Bibele ka selemo se le seng

1. Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng.
2. Baprista ba ne ba sitwa ho kena ka Tempeleng ya Morena, hobane e ne e tletse tlotla ya Morena.
3. Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re: “Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”
4. Yaba kgosi, mmoho le setjhaba sohle, e nyehella Morena ka mahlabelo.
5. Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena.
6. Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.
7. Solomone a halaletsa bohare ba seotlwana se kapele ho Tempele ya Morena, mme hona moo a etsetsa dinyehelo tsa setjheso. Ka mafura a etsa dinyehelo tsa teboho, hobane aletare ya lethose, eo a neng a e entse, e ne e ke ke ya lekana ho etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura.
8. Ka yona nako eo Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekwa ka matsatsi a supileng.
9. Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape.
10. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.
11. Solomone a qeta ho haha Tempele ya Morena le ntlo ya kgosi. Tsohle tseo Solomone a neng a rerile ho di etsa ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya hae ya bokgosi, a di phetha hantle.
12. Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona.
13. “Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka,
14. haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.
15. Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena.
16. Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.
17. “Haeba le wena o ka tsamaya ditseleng tsa ka jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,
18. ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.
19. “Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,
20. ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.
21. Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?
22. Ho tla arabelwa, ho thwe: Ke kahobane ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle. ”
1. Qetellong ya dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Solomone a ileng a haha Tempele ya Morena le ntlo ya bokgosi,
2. Solomone a tsosa metse eo Hirame a ileng a mmuseletsa yona, mme a bea bana ba Iseraele ho yona.
3. Jwale Solomone a futuhela Hamate-Soba, a e hapa.
4. A tsosa le Tademore e lehwatateng, le metse e meng eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, eo a neng a ile a e haha Hamate.
5. A tsosa Bete-Horone e kahodimo, le Bete-Horone e katlase, e leng metse e haheleditsweng ka marako, e nang le dikgoro, le mekwallo.
6. A tsosa le Baalate, le metse e meng ya hae, eo ho bolokwang, dijo le dihlomo ho yona, le metse yohle eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang. A haha tsohle tseo a neng a rata ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.
7. Masalla wohle a setjhaba sa Bahete, le sa Baamore, le sa Baperise, le sa Bahife, le sa Bajebuse, ao e neng e se Baiseraele,
8. e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
9. Empa Solomone ha a a ka a fetola bana ba Iseraele makgoba; bona e ne e le bahlabani, le baokamedi ba balaodi ba mabotho a hae, le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa, le balaodi ba bahlabani ba palamang.
10. Bana e ne e le baokamedi ba baholo ba kgosi Solomone, ba neng ba busa setjhaba. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a mahlano.
11. Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”
12. Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule.
13. A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe.
14. Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.
15. Ha ba a ka ba fapoha ditaelo tsa kgosi malebana le baprista le Balevi tabeng efe kapa efe, le tabeng e amanang le matlole.
16. Solomone a etsa mosebetsi wohle wa hae, ho tloha mohla ho thewang Tempele ya Morena, ho fihlela e fela. Yaba mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena o a phethwa.
17. Jwale Solomone a ya Esione-Gebere, le Elate, lebopong la lewatle le naheng ya Edomo.
18. Hurame a mo romela dikepe tse kgannwang ke bahlanka ba hae, e leng banna ba tsebang lewatle. Banna bana ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Solomone, ba kgutla ba nkile kgauta e boima ba dikilo tse ka fetang dikete tse leshome le metso e mehlano, mme ba e nea Solomone.
1. Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.
2. Oho, modisa wa Iseraele, ako re sekehele tsebe; wena ya tsamaisang leloko la Josefa, ya le tsamaisang jwaloka mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime,
3. ako iponahatse ho Efraime, le ho Benjamine, le ho Manase. Bontsha matla a hao, o re pholose.
4. Oho, Modimo, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe.
5. Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?
6. O se phedisa ka dikgapha jwalokaha eka ke bohobe, o se nwesa meokgo e mengata.
15. Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.
26. “Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,
27. hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.
28. Leha ba sa ka ba fumana a ena le molato o lokelang lefu, ba kopa Pilato hore a bolawe.
29. Ha ba se ba phethile tsohle tse ngotsweng ka yena, ba mo theola sefapanong, ba mmea ka lebitleng.
30. Empa Modimo a mo tsosa bafung.
31. Ka matsatsi a mangata a iponahatsa ho ba neng ba nyolohile le yena ho tloha Galelea ho tla Jerusalema, bao jwale e leng dipaki tsa hae ho batho.
32. “Rona re le bolella molaetsa o molemo: Seo Modimo a neng a se tshepisitse bo-ntata rona,
33. o se phethahaditse ho rona, bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung, jwalokaha ho ngotswe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: “ O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse;
34. “le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re: “ Ke tla le nea mahlohonolo a halalelang a sebele, a tiisitsweng a Davida.
35. “Hape sebakeng se seng o re: “ Ha o ka ke wa tlohella Ya Halalelang wa hao hore a bole.
36. “Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.
37. Athe ya tsositsweng bafung ke Modimo ha a ka a bola.
38. “Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,
39. mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.
40. Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta:
41. “ Tadimang, lona banyedisi ting! Makalang, le be le timele! Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao; ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela, leha o ne o ka ba wa ho bolellwa. ”
42. Yare ha ba etswa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle ditaba tseo le ka Sabatha se latelang.
43. Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.
44. Ka Sabatha se hlahlamang motse wa batla o phutheha kaofela ho tla utlwa lentswe la Modimo.
45. Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.
46. Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.
47. Morena o re laetse tjena: “ Ke o entse lesedi la ditjhaba, hore o ise pholoho le dipheletsong tsa lefatshe! ”
48. Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.
49. Lentswe la Modimo la anetswa sebakeng seo.
50. Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.
51. Yaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ba ya Ikonione.
52. Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.