1. Ka kgwedi ya pele, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, Morena a bua ho Moshe a le lehwatateng la Sinai, a re:
2. “Bana ba Iseraele ba tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona.
3. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la yona kgwedi ena, ka phirimana, le tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Le tla o etsa ho ya ka melao yohle ya wona, le ho ya ka ditaelo tsohle tsa wona.”
4. Moshe a bolella bana ba Iseraele hore ba etse mokete wa Paseka.
5. Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.
6. Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo.
7. Banna bao ba re ho Moshe: “Re sesila ka baka la setopo sa motho e mong; ke ka baka lang re sa dumellweng ho etsa nyehelo ya Morena, ka nako ya yona, mmoho le bana ba Iseraele?”
8. Moshe a re ho bona: “Nkemeleng, nke ke utlwe seo Morena a tla ntaela sona malebana le lona.”
9. Morena a bua ho Moshe, a re:
10. “Bolella bana ba Iseraele, o re: Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka.
11. Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka phirimana, ba tla etsa mokete wa Paseka, ba je le bohobe bo sa lomoswang, le moroho o babang.
12. Ba se ke ba itshiela letho bakeng sa hosasane, ho se be le lesapo le rojwang. Ba tla o etsa ho ya ka melao yohle ya mokete wa Paseka.
13. Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.
14. “ Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha. ”
15. Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.
16. Kamehla ho ne ho ye ho be jwalo, leru le kwahele Tente ya Morena, bosiu e be kganare ya mollo.
17. Ha leru le ne le phahama ho tloha hodima Tente, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme moo leru le theohelang hodima Tente ya Morena ha ba le hona teng, ebe bana ba Iseraele ba hloma hona teng.
18. Ka taelo ya Morena bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba hlome. Ka matsatsi wohle ha leru le ntse le kgurumeditse Tente ya Morena, ba ne ba ye ba dule diahelong.
19. Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba boloke taelo ya Morena, ba se ke ba tswela pele leetong.
20. Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ka matsatsi a seng makae; ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba dule diahelong, mme ka taelo ya Morena ebe ba tswela pele leetong.
21. Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ho tloha ka phirimana ho isa hoseng; ere ha leru le phahama hoseng, ebe ba tswele pele leetong. Kapa haeba leru le phahama motsheare kapa bosiu, ebe ba tswela pele leetong.
22. Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.
23. Ka taelo ya Morena, ba ne ba ye ba hlome, mme ka taelo ya Morena ba tswele pele leetong. Ba boloka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a ba laetse ka Moshe.
1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Etsa diterompeta tse pedi tsa silefera, o di etse ka silefera e thutsweng. O tla di sebedisa ha o bitsa setjhaba, leha ho tswelwa pele leetong.
3. Ha diterompeta tsena di letswa bobedi ba tsona, setjhaba sohle se tla phuthehela ho wena, kapele ho monyako wa Tente ya Morena.
4. Empa ha ho letswa terompeta e le nngwe, mahosana, e leng dihlooho tsa diketekete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.
5. “Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong.
6. Ha o hlaba mokgosi wa bobedi ka terompeta, ba diahelong tse ka borwa ba tla tswela pele leetong. Kamehla ha ho hlwajwa mokgosi, ba tla tswela pele maetong a bona.
7. Empa ha setjhaba se lokela ho phutheha mmoho, o tla letsa terompeta, feela o se ke wa hlaba mokgosi.
8. “Bara ba Arone, e leng baprista, ke bona ba tla letsa terompeta. Ho letsa diterompeta e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, le ho meloko ya lona.
9. “Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.
10. Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”
11. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi, leru la phahama, la tloha hodima Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.
12. Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.
13. Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe.
14. Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe.
15. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Isakare e ne e le Netanele, mora wa Suare.
16. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Sebulone e ne e le Eliabe, mora wa Helone.
17. Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong.
18. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa Rubene ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshure, mora wa Shedeure.
19. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bara ba Simeone e ne e le Shelomiele, mora wa Surishadai.
20. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Gade e ne e le Eleasafo, mora wa Deuele.
21. Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.
22. Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude.
23. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Manase e ne e le Gamaleele, mora wa Pedasure.
24. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Benjamine e ne e le Abidane, mora wa Gidoni.
25. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.
26. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Ashere e ne e le Pagiele, mora wa Okerane.
27. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Nafthali e ne e le Ahira, mora wa Enane.
28. Ona e bile mokgwa oo bana ba Iseraele ba neng ba ye ba tswele pele ka wona leetong, ho ya ka mabotho a bona, ha ba tsamaya.
29. Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: Ke tla le nea sona. Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.”
30. Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”
31. Moshe a re ho Hobabe: “Se tlohe hara rona, ke a o rapela, hobane o a tseba hore na diahelo tsa rona re tla di hloma jwang lehwatateng, mme e tla ba wena mahlo a rona.
32. Haeba o eya le rona, molemo oo Morena a re etsetsang wona, le rona re tla o etsetsa wona.”
33. Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.
34. Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong.
35. Ha areka e tloha, Moshe o ne a ye a re: “Tsoha, Morena, dira tsa hao di qhalane! Batho ba o hloileng ba balehe kapele ho wena!”
36. Ha areka e bewa fatshe, Moshe o ne a ye a re: “Oho, Morena, kgutla, kgutlela ho ba dikete tsa diketekete ba Iseraele!”
6. Ke bea moya wa ka matsohong a hao; o ntopolotse Morena, Modimo ya tshepahalang.
7. O hloile ba sebeletsang medimo ya bohata, athe nna ke tshepile Morena.
8. Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka;
9. ha o a ka wa nneella dira tsa ka, empa o ntsamaisa ka bolokolohi.
10. Nkgauhele Morena, hobane ke matshwenyehong; mahlo a ka a motela ke maswabi, esita le moya wa ka, le mmele wa ka.
11. Bophelo ba ka bo fedile, bo fedile ke mahlomola, dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa; matla a ka a fediswa ke ho hlopheha, le masapo a ka a kgathetse.
12. Nna ke sekgobo ho dira tsa ka tsohle, haholoholo ho bao ke ahisaneng le bona, ke koko ho metswalle ya ka, ba mponang ditseleng ba a mpaleha.
13. Ha ke sa hopolwa; jwalokaha eka ke mofu, ke tshwana le ntho e lahlilweng.
14. Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata, ke tshoswa ka nqa tsohle; batho ba nkunuta ba le mmoho, ba rera ho fedisa bophelo ba ka.
7. Ha ya kgopo a eshwa, tshepo ya hae e a fela, maruo ao a neng a a tshepile le wona a a fela.
8. Ya lokileng o pholoswa tsietseng ya hae, ebe ya kgopo yena o wela ho yona.
9. Polelo tsa ya kgopo di timetsa mohahabo, empa ya lokileng yena o pholoswa ke tsebo.
10. Ha ba lokileng ba atleha motse o a nyakalla, ha ba kgopo ba timela, hara motse ke medidietsane.
11. Ho hlohonolofatswa ha ba lokileng ho haha motse, athe leme la ya kgopo lona le a o timetsa.
30. Ba tloha moo, mme ba haola Galelea. Jesu o ne a sa rate ha ho ka tseba motho,
31. hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.”
32. Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa.
33. Ba fihla Kaperenauma. Jesu ha a le ka tlung, a ba botsa, a re: “Le ne le pheisana kgang ya eng tseleng?”
34. Ba kgutsa, hobane ba ne ba ile ba pheisana kgang tseleng ka ho re na e moholo ke ofe.
35. Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”
36. A nka ngwana, a mo emisa kapele ho bona, mme hoba a mo sike, a re ho bona:
37. “Mang le mang ya amohelang e mong wa bana ba jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.”
38. Johanne a re ho yena: “Moruti, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, mme ra mo thibela, hobane a sa re latele.”
39. Jesu a re: “Le se ke la mo thibela, kahobane ha ho ya ka etsang ketso e hlollang ka lebitso la ka, ebe a ka phakisa a mpua hampe,
40. hobane ya sa re lwantsheng o eme le rona.
41. Kannete ke a le bolella, mang le mang ya le fang mohope wa metsi kahobane le le ba Kreste, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.
42. “Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.
43. Haeba letsoho la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane, ho ena le ho ya diheleng, mollong o sa timeng, o ena le matsoho a mabedi,
44. moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng.
45. Haeba leoto la hao le o dihela sebeng, le pome; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le kotwane, ho ena le ho lahlelwa diheleng o ena le maoto a mabedi,
46. moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng.
47. Haeba leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye; ho molemo ho wena ho kena Mmusong wa Modimo o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa diheleng o le mahlo a mabedi,
48. moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng,
49. hobane e mong le e mong o tla nokwa ka mollo.
50. “Letswai le molemo, empa letswai ha le tapile, le ka tswaifatswa jwang? Ebang le letswai ka ho lona, mme le phedisane ka kgotso.”