Bibele ka selemo se le seng

1. Hoba kgosi Akabe a shwe, Bamoabe ba fetohela Baiseraele.
2. Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”
3. Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone?
4. Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: O ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa. ” Yaba Elia o a ikela.
5. Maqosa a kgutlela ho kgosi, mme kgosi ya a botsa, ya re: “Le kgutletseng?”
6. A re ho yona: “Monna e mong o ile a nyoloha, a re kgahlanyetsa tseleng, a re ho rona: Kgutlelang ho kgosi e le rommeng, mme le re ho yona, Morena o bua tjena: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo o roma maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka baka lena, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa. ”
7. Kgosi ya a botsa, ya re: “E ne e le motho ya jwang, eo ya ileng a nyoloha ho tla le kgahlanyetsa, mme a le bolella ditaba tsee?”
8. Maqosa a re ho yona: “O ne a apere seaparo sa boya, a ikgahlotse letheka ka leqhama la letlalo.” Yaba kgosi e re ho wona: “Motho eo ke Elia wa Tishebe!”
9. Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.”
10. Empa Elia a araba molaodi eo wa ba mashome a mahlano, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise, wena le bahlabani ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.
11. Kgosi ya boela ya roma molaodi e mong wa bahlabani ba mashome a mahlano, le bahlabani ba hae. Molaodi eo le yena a fihla a re ho Elia: “Oho, moporofeta wa Modimo, taelo ya kgosi ke ena: Theoha kapelepele! ”
12. Empa Elia a mo araba, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise mmoho le bahlabani ba hao.” Mollo wa Modimo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.
13. Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano.
14. Mollo o se o ile wa theoha lehodimong, wa fedisa balaodi ba babedi ba pele, mmoho le bahlabani ba bona ba mashome a mahlano sehlopheng ka seng; ka baka leo, ke a o kopa: Ako nqenehele.”
15. Lengeloi la Morena la re ho Elia: “Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba.” Yaba Elia o a phahama, o theohela le molaodi eo ho kgosi.
16. Elia ha a fihla ho kgosi, a re: “Morena o buo tjena: Kahobane o rometse maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, jwalokaha eka naheng ena ya Iseraele ha ho na Modimo eo o ka mmotsang, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao; ke a o tiisetsa o tla shwa! ”
17. Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda.
18. Diketso tse ding tseo Akasiya a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
1. Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.
2. Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.
3. Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Bethele, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?” Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”
4. Elia a re ho Elisha: “Elisha, sala mona, ke a o rapela, hobane Morena o nthomile Jeriko.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Yaba ba ya Jeriko.
5. Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Jeriko, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?” Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”
6. Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.” Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona.
7. Banna ba mashome a mahlano, ba sehlopha sa baporofeta, ba ema sebakana, ba tadima ha ba babedi bao ba ema pela Jorodane.
8. Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng.
9. Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.” Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”
10. Elia a re ho yena: “O kopile ntho e thata. Leha ho le jwalo, haeba o ka mpona ha ke tloswa ho wena, kopo ya hao e tla phethahatswa, empa haeba o ke ke wa mpona, e ke ke ya phethahala.”
11. Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.
12. Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.
13. Elisha a nka seaparo sa Elia, se ileng sa wa, yaba o a kgutla, o fihla a ema hodima lebopo la Jorodane.
14. A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.
15. Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena.
16. Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.” Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!”
17. Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana.
18. Ha ba boetse ba kgutlela ho Elisha, ya neng a ntse a setse Jeriko, a re ho bona: “Na ha ke a ka ka re ho lona: Se keng la ya?”
19. Banna ba motse wa Jeriko ba re ho Elisha: “Jwalokaha le wena, monga rona, o bona, motse ona o dutse botleng, empa metsi a oona a mabe, le naha ena ke letswatlare.”
20. Elisha a re ho bona: “Ntlisetseng sekotlolo se setjha, le tshele letswai ka ho sona.” Ba mo tlisetsa sona.
21. A ya mohloding wa sediba, a tshela letswai ka ho oona, a re: “Morena o bua tjena: Ke ngakile metsi ana. Ho tloha jwale a ke ke a hlola a bolaya, kapa a etsa hore naha e be letswatlare. ”
22. Ho ya ka polelo eo Elisha a neng a e bue, metsi ao haesale a ngakeha ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
23. Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!”
24. A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.
25. Ho tloha moo a ya thabeng ya Karamele, mme ha a tloha teng a kgutlela Samaria.
9. Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse;
10. hobane dira tsa ka di bua ka nna, ba ntaletseng ba a nthera,
11. ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”
12. Modimo, se be hole le nna, Modimo wa ka, ako potlakele ho nthusa.
13. Ba ntwantshang ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele; ba ntakaletsang bobe ba ke ba fetohe sekgobo, ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.
14. Empa nna nke ke ka kgaotsa ho o tshepa, ke tla eketsa ho o rorisa.
15. Molomo wa ka o tla bolela tsa ho loka, o bolele tsa ho loka ha hao, le tsa ho pholosa ha hao kamehla, le hoja nke ke ka tseba ho di bala.
16. Ke tla bua ka tsa matla a hao, wena Morena, Morena wa ka, ke hopotse batho tsa ho loka ha hao, ho loka hoo e leng ha hao feela.
6. Leleme la sethoto le baka diqabang, polelo tsa sona di se memela ho shapuwa.
7. Sethoto se timetswa ke dipuo tsa sona, se tshwaswa ke leraba la polelo tsa sona.
8. Polelo tsa heletwane di a hlabosa, di theohela hamonate ka pelong ya motho.
1. “Tsena ke di buile ho lona hore le se ke la kweneha.
2. Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.
3. Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.
4. Empa ke le boleletse tsena, hore ha nako ya tsona e fihla, le hopole hore ke le boleletse tsona. “Ha ke a ka ka le bolella tsena ho tloha qalong, hobane ke ne ke ena le lona.
5. “Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: O ya kae?
6. Kahobane ke le boleletse tsena, dipelo tsa lona di tletse maswabi.
7. Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.
8. Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo;
9. ka tsa sebe, hobane ba sa dumele ho nna;
10. ka tsa toka, hobane ke ya ho Ntate, mme ha le sa tla hlola le mpona;
11. ka tsa kahlolo, hobane mmusi wa lefatshe lena o se a ahlotswe.
12. “Ke sa na le tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona, empa le ke ke la di kopa hajwale;
13. athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang.
14. Yena o tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, a le tsebise tsona.
15. Tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka; ka baka leo, ke itse o nka ho tsa ka, a le phatlalletse tsona.
16. “Kamora nakwana ha le sa tla mpona, empa kamora nakwana, le tla boela le mpona.”
17. Jwale ba bang ba barutuwa ba hae ba botsana, ba re: “Ke eng eo a re bolellang yona, ha a re: Kamora nakwana ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona? le ha a re: Kahobane ke ya ho Ntate? ”
18. Jwale ba re: “Ke ho reng ha a re: Kamora nakwana? Ha re tsebe seo a se bolelang.”
19. Jesu a tseba hore ba rata ho mmotsa, mme a re ho bona: “Na le botsana ka taba ee, hobane ke itse: Kamora nakwana, ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?
20. Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo.
21. Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile, empa ha a se a belehile, ha a sa hlola a hopola bohloko ba pelehi, ka baka la thabo ya hore ho tswetswe motho lefatsheng.
22. Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.
23. Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.
24. Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.
25. “Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.
26. Mohlang oo le tla kopa ka lebitso la ka, empa ha ke re ho lona ke tla le rapella ho Ntate,
27. hobane Ntate ka sebele sa hae o a le rata, kaha le nthatile, mme le dumetse hore ke tswa ho Modimo.
28. Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.”
29. Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso.
30. Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”
31. Jesu a ba araba, a re: “Na jwale le a dumela?
32. Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna.
33. “Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.