1. Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang, ke mametse tsohle tseo le ileng la mpolella tsona. Ke le neile kgosi e tla le busa.
2. Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.
3. Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”
4. Setjhaba sa re: “Ha o eso ka o re qhekanyetsa, kapa o re hatella, kapa o amoha motho eng kapa eng.”
5. Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.” Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”
6. Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.
7. Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.
8. “Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.
9. “Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.
10. Ba ipiletsa ho Morena, ba re: Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.
11. Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.
12. “Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: Tjhe, re batla kgosi e tla re busa, empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.
13. Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.
14. Haeba le ka tshaba Morena, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, la se ke la fetohela melao ya hae, mme lona le kgosi e le busang la latela Morena Modimo wa lona, le tla atleha.
15. Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.
16. “Ka baka leo, emang, le bone ntho ena e kgolo, eo Morena a tla e etsa moo le ntseng le bona.
17. Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.”
18. Jwale Samuele a ipiletsa ho Morena, mme ka lona letsatsi leo Morena a romela diaduma le pula. Setjhaba sohle sa tshaba Morena le Samuele haholo.
19. Yaba setlhaba sohle se re ho Samuele: “Rapella bahlanka ba hao ho Morena Modimo wa hao, hore re se ke ra shwa, hobane ka ho ikopela kgosi, re ekeditse bobe bo bong hodima dibe tsohle tsa rona.”
20. Samuele a re ho setjhaba: “Le se ke la tshaba. Ruri, lona bohle, le entse bobe bona bohle. Empa le se ke la furalla Morena; le sebeletse Morena ka dipelo tsa lona tsohle.
21. Le se ke la kgeloha, la latela dintho tsa mafeela, tse ke keng tsa le thusa ka letho, kapa tsa le namolela, hobane ke mafeela.
22. Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.
23. Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.
24. Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.
25. Empa haeba le tla nne le etse bokgopo, lona, le kgosi ya lona, le tla timela.”
1. Saule o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho busa Iseraele. E bile kgosi ya Iseraele ka dilemo tse pedi.
2. Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.
3. Jonathane a hlola lebotho la Bafilesita le neng le le Gibea. Bafilesita ba utlwela taba ena. Saule a laela hore ho letswe lenaka naheng yohle, a re: “Baheberu ha ba ke ba mamele!”
4. Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale.
5. Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.
6. Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.
7. Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.
8. Saule a hlola matsatsi a supileng, ho emela nako eo Samuele a neng a e beile. Empa Samuele a se ke a tla Gilegale, mme setjhaba sa qhalanela Saule.
9. Ka baka leo, Saule a re: “Ntlisetseng nyehelo ya setjheso le nyehelo ya teboho.” Saule a etsa nyehelo ya setjheso.
10. Ha Saule a qetile ho etsa nyehelo ya setjheso, ba bona Samuele a fihla. Saule a mo kgahlanyetsa, a mo dumedisa.
11. Yaba Samuele o re ho yena: “O entseng?” Saule a re: “Ke ile ka bona hore setjhaba se a nqhalanela, le hore le wena ha o fihle ka nako eo o neng o e beile, le hore Bafilesita ba kopanetse Mikemase.
12. Ka baka leo, ke ile ka re: Bafilesita ba tla theohela ho nna, Gilegale, empa ha ke eso ka ke rapela Morena, mme ka fumana ke tlameha hore ke etse nyehelo ya setjheso. ”
13. Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.
14. Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”
15. Samuele a ema, a tloha Gilegale, a nyolohela Gibea e Benjamine. Saule a bala batho bao a neng a ena le bona, mme ya eba banna ba ka bang makgolo a tsheletseng.
16. Saule le mora wa hae Jonathane, le banna bao a neng a ena le bona, ba hlola Gibea e Benjamine, empa Bafilesita bona ba hloma Mikemase.
17. Banna ba futuhang ba tswa diahelong tsa Bafilesita, ba le dihlopha di tharo. Sehlopha se seng sa nka tsela e yang Ofera, naheng ya Shuale;
18. sehlopha se seng sa nka tsela e yang Bete-Horone, mme sehlopha sa boraro sa nka tsela e yang moeding o okametseng kgohlo ya Seboime, ka nqa lehwatateng.
19. Mehleng eo ho ne ho se na lelala le ka fumanwang naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesita ba ne ba re: “Baiseraele ba se tshohe ba iketsetsa disabole kapa marumo.”
20. Empa Baiseraele bohle ba ne ba ye ba ye ho Bafilesita, e mong le e mong a yo leotsa sekara sa hae, le sekele ya hae, le selepe sa hae, le peke ya hae.
21. Tefiso ya ho leotsa selepe le tsenene e ne e le silefera e etsang boima ba dikeramo tse ka bang nne, ya ho leotsa sekara le mohoma wa matsoho e ne e le tse ka bang robedi.
22. Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona.
23. Bahlabani ba Bafilesita ba ne ba laletse lekgalong la Mikemase.
1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate.
2. Oho, Modimo, ako nkgauhele, hobane batho ba a nkgatakela, ba ntwantshang ba mpatisitse kamehla,
3. Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla, ba bangata ba ntwantshang.
4. Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.
5. Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?
6. Ba sotha dipuo tsa ka kamehla, merero yohle ya bona e ntswalla bobe.
7. Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.
8. Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao.
9. O tseba ho lelera ha ka, o kgakeleditse meokgo ya ka, o e kgakeleditse ka lefiswana; na tsee ha di a ngolwa bukeng ya hao?
10. Ha ke ipiletsa ho wena, dira tsa ka di tla tjhetjha. Ke a tseba hore Modimo o na le nna.
11. Ke rorisa Modimo hobane ke a mo tshepa, ke rorisa Morena hobane ke a mo tshepa.
12. Ke tshepile Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?
13. Modimo, dikano tsa ka ho wena di ntlamile; ke tla o nyehella ka mahlabelo a teboho,
21. Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng.
22. Ya sa rateng dikeletso merero ya hae e a nyopa, ya eletswang ke ba bangata yena o a atleha.
23. Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!
47. Yare Jesu a sa bua, ha hlaha letshwele, mme e mong wa ba leshome le metso e mmedi ya bitswang Judase, o ne a le eteletse pele. Yaba o atamela ho Jesu, hore a mo ake.
48. Jesu a re ho yena: “Judase, na o ka eka Mora Motho ka kako na?”
49. Yare ha ba potapotileng Jesu ba bona se tla etsahala, ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?”
50. Yaba e mong wa bona o se a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe ya letsoho le letona.
51. Jesu a re: “Tlohelang, ho lekane!” Yaba o ama tsebe ya hae, o a mo fodisa.
52. Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee?
53. Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”
54. Yare hoba ba mo tshware, ba mo isa ha Moprista e Moholo. Petrose a latela a le sebakana.
55. Ha ba se ba besitse mollo hara lebala, mme ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.
56. Lekgabunyane le leng ha le mmona a dutse mollong, la mo tadimisisa, la re: “Le enwa o ne a ena le yena.”
57. Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”
58. Ho se hokae e mong a mmona, a re: “Le wena o wa bona.” Petrose a re: “He, monna, ha ke yena!”
59. Ha ho fetile nako e ka bang hora, e mong hape a tiisa, a re: “Kannete le enwa o ne a ena le yena, etswe ke Mogalelea.”
60. Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.
61. Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”
62. A tswela kantle a lla habohloko.
63. Banna ba tshwereng Jesu ba mo soma, ba mo otla.
64. Ba ne ba mo kgurumetsa sefahleho, ba mmotsa, ba re: “Porofeta! Ke mang ya o otlileng?”
65. Ba mmuela le tse ding tse ngata ka ho mo nyefola.
66. Ha bo sele, lekgotla la baholo ba setjhaba la phutheha, le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tlisa Jesu kgotleng la bona,
67. ba re: “Haeba o le Kreste, re bolelle.” A re ho bona: “Ha nka le bolella, ha le ka ke la ntumela,
68. mme ha nka le botsa, ha le ka ke la nkaraba.
69. Empa ho tloha jwale, Mora Motho o tla dula ka letsohong le letona la Modimo ya matla wohle.”
70. Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?” Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.”
71. Ba re: “Re sa hloka bopaki ba eng? Re ikutlwetse molomong wa hae.”