1. Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.
2. Ke tla etsa selekane pakeng tsa rona le wena, mme ditloholo tsa hao di tla ngatafala haholo.”
3. Yaba Aborame o itihela fatshe ka sefahleho, mme Modimo a bua le yena, a re:
4. “Selekane sa rona le wena ke sena: o tla ba ntata letshwele la ditjhaba.
5. Ha o sa tla hlola o bitswa Aborame; lebitso la hao e tla ba Aborahama, hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata.
6. “Ke tla o fa bana ba bangata haholo; ho wena ho tla tswa ditjhaba, mme o tla tswala dikgosi.
7. Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.
8. Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”
9. Modimo a boela a re ho Aborahama: “Wena o tla boloka selekane sa ka; wena le ditloholo tsa hao ka meloko ya tsona.
10. Ke sena selekane se pakeng tsa rona le wena le ditloholo tsa hao, seo le tla se boloka; bohle ba batona ba lona ba tla bolotswa.
11. Le tla bolotswa ka ho poma leeko, mme hona e tla ba letshwao la selekane se pakeng tsa rona le wena.
12. Ngwana e mong le e mong wa hao e motona o tla bolotswa ha a ena le matsatsi a robedi; e mong le e mong e motona melokong yohle ya hao, le ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ya sa tswalaneng le wena.
13. E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle.
14. Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”
15. Modimo a boela a re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sarai, o se hlole o mmitsa Sarai; lebitso la hae e tla ba Sara.
16. Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”
17. Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”
18. Yaba Aborahama o re ho Modimo: “Ishemaele a ke a o phelele!”
19. Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.
20. Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.
21. Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”
22. Hoba Modimo a qete ho bua le Aborahama, a nyoloha, a tloha ho yena.
23. Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.
24. Aborahama o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong ha a bolla,
25. mme mora wa hae Ishemaele yena a bolla ha a ena le dilemo tse leshome le metso e meraro.
26. Ka lona letsatsi leo Aborahama le mora wa hae Ishemaele ba bolotswa;
27. le banna bohle ba lelapa la hae, le ba tswaletsweng tlung ya hae, le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba, le bona ba bolotswa le yena.
1. Morena a iponahatsa ho Aborahama a le difateng tsa eike, tsa Mamore, moo a neng a dutse monyako wa tente, ka nako eo letsatsi le neng le tjhesa haholo.
2. A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,
3. a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.
4. A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.
5. Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”
6. Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”
7. Jwale Aborahama a mathela mohlapeng wa dikgomo, a kgetha namane e nonneng, e nama e bonojwana, mme a e nea mohlanka; yena a e hlaba ka potlako.
8. A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja.
9. Yaba ba re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sara o kae?” A araba, a re: “O ka tenteng.”
10. Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.
11. Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.
12. Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”
13. Morena a re ho Aborahama: “Sara o tshehelang, ha a re: Nna ruri nka tswala ngwana, ke se ke tsofetse tjee?
14. Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
15. Empa Sara a latola, a re: “Ha ke a ka ka tsheha;” a rialo hobane o ne a tshaba. Morena a re: “Tjhe, o ile wa tsheha.”
16. Jwale banna bao ba ema, ba tloha moo, ba leba nqa Sodoma. Aborahama a ba felehetsa, ho ba fihlisa tseleng.
17. Morena a re: “Na ebe nka patela Aborahama seo ke leng lekgatheng la ho se etsa,
18. ha e le moo Aborahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme le ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka yena?
19. Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”
20. Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!
21. Ke tla theohela teng ho ya bona hore na ba entse kamoo sello se fihlang ho nna se leng kateng, mme haeba ho se jwalo, ke tla tseba.”
22. Banna bao ba tloha moo ba leba nqa Sodoma, empa Aborahama a sala a eme kapela Morena.
23. Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo?
24. Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?
25. Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”
26. Morena a re: “Haeba nka fumana motseng wa Sodoma ho ena le ba mashome a mahlano ba lokileng, ke tla o tshwarela kaofela ka baka la bona.”
27. Aborahama a boela a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena, le hoja ke le lerole le molora feela.
28. Ere ho haella ba bahlano, ho phetha palo ya mashome a mahlano a ba lokileng, na o tla timetsa motse oo ka baka la ba bahlano bao ba haellang?” Morena a araba, a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mane a metso e mehlano, ha nka ke ka o timetsa.”
29. Aborahama a boela a bua le yena hape, a re: “Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mane!” Morena a re: “Ka baka la bao ba mashome a mane ha nka ke ka etsa jwalo.”
30. Yaba Aborahama o re: “Morena a se ke a mpa a halefa, ke tle ke tsebe ho bua. Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mararo!” Morena a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mararo teng, nke ke ka etsa jwalo.”
31. Aborahama a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena. Ere mohlomong ho ka fumanwa ba mashome a mabedi teng?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba mashome a mabedi ha ke na ho o timetsa.”
32. Yaba Aborahama o re: “Oho, Morena a se ke a mpa a halefa hle, ke mpe ke bue la ho qetela. Teng haeba ho ka fumanwa ba leshome?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba leshome nke ke ka o timetsa.”
33. Hoba Morena a qete ho bua le Aborahama, yaba o a itsamaela, mme Aborahama a kgutlela ha hae.
8. Empa nna nka kena tlung ya hao, ka baka la boholo ba mohau wa hao. Ke tla o kgumamela ka tshabo, ka Tempeleng ya hao e halalelang.
9. Morena, ako ntataise ka ho loka ha hao, ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng. Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.
10. Melomong ya dira tsa ka ha ho nnete e tswang, dipelong tsa tsona di rera ho timetsa, mmetso ya tsona ke lebitla le ahlameng, maleme a tsona a monate.
11. Modimo, di ahlolele molato wa tsona, di we ka baka la merero ya tsona. Di leleke ka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata, hobane di o teletse.
12. Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.
10. hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e be boithabiso, boithabiso ba pelo ya hao.
11. O tla baballwa ke ho ba le kelello, kutlwisiso e o sireletse,
12. e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe,
13. ba lahlang tsela tse lokileng, ba tsamayang tseleng tse lefifi.
14. Bona ba thabela ho etsa bobe, ba thabela bokgopo ba ba kgopo,
15. bao tsela tsa bona di kgopameng, metsamao ya bona e kgelohileng.
16. O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo,
17. ya sa tshepahaleng ho monna wa hae, ya lebalang selekane sa Modimo wa hae.
18. Lapa la hae le kgannela lefung, tsela tsa hae di isa ho ba shweleng.
19. Ba kenang lapeng leo ha ba ke ba kgutla, le tsela ya bophelo ha ba e fumane.
20. Kahoo o tla tsamaya tseleng ya ba lokileng, o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi.
21. Ba lokileng ba tla phela lefatsheng, ba hlokang kodi ba ahe ho lona.
22. Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng, mahlabaphiyo a timetswe ho lona.
1. “Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola,
2. hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.
3. “O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?
4. Kapa o ka re jwang ho ngwaneno: Ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao, athe sekoqo ke seo ka leihlong la hao?
5. Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.
6. “Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.
7. “Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa,
8. hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa.
9. “Ekaba ke mang ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a mo kopa bohobe, yaba o mo fa lejwe?
10. Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha?
11. Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?
12. Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.
13. “Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,
14. empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.
15. “Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.
16. Le tla ba tseba ka diketso tsa bona. Na batho ba ke ba kge morara meutlweng, kapa difeiye hlabahlabaneng?
17. Ka mokgwa o jwalo, sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe.
18. Sefate se monate se sitwa ho beha ditholwana tse mpe, le ha e le sefate se sebe ho beha ditholwana tse monate.
19. Sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se ye se rengwe, se lahlelwe mollong.
20. Ka hona le tla ba tseba ka diketso tsa bona.
21. “Hase mang kapa mang ya reng ho nna: Morena, Morena, ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
22. Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?
23. Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!
24. “Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
25. Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, empa ha ya ka ya wa, hobane e ne e theilwe hodima letlapa.
26. Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng.
27. Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”
28. Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae,
29. hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona.