Bibele ka selemo se le seng

1. Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle.
2. O tla di amoha mohale le mohlabani, moahlodi le moporofeta, senohe le moholo wa setjhaba;
3. le molaodi wa bahlabani le lehosana, moeletsi le setsebi sa mesebetsi, le ya hlalefetseng ho upella.
4. Baokamedi ba bona e tla ba bashanyana, tlokotsebe tsa bana e be babusi ba bona.
5. Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.
6. Motho o tla tshwara e mong wa bana babo, a mo tshware a le lapeng labo, a re: “O na le seaparo, eba mmusi wa rona, masupi ana a ke a buswe ke wena!”
7. Mohlang oo eo o tla meketsa, a re: “Ha nka ke ka ba pheko ya lona, lapeng ha ka ha ke na dijo le seaparo, o ke ke wa nketsa mmusi, mmusi wa tjhaba sena!”
8. Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.
9. Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!
10. Tsebisa ba lokileng hore tsohle di tla loka, ba tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya bona.
11. Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.
12. Batjha ba hatella tjhaba sa ka, basadi ke bona babusi ba sona; tjhaba sa ka, badisa ba lona ba a le kgelosa, ba le faposa tseleng ya lona.
13. Morena o a ema, o bolela qoso ya hae, o a ema, o ahlola ditjhaba.
14. Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.
15. Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho.
16. Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana.
17. Kahoo Morena o tla kgophosa hlooho tsa bona, hlooho tsa bona a di phumole mafatla.”
18. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba amoha mekgabiso: mefitshane le meqhaka le difaha tsa molala;
19. masale, dipetja le wona masira;
20. le dikola, le dithoto, le dinyepa, le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;
21. le masale a monwana le masale a dinkong,
22. le diaparo tse majabajaba, le ditipe, le mekotlana;
23. le diipone, le diaparo tsa lene, le dituku, le ditjale.
24. Bakeng sa monko o monate ho tla nkga phu! Bakeng sa senyepa e be lerapo, bakeng sa moriri o lohilweng ba phumohe mafatla, bakeng sa aparo tse ntle e be tse mahwashe, bakeng sa fahleho tse borethe e be tse mabadi.
25. Bana ba lona ba tla bolawa ka sabole, e leng bona bahale ba lona ntweng.
26. Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.
1. Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”
2. Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.
3. Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema.
4. Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.
5. Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.
6. Tlotla eo ya hae e tla sireletsa motse motjhesong wa letsatsi, e be motse oo ho tshabelwang ho wona mohla dipula le difefo.
7. Morena ke yena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.
8. Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla, tshepiso eo a e entseng, a e etsetsa meloko e sekete;
9. selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, le kano eo a e entseng, a e etsetsa Isaka,
10. hore e be molao o tiileng ho Jakobo, le lekane sa kamehla yohle ho Iseraele,
11. ha a re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e le lefa leo ke o abelang lona.”
12. Ha ba ne ba sa le mmalwana, e le bajaki ba seng bakae naheng eo,
13. ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong, ba eya ho o mong,
14. Modimo ha a a ka a dumela, a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalema dikgosi, a re:
15. “Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.”
16. Jwale a dihela tlala lefatsheng, dijo tsohle tse ba phedisang a di fedisa;
17. yaba o romela monna e le selelekela: Josefa a rekiswa ho ba lekgoba.
18. Ba mo hlokofatsa ka ho mo tlama maoto ka ditshepe, ba mmofa ka mahlaahlela,
19. ho fihlela se etsahala, seo a se boletseng e sa le pele, mme a pakwa ke lentswe la Modimo.
20. Kgosi ya laela hore a tlamollwe, mmusi wa ditjhaba a mo lokolla.
21. Ya mo etsa mookamedi wa lelapa la yona, le mmusi wa tsohle tseo e di ruileng,
22. a tle a rute mahosana ho ya ka thato ya hae, a hlalefise baholo ba setjhaba sa yona.
26. Ya arabang ka bokgabane o supa setswalle sa nnete.
27. Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao.
1. Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona,
2. oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
3. Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng,
4. le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.
5. O ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi.
6. Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.
7. A nto iponahatsa ho Jakobo, kamorao ho moo ho baapostola kaofela.
8. Qetellong, kamorao ho bohle, a iponahatsa ho nna, ya jwaloka sefolotsana.
9. Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo.
10. Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.
11. Jwale leha e le nna kapa bona, re ruta jwalo, le lona le dumela jwalo.
12. Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo?
13. Haeba tsoho ya bafu ha e yo, le Kreste ha a ya tsoha bafung,
14. mme haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, thuto ya rona le tumelo ya lona ke lefeela.
15. Ho feta moo, haeba ke nnete hore ha ba tsohe, re pakela Modimo ka leshano, hobane re re o tsositse Kreste bafung, empa a sa mo tsosa.
16. Haeba bafu ba sa tsohe, le yena Kreste ha a ya tsoha.
17. Jwale haeba Kreste ha a ya tsoha bafung, tumelo ya lona ke lefeela, le sa ntsane le le dibeng tsa lona.
18. Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse.
19. Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.
20. Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.
21. Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.
22. Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.
23. E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.
24. Kamorao ho moo e tla ba bofelo, mohla Kreste a busetsang borena ho Modimo Ntatae, hoba a fedise mebuso yohle, le borena bohle, le matla wohle,
25. hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.
26. Lefu ke sera sa ho qetela se tla fediswa.
27. Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste.
28. Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.