Bibele ka selemo se le seng

1. Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona.
2. A bua, a re:
3. “Tsatsi la tswalo ya ka le ke le timele, le bosiu boo ka bona ho neng ho thwe: Ho emotswe ngwana moshanyana!
4. Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi, Modimo ya hodimo a le lebale, sedi le se hlole le le tjhabela hape.
5. Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona.
6. Bosiu boo bona bo fifalle ruri, bo se balellwe le matsatsi a selemo, bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.
7. Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale.
8. Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa.
9. Naledi di se ke tsa phatsima, bo batle lesedi, bo se le fumane, bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,
10. hobane ha bo a ka ba kwala mme popelo, ha bo a ka ba nthibela ho bona maswabi.”
11. “Ke hobaneng ke sa shwelang popelong? Ke hobaneng ke sa shwang ha ke tswalwa?
12. Ke hobaneng nkileng ka sikwa? Ke hobaneng ke antseng matswele?
13. Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse, ke ithobaletse, ke phomotse ka kgotso,
14. ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla,
15. le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera;
16. ke epetswe jwaloka sefolotsana, jwaloka lesea le eso bone lesedi.
17. Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo.
18. Ba thopilweng le bona ba phela ka kgotso ha ba sa utlwa mokataki a kgarumaka.
19. Ba hlomphehang le ba eisehang ba a lekana, kgoba le holotswe kgobeng ba monga lona.”
20. “Ba ditlokotsing ba bontshetswang lesedi? Ba tubehileng moyeng ba neelwang bophelo?
21. Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele, ba le batla le ho feta letlotlo, patuwe.
22. Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.
23. Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela?
24. Bakeng sa ho ja ke tlelwa ke mefehelo, medumaelo ya ka e phutsalle sa diphororo!
25. Seo ke se tshabang se nkwetse hodimo, seo ke se tshohileng jwale se mphihletse.
26. Ke hloka kgotso, ke hloka le boikgutso; ke hloka phomolo, tsietsi di nkapere!”
1. Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re:
2. “Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae?
3. Hopola kamoo o rutileng ba bangata kateng, wa matlafatsa matsoho a tepeletse!
4. Polelo tsa hao di tsheheditse ba kgoptjwang, wa matlafatsa mangwele a rerekela.
5. Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama; ere e o fihlela ebe o a thethelwa!
6. Ho tshaba Modimo ha hao hase hona letshepa la hao, ho hloka kodi ha hao yona ntshepedi ya hao?
7. “Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe ya kila lahleha? Ba lokileng bona ba kile ba timetswa hokae?
8. Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.
9. Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.
10. Lekakuba le a puruma, tautona e kgarumake, meno a ditawana a fetohe, a fetohe dikotwana.
11. Tautona e shwa ke ho hloka sebolawa, tawana tsa tauhadi di phasaphase kahohle.”
12. “Ke ile ka nyenyeletswa ka lekunutu, ka longwa tsebe ka ba ka hwesheletswa.
13. Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katela,
14. tshabo le thothomelo tsa nkwela hodimo, masapo wohle a mmele a keqemana.
15. Seriti sa falola kapela mahlo a ka, mmeleng wa ka mohwete wa iketsa diqala!
16. Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile, sa sona sobepeho ke sa se tsebe! Sa ema kapela mahlo a ka, ha didimala, ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:
17. Na ya shwang a ka loka mahlong a Modimo, a hlweka le mahlong a Mmopi wa hae?
18. Ha Modimo a sa tshepe bahlanka ba hae, mangeloi a hae a a qosetsa bohelehele;
19. a ka tshepa jwang ba meqhemeng ya makwete, ba bopilweng ka role la lefatshe, ba phetshelwang habonolo jwaloka tshwele?
20. Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho.
21. Dimapo tsa tente tsa bona di a motsulwa, ba be ba shwe ba hloka bohlale! ”
14. “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,” ho rialo Morena, “ke mo sireletse, hobane o tseba lebitso la ka.
15. Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.
16. Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele, ke mmontshe ho pholosa ha ka.”
15. Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.
1. Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,
2. hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.
3. Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.
4. Hona ho entse hore se batlwang ke Molao se tle se phethwe ke rona ba laolwang ke Moya, e seng ke botho.
5. Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya,
6. mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.
7. Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.
8. Ba laolwang ke botho ba sitwa ho kgahlisa Modimo.
9. Lona ha le laolwe ke botho, le laolwa ke Moya, haeba Moya wa Modimo o fela o phela ka ho lona; athe ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa Kreste.
10. Empa haeba Kreste a phela ka ho lona, mmele o tla shwa ka baka la sebe, athe Moya o Halalelang o tla le phedisa ka baka la ho lokafatswa ha lona.
11. Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.
12. Ka baka leo, bana beso, ha re a tlangwa ke botho hore re phele ka ho ya ka botho.
13. Ha le phela ka ho ya ka botho, le tla shwa, empa haeba le bolaya diketso tsa botho ka Moya, le tla phela.
14. Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.
15. Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
16. Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.
17. Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.
18. Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.
19. Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo,
20. hobane dihlodilweng di beilwe pusong ya lefeela, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng pusong ya lona. Leha ho le jwalo, tshepo e teng ya hore
21. le tsona dihlodilweng di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di be le kabelo tokolohong e tlotlehang ya bana ba Modimo.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.