Bibele ka selemo se le seng

1. Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.
2. Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.
3. Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.”
4. Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.
5. Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.
6. Ha ho bophelo ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hloohong, ke maqeba le matetetso le diso tse petlang, ha di eso hlatsuwe kapa tsa tlamiswa, le ho tlotswa ka ole ha di eso tlotswe.
7. Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona.
8. Moradi wa Sione o silwe jwaloka lephephe tshimong ya morara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o etseditsweng thibella.
9. Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!
10. Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona!
11. Morena o re: “Molemo wa mahlabelo a lona ho nna ke ofe, mahlabelo a lona a mangatangata? Ke tennwe ke nyehelo tsa lona tsa setjheso, ke tennwe ke mafura a dipheleu le a phoofolo tse nontshitsweng; ha ke thabele madi a dipohwana, le a dikonyana le diphooko.
12. Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna, ke mang ya le kopileng ho tla hatakela mabala a ka?
13. Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.
14. Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.
15. Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.
16. Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo.
17. Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele.
18. “Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.
19. Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena;
20. haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena.
21. Motse o tshepahalang o fetohile seotswa se jwang! Pele o ne o tletse toka, ho loka ho ahile hara wona, empa jwale o tletse babolai.
22. Silefera ya wona e fetohile manya, veine ya wona e hlapolotswe ka metsi.
23. Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.
24. Ka baka lena, Morena, Morena mabotho, Ya Matla wa Iseraele o re: “Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa, ke e hlatsetse hodima dira tsa ka, ke iphetetse ho ba ntwantshang.
25. Letsoho la ka le tla o lwantsha, ke o hlatswisise manya a hao, ke fedise ho se hlweke ha hao.
26. Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang.
27. “Toka e tla pholosa Sione, ba bakang ba pholoswe ke ho loka.
28. Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela.
29. “Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng.
30. Le tla tshwana le fate sa eike, se ponang mahlaku, le be jwaloka serapa se omeletseng.
31. Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.”
1. Sena ke seo Esaya, mora wa Amose, a ileng a se senolelwa mabapa le Juda le Jerusalema:
2. Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.
3. Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.
4. Morena o tla ahlolela ditjhaba, a fedise ho se utlwane hara tjhaba tse ngata; sabole tsa tsona di tla di etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele, tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa.
5. Lona ba ntlo ya Jakobo tloong, a re tsamayeng seding la Morena.
6. Morena, o lahlile tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, se tletse tumelo tse tswang Botjhabela, e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita, se kgomaretse meetlo ya baditjhaba.
7. Naha ya sona e tletse silefera le kgauta, matlotlo a tsona ha a na pheletso; naha ya sona e tletse pere tse ngata, kariki tsa sona tsa ntwa ha di na palo.
8. Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.
9. Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena.
10. Ipateng hara mafika, le ipate le madumeleng, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botlotlehi ba hae!
11. Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.
12. Tsatsi le teng le beilweng ke Morena wa mabotho, le beetsweng baikgantshi le baikgohomosi, le bohle ba ikakasang, hore a tla ba kokobetse;
13. le beetswe le kedare tsa Lebanone, dikedare tse telele, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane;
14. le dithaba tsohle tse tlhoro di telele, le maralla wohle a phahameng;
15. le tora e nngwe le e nngwe e phahameng, le marako wohle a haheleditsweng;
16. le dikepe tsohle tsa Tarashishe, le mesebetsi yohle e kgahlang mahlo.
17. Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;
18. medimo ya bohata e tla fediswa yohle.
19. Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.
20. Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.
21. Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.
22. Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?
1. Bokang Morena, le rapele lebitso la hae, le tumise diketso tsa hae, le di tumise hara ditjhaba.
2. Mmineleng, le mo roke, le nahane dimakatso tsa hae tsohle.
3. Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe.
4. Batlang Morena le matla a hae; le nne le batle fahleho sa hae, le se batle kamehla le mehla.
5. Hopolang dimakatso tsa hae tseo a di entseng, mehlolo ya hae, le dikahlolo tseo a di boletseng,
6. lona ba leloko la Aborahama, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, bao a ikgethetseng bona.
23. Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.
24. Ya reng ho ya kgopo: “Ha o na molato,” tjhaba di tla mo rohaka, merabe e mo nyonye;
25. empa ba ahlolang ya molato ba tla atleha, mahlohonolo a ba atele.
21. Molaong ho ngotswe, ho thwe: “Ke tla bua le setjhaba sena ka maleme a batho basele, ka maleme a baditjhaba; leha ho le jwalo ha se a ka sa mmamela,” ho rialo Morena.
22. Ho bua ka maleme asele ke pontsho e etsetswang ba sa dumelang, e seng badumedi; athe neo ya boporofeta ke ya badumedi, e seng ya ba sa dumelang.
23. Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya?
24. Empa haeba bohle ba porofeta, e mong ya sa dumeleng, kapa eo e esong ho be Mokreste, ha a kena o tla kgodiseha, mme a ahlolwe ke se buuwang ke bohle.
25. Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”
26. Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.
27. Haeba ho buuwa ka maleme asele, ho bue ba babedi, kapa ba sa feteng boraro; ba bue ka ho hlahlamana, mme e mong a hlalose.
28. Empa haeba ho se ya hlalosang, sebui le sona se thole phuthehong; se mpe se bue ka pelo, se bue le Modimo.
29. Ho ba porofetang ho bue ba babedi, kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.
30. Haeba e mong, phuthehong, a senolelwa ho hong, ya ntseng a bua a thole, ba bang ba ahlole se bolelwang.
31. Bohle le ka porofeta, empa e be ka tlhlahlamano, e le hore bohle ba tle ba ithute, mme bohle ba kgothatswe.
32. Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,
33. hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,
34. eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.
35. Haeba ho ena le seo ba lakatsang ho se tseba, eka kgona ba botse banna ba bona ha ba le malapeng a bona, hobane ho dihlong hore mosadi a bue phuthehong.
36. Na ebe lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa na ke lona feela ba le amohetseng?
37. Haeba e mong o teng ya lekanyang hore ke moporofeta, kapa o na le neo ya Moya wa Modimo, eka kgona a hlokomele hore tseo ke le ngollang tsona ke molao wa Morena.
38. Empa haeba motho a sa amohele tsena, le yena a ke ke a amoheleha ho Modimo.
39. Ka baka leo, bana beso, batlang neo ya ho porofeta, le se ke la thibela ba buang ka maleme asele.
40. Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.