Bibele ka selemo se le seng

1. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Jorame, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi.
2. A etsa bobe mahlong a Morena, le hoja bo sa ka ba ba bokaalo ka ba ntatae le ba mmae. O ile a tlosa sefika sa Baale, seo ntatae a neng a se hlomme.
3. Leha ho le jwalo, a nna a kgomarela sebe seo Jeroboame, mora wa Nebate, a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena ka sona.
4. Mesha, kgosi ya Moabe, e ne e le morui wa dinku. Ka selemo se seng le se seng o ne a ntshetsa kgosi ya Iseraele lekgetho ka dikonyana tse dikete tse lekgolo, le ka boya ba dipheleu tse dikete tse lekgolo.
5. Empa hoba Akabe a shwe, kgosi ya Moabe ya fetohela kgosi ya Iseraele.
6. Yaba kgosi Jorame o tloha Samaria, o kgobokanya mabotho wohle a Iseraele.
7. A romela molaetsa ho Jehoshafate, kgosi ya Juda, a re: “Kgosi ya Moabe e mphetohetse; na re tla ya le wena ho ya futuhela Bamoabe?” Kgosi ya Juda ya re: “Ke tla ya. Rona le wena re ntho e le nngwe; setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao, le dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”
8. Jehoshafate a ba a botsa, a re: “Re tla nka tsela efe ha re futuha?” Jorame a araba, a re: “Re tla nka tsela ya lehwatata la Edomo.”
9. Jwale dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, tsa tsamaya leeto la matsatsi a supileng, metsi a nowang ke bahlabani le diphoofolo a ba a fela.
10. Yaba kgosi ya Iseraele e re: “Jo! Morena o bitsitse dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe!”
11. Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?” E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.”
12. Jehoshafate a re: “Elisha ke moporofeta wa Morena.” Yaba dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, di theohela ho yena.
13. Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “O nkene kang? Tsamaya, o yo botsa baporofeta ba ntatao, le baporofeta ba mmao!” Empa kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Tjhe, ke Morena ya bitsitseng dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe.”
14. Elisha a re: “Ka Morena wa mabotho, ya phelang, eo ke mo sebeletsang, hoja e ne e se ka baka la hobane ke hlompha Jehoshafate, kgosi ya Juda, le ho o sheba ke ne nke ke ka o sheba.
15. Ntlisetseng seletsi sa harepa!” Yare ha seletsi se ntse se letsa harepa ya sona, matla a Morena a theohela hodima Elisha,
16. mme a re: “Morena o bua tjena: Tjheka mekoti kahara kgohlo ena.
17. Hape Morena o bua tjena: Le ke ke la bona moya kapa pula, empa kgohlo ena yona e tla tlala metsi, e le hore le tle le nwe, lona le diphoofolo tsa lona, le dipelesa tsa lona.
18. Mahlong a Morena hona ke ntho e nyenyane, hobane Morena o tla neelana ka Bamoabe matsohong a lona.
19. Le tla timetsa metse yohle e nang le diqhobosheane, le metse yohle ya ditletle le reme le difate tsohle tse ntle, le kate didiba tsohle, le senye le masimo a matle ka ho hasanya majwe hara wona.”
20. Ka la hosasane, ka nako ya ha ho etswa nyehelo ya dijo, ba bona metsi a hlaha, a etswa nqa Edomo, mme naha ya tlala metsi.
21. Ha Bamoabe bohle ba utlwa hore dikgosi di nyolohile ho tla ba futuhela, ba kgobokanya bohle ba neng ba ka nka dihlomo, ho tloha ho ba banyenyane, ho ya fihla ho ba baholo, mme ba fihla ba hloma meeding.
22. Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, mme ha letsatsi le phatsima hodima metsi, Bamoabe ba bona metsi a kapele ho bona a le mafubedu, a re tlere!
23. Yaba ba re: “Hona ke madi! Ruri dikgosi tsena di lwantshane, tsa bolayana. He! Bamoabe, lelobelo ke leo!”
24. Ha Bamoabe ba fihla diahelong tsa Baiseraele, Baiseraele ba raoha, ba futuhela Bamoabe, hoo Bamoabe ba bileng ba baleha. Empa Baiseraele ba tsamaya ba ntse ba ba etsa mofela ho ya fihla naheng ya habo bona.
25. Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe.
26. Ha kgosi ya Moabe e bona hore e imelwa ke ntwa, ya nka banna ba makgolo a supileng ba disabole, hore ba phunyeletse ho ya fihla ho kgosi ya Edomo, empa ba sitwa.
27. Jwale kgosi ya Moabe ya nka mora wa yona wa matsibolo, ya neng a tla e hlahlama, ya etsa nyehelo ya setjheso ka yena hodima lerako. Baiseraele ba kenwa ke letswalo hoo ba ileng ba tloha motseng oo, ba kgutlela naheng ya habo bona.
1. Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”
2. Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?” Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.”
3. Yaba Elisha o re: “Tsamaya, o yo adima dipitsana tse sa tshelang letho, ho bohle bao o ahisaneng le bona. O hle o adime tse ngata.
4. Ha o se o kene ka tlung ya hao, o ikwalle kateng le bara ba hao. Jwale o tshele ole ka dipitsaneng tsohle, mme pitsana e tlalang o e beelle kathoko.”
5. Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona.
6. Ha dipitsana tsena di se di tletse tswete, a re ho mora wa hae: “Ntlisetse e nngwe hape.” Mora wa hae a re ho yena: “Ha ho sa na e nngwe.” Yaba ole e kgaotsa ho tswa.
7. Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.”
8. Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse.
9. Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo.
10. A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.”
11. Ka letsatsi le leng Elisha a fihla moo, a kena ka kamoreng, a phomola kateng.
12. Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha.
13. Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho? ” Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.”
14. Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?” Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.”
15. Elisha a re: “Mmitse hape!” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a ema monyako.
16. Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”
17. Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella.
18. Ka letsatsi le leng, ha ngwana a se a hodile, a tsamaya, a ya ho ntatae, ho bakotudi.
19. A re ho ntatae: “Hlooho ya ka e a opa! Hlooho ya ka e a opa!” Ntatae a re ho mohlankanyana e mong: “Mo ise ho mmae!”
20. Mohlankanyana eo a mo nka, a mo isa ho mmae. Mmae a mo sika ho fihlela hara mpa ya motsheare, mme yaba o a shwa.
21. Mosadi enwa a mo isa kamoreng ya Elisha, a mmea betheng ya moporofeta eo wa Modimo, a tswa, a mo kwalla ka tlung.
22. A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.”
23. Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!” Mosadi a re: “Ho lokile!”
24. A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.”
25. Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!
26. Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang? ” Mosadi a araba, a re: “Hantle!”
27. Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”
28. Yaba mosadi o re: “Na nkile ka kopa ngwana ho monga ka! Na ha nka ka re: O se ke wa nthetsa?”
29. Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”
30. Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo.
31. Gehasi a ba etella pele, mme ha a fihla a bea molamu hodima sefahleho sa ngwana, empa ngwana a se ke a bua, kapa a hlasimoloha. Ka baka leo, Gehasi a kgutla ho ya kgahlanyetsa Elisha, mme a mmolella, a re: “Ngwana ha a ya tsoha.”
32. Ha Elisha a kena ka tlung a fumana ngwana a le hodima bethe ya hae, a shwele.
33. Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena.
34. A hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa ngwana; mahlo a hae a eba hodima mahlo a ngwana, le matsoho a hae a eba hodima matsoho a ngwana. A paqama hodima ngwana, mme ngwana a qala ho futhumala.
35. Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.
36. Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.”
37. Mosadi a itihela maotong a Elisha, a obamela fatshe, a nka mora wa hae, a tswa.
38. Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”
39. E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe.
40. Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.
41. Moporofeta a re: “Tlisang phofo!” A faha pitsa ka phofo eo, mme a re: “Qhatsetsa batho bana, ba habole!” Lesheleshele le ne le se le se na kotsi.
42. Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”
43. Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tse kaalenyana tsee, ke tla di abela banna ba lekgolo jwang?” Elisha a pheta, a re: “Di fe batho bana, ba je, hobane Morena o bua tjena: Ba tla ja, ba be ba di siye. ”
44. Yaba o ba abela tsona. Ba eja, ba ba ba di siya, ho ya kamoo Morena a ileng a bua kateng.
17. Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.
18. Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,
19. le tsa ho loka ha hao, ho fihlang hodimodimo, wena Modimo. O entse tse kgolo, Modimo; ke mang ya tshwanang le wena?
20. Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;
21. o nkgodise ho feta pele, o nne o ntshedise hape.
22. Jwale nna ke tla o boka ka seletsa, ka baka la botshepehi ba hao, wena Modimo wa ka; ke o roke ka harepa, wena Ya Halalelang wa Iseraele.
23. Molomo wa ka o tla howa ka thabo, o howe ha ke o roka, le wona moya wa ka oo o o lopolotseng.
24. Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.
9. Ya monyebe mosebetsing wa hae, yena ke ngwanabo sesenyi.
1. Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,
2. jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.
3. Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.
4. Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o nneileng wona hore ke o etse.
5. Jwale, wena Ntate, ntlotlise kapele ho wena ka tlotla eo ke bileng le yona ho wena, lefatshe le eso be teng.
6. “Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.
7. Jwale ba tsebile hore tsohle tseo o nneileng tsona di tswa ho wena,
8. hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile.
9. Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.
10. Tsohle tsa ka ke tsa hao, le tsa hao ke tsa ka, mme ke tlotlisitswe ka bona.
11. Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona.
12. Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale.
13. “Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona.
14. Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.
15. Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.
16. Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.
17. Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete.
18. Jwalokaha o nthomile lefatsheng le nna ke ba romile lefatsheng,
19. mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.
20. “Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona,
21. hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile.
22. Tlotla eo o nneileng yona ke ba neile yona, hore ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha le rona re le ntho e le nngwe:
23. Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile.
24. “Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.
25. “Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile.
26. Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, e le hore lerato leo o nthatileng ka lona le tle le be ka ho bona, le nna ke be ka ho bona.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.