Bibele ka selemo se le seng

1. “Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa,
2. a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso;
3. nna lefa la ka ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea, ke abetswe masiu a mokgathala.
4. Kamehla ha ke robala ke a ipotsa: Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe? Empa siu bo bolelele, bo a tosa, ke hlobaela jwalo ho fihlela mafube a hlaha.
5. Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu.
6. Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla.
7. “Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape.
8. Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!
9. Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha;
10. ha a ke ke a kgutla, a kgutlela lapeng la hae, tulo tsa hae di sala di le feela, a ke ke a hlola a dula tulong tsa hae.
11. Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.
12. “Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa?
13. Ha ke re: Phate tsa ka ke tsona tse tla ntshedisa, moalo wa ka o nthethefatse ho komakoma,
14. wena Modimo, o ntshosa ka ditoro, ka dipono o mpakela ho thothomela;
15. kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane.
16. Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane!
17. “Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale?
18. Kamehla hoseng o a mo hlahloba, kamehla motsotso ha o fete o sa mo leke.
19. O tla kgaotsa neng ho ntjamela, o ko mphe tshweya, ke metse mathe?
20. Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne?
21. Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”
1. Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:
2. “O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo!
3. Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?
4. Haeba bara ba hao ba mo sitetswe, o ba otlile ho ya ka ho sitwa ha bona.
5. Haeba o ka fela wa batla Modimo, wa ithapella ho Ya Matla wohle;
6. haeba o hlwekile, mme o lokile, ruri le yena o tla o hlokomela, lapa la hao a le tsose e le sesupo sa ho loka ha hao.
7. Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.”
8. “Ako fuputse ho meloko ya pele, o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona.
9. Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.
10. Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona.
11. “Na lodi le ka mela ho se na mokgwabo, lehlaka la ata ho se na mohlaka?
12. Ha le sa helwe le sa le letalana, le pona pele jwang bo omella.
13. Tsela tsa bohle ba lebalang Modimo di jwalo, letshepa la ya kgopo le fela jwalo;
14. tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo;
15. o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe.
16. O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle.
17. Metso ya sona e rarahana hara qubu ya majwe, e itshwarella hodima matlapa.
18. Ha se fotholwa bakeng seo, baka seo se tla latola, se re: Nna ha ke o tsebe!
19. Bophelo ba sona bo fela jwalo, mela tse ding di mela hape mobung oo.
20. “Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo;
21. o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo.
22. Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”
8. Leha ba bolotsana ba mela, ba mela jwaloka jwang, mme bohle ba kgopo ba atleha, ba loketse ho timella ruri.
9. Empa wena Morena, o ya phahameng kamehla yohle.
10. Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.
11. Empa nna o mmatlafaditse, wa mmatlafatsa jwaloka nare, wa ntlotsa ka ole e hlwekileng.
12. Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.
13. Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone.
14. Ba hlomilweng ka tlung ya Morena ba tla atleha mabaleng a Modimo wa rona.
15. Le boqhekung ba beha ditholwana, jwaloka difate tse nonneng, fate tse talana,
17. Thea tsebe o mamele polelo tsa ba bohlale, o ele hloko ho ithuta tseo ke di tsebang,
18. hobane ho monate ha o di boloka ka pelong ya hao, kaofela ha tsona di dutse molomong wa hao.
19. Kajeno ke hlile ke ruta wena, Wena ka seqo, e le hore o tlo tsebe ho tshepa Morena.
20. Ke o ngoletse polelo tse mashome a mararo, tse nang le keletso le tsebo,
21. tse o rutang botshepehi le ho bua nnete, ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.
1. Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela
2. hore ka pelong ya ka ke na le maswabi a maholo le bohloko bo sa kgaotseng.
3. Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.
4. Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.
5. Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!
6. Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele.
7. Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”
8. Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele;
9. etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
10. Empa hase ho fela. Rebeka o ile a emola mafahla ka ntata rona Isaka.
11. Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,
12. e se be o tswalwang ke diketso, e mpe e be o tswang ho ya bitsang, ho ile ha thwe ho Rebeka: “E moholo o tla sebeletsa e monyenyane;”
13. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.”
14. Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale!
15. O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.