholoho e holehole le ba kgopo, hobane ha ba batle thato ya hao.
156. Lerato la hao le leholo, Morena; ako nnee bophelo ho ya ka dikahlolo tsa hao.
157. Ba bangata ba ntlhorisang, le ba ntwantshang ba bangata, empa ha ke furalle ditemoso tsa hao.
158. Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele.
159. Morena, bona kamoo ke ratang ditaelo, ke ratang taelo tsa hao kateng! Ako nnee bophelo ho ya ka mohau wa hao.
160. Nnete ke moko wa lentswe la hao, dikahlolo tsohle tsa hao ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.
12. Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.
1. Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,
2. empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.
3. Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
4. O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.
5. Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse?” “Kapa a re: “Ke tla ba Ntatae, le yena e be Mora wa ka?”
6. Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re: “Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.”
7. Ha e le ka mangeloi ho itswe: “O etsa mangeloi a hae meya, le basebeletsi ba hae malakabe a mollo.”
8. Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.
9. O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.”
10. Hape ho itswe: “Wena Morena, tshimolohong o ne o hlole lefatshe, mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.
11. Tsohle di tla timela, empa wena o tla sala; tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo.
12. O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.”
13. Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”
14. Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?