Bibele ka selemo se le seng

1. Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”
2. Jonathane a re ho yena: “Hase ntho e ka etsahalang eno! O ke ke wa ba wa bolawa! Ha ho letho le leholo kapa le lenyenyane, leo ntate a ka le etsang a sa mpolella lona. Jwale a ka mpatela taba ee hobaneng? Ha ho jwalo!”
3. Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko. Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”
4. Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?”
5. Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro.
6. Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo.
7. Haeba a ka re: Ho lokile, mohlanka wa hao o tla phutholoha, empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ntheretse bobe.
8. Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”
9. Yaba Jonathane o re: “O se ke wa hopola ntho e jwalo! Haeba ke ne ke tseba hore ntate o o reretse bobe, na ke ne nke ke ka o bolella?”
10. Davida a botsa Jonathane, a re: “Ke mang ya tla ntsebisa haeba ntatao a o arabile hampe?”
11. Jonathane a re ho Davida: “Tloo, re ya hara naha.” Bobedi ba bona ba tsamaya, ba ya hara naha.
12. Jonathane a boela a re ho Davida: “Morena Modimo wa Iseraele, e be paki! Hosasane, ka yona nako ena, kapa ka letsatsi la boraro, ke tla botsa ntate. Haeba a o hopoletse tse molemo, ke tla o tsebisa.
13. Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate.
14. Ha ke ntse ke phela, o mpontshe lerato la Morena, empa haeba ke eshwa,
15. o se ke wa kgaotsa ho rata lelapa la ka kamehla yohle; esita leha Morena a se a timeditse dira tsohle tsa Davida lefatsheng.”
16. Yaba Jonathane o etsa selekane le ba ntlo ya Davida, o re: “Morena a ke a iphetetse ho dira tsa Davida.”
17. Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.
18. Jonathane a re ho Davida: “Hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ho tla bonahala hore ha o yo, hobane setulo sa hao se tla be se se na motho.
19. Ka letsatsi la boraro bosiyo ba hao bo tla bonahala haholo; jwale o tle o ye sebakeng seo o neng o ipatile ho sona mohla monene, o ipate kamora qubu ya majwe.
20. Nna ke tla betsetsa metsu e meraro ka nqa ya moo o ipatileng teng, jwalokaha eka ke betsa pakane.
21. Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: Tsamaya o yo batla metsu yane. Ha nka ka re ho moshanyana eo: Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke! jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi.
22. Empa ha nka ka re ho moshanyana: Bona, metsu e ka nqane ho wena! wena o tle o tsamaye, hobane ke Morena ya reng o tsamaye.
23. Ha e le tabeng eo rona le wena re buileng ka yona, tseba hore Morena o pakeng tsa rona le wena kamehla yohle.”
24. Davida a ya ipata naheng. Ha kgwedi e se e thwasitse kgosi ya dula, ya eja.
25. Jwaloka kamehla, kgosi ya dula setulong sa yona se pela lebota. Jonathane a dula a shebane le kgosi, Abinere yena a dula lehlakoreng la Saule; feela setulong sa Davida ho ne ho se na motho.
26. Empa ka letsatsi leo Saule a se ke a bua letho, hobane monahano wa hae o ne o re: “O hlahetswe ke ho hong, o sesila, ruri ha a ya hlweka.”
27. Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?”
28. Jonathane a araba Saule, a re: “Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a ye Betlelehema,
29. a re: Ke a o rapela: Ako ntumelle ke tsamaye, hobane lelapa leso le tla etsa sehlabelo motseng, heso, mme moholwane o ntaetse hore ke be teng. Jwale haeba o fela o nthata, ke a o rapela: Ntumelle ke tsamaye, ke yo bona bana beso. Ke ka lebaka lena Davida a sa tlang dijong tsa kgosi.”
30. Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao!
31. Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”
32. Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”
33. Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida.
34. Jonathane a ema, a tloha dijong a tlokoma ke kgalefo, mme ka letsatsi lena la bobedi la kgwedi a se ke a ja letho. O ne a utlwile bohloko ka baka la Davida, le kahobane ntatae o ne a mo tlontlolotse.
35. Ka la hosasane Jonathane a ya naheng ka nako eo ba neng ba e ballane le Davida; a ya a ena le moshanyana.
36. A re ho moshanyana eo wa hae: “Matha, o yo batla metsu eo ke tla e betsa!” Ha moshanyana a matha, Jonathane a betsetsa motsu ka nqane ho yena.
37. Moshanyana a fihla moo Jonathane a betseditseng motsu teng. Jonathane a howeletsa moshanyana eo, a re: “Na motsu ha o ka nqela ho wena?”
38. Jonathane a howeletsa moshanyana, a re: “Matha, o potlake, o se ke wa dieha!” Moshanyana wa Jonathane a bokella metsu, a kgutlela ho monga hae.
39. Empa moshanyana yena o ne a sa tsebe letho; ke Jonathane le Davida feela ba neng ba tseba hore na hona ho bolelang.
40. Jonathane a nea moshanyana dihlomo tsa hae, a ba a re ho yena: “Di jare, o di ise motseng.”
41. Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.
42. Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle! ”
1. Davida a fihla Nobe, ho moprista Ahimeleke. Ahimeleke a tla a ntse a thothomela, a tlilo kgahlanyetsa Davida. A re ho Davida: “Ke ka baka lang ha o le mong, o se na le motho e mong?”
2. Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona. Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng.
3. Ekaba ho jewang? Na o na le dinkgwa tse hlano? Ako mphe tsona, kapa o mphe eng le eng e o nang le yona.”
4. Moprista a araba Davida, a re: “Ha ke na bohobe bo ka jewang, haese bohobe bo halalelang feela. Ebe bahlanka ba hao ha ba a robala le basadi?”
5. Davida a araba moprista, a re ho yena: “E se e le matsatsi a mararo re sa kopane le basadi. Ha ke tloha hae, bahlanka ba ka ba ne ba ntse ba hlwekile, le hoja re ne re inketse leeto feela; kajeno ba tla hlweka le ka ho fetisisa, hobane ba tla ja bohobe bo halalelang.”
6. Yaba moprista o fa Davida bohobe bo halalelang, hobane bo jewang bo ne bo le siyo, haese feela bohobe bo halalelang, bo neng bo tswa tloswa kapele ho Morena, ho bewa bo botjha ha boo bo tloswa.
7. Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.
8. Davida a re ho Ahimeleke: “Na ha o na lerumo kapa sabole? Nna ha ke a tla le sabole ya ka, kapa dihlomo tsa ka, hobane thomo ya kgosi e ne e potlakile.”
9. Moprista a re: “Sabole ya Goliate wa Mofilesita, eo o mmolaetseng ka kgohlong ya Ela, e teng mona, e phuthetswe ka lesela, katlasa setipe. Haeba o e nka, e nke, hobane ha ho e nngwe ntle ho yona.” Davida a re: “Ha ho e kang yona; nnee yona.”
10. Ka lona letsatsi leo Davida a ema a baleha ka baka la ho tshaba Saule, a ba a ya fihla ho Akishe, kgosi ya Gate.
11. Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: “Na eo hase Davida, kgosi ya naha ye? Na basadi ha ba a ka ba mmina metjekong, ba re: “ Saule o bolaile ba hae ba dikete, Davida yena o bolaile ba kete tsa dikete? ”
12. Davida a boloka mantswe ana ka pelong ya hae, a tshaba Akishe, kgosi ya Gate haholo.
13. Moo batho ba mmonang, Davida o ne a ye a iketsise; ere ha ba mo tshwara a itlhantshe, a ngwapake mamati a kgoro ya motse, a tlohele diqhenqhe di dutlele ditelung tsa hae.
14. Yaba Akishe o re ho bahlanka ba hae: “Ha le ntse le bona hore motho eo o a hlanya, ke ka baka lang ha le ntse le mo tlisa ho nna?
15. Na ha ke na mahlanya, hoo le ka ntlisetsang motho eo hore a tlo hlanyetsa ho nna? Na ke motho wa ho kena ka tlung ya ka yena eo?”
1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Saule a neng a rometse batho ho lebela ntlo ya Davida le ho mmolaya.
2. Modimo wa ka, ako nnamolele direng tsa ka, o ntshireletse ho ba ntsohetseng matla.
3. Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi.
4. Ke bao ba matla ba bokane, ba ntaletse, le hoja ke se na molato kapa sebe, Morena.
5. Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone.
31. Ya mamelang kgalemo e isang bophelong, o tla dula hamonate hara ba bohlale.
32. Ya sa natseng thuto o a inyedisa, empa ya mamelang kgalemo o ekeletswa kutlwisiso.
33. Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
36. Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”
37. Empa ba tshoha, ba tshaba, ba hopola hore ba bona sethotsela.
38. A re ho bona: “Le ferekanetseng? Ke ka baka lang le hlahelwang ke dipelaelo dipelong tsa lona?
39. Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.”
40. Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho le maoto a hae.
41. Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?”
42. Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsweng.
43. A le nka, a le ja ba mo shebile.
44. Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”
45. Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo.
46. A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,
47. le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.
48. Lona le dipaki tsa ditaba tsena.
49. Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”
50. Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa.
51. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
52. Hoba ba mo kgumamele, ba kgutlela Jerusalema ka nyakallo e kgolo,
53. mme ba nna ba eba ka Tempeleng ka nako tsohle, ba boka Modimo.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.