1. Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.
2. Baarame ba ne ba ile ba futuha ka mabothwana a bona, ba tla ba thopile morwetsanyana wa Moiseraele, mme ya eba yena ya sebeletsang mohatsa Naamane.
3. Morwetsanyana a re ho mofumahadi wa hae: “Ha monga ka a ne a ka ya ho moporofeta ya phelang Samaria, o ne a tla mo fodisa lepera lena la hae.”
4. Naamane a kena ka ho monga hae, a mmolella, a re: “Morwetsanyana enwa ya tswang naheng ya Iseraele o bua tjena.”
5. Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.
6. A tlisetsa kgosi ya Iseraele lengolo le reng: “Ha lengolo lena le fihla ho wena, tseba hore ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena, hore o mo fodise lepera leo la hae.”
7. Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”
8. Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”
9. Yaba Naamane o tla ka dipere tsa hae, le ka kariki ya hae ya ntwa, o fihla a ema kapele ho monyako wa ntlo ya Elisha.
10. Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”
11. Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.
12. Na metsi a dinoka tsa Damaseka, bo-Abana le Parapara, ha a a hlweka ho feta metsi wohle a naha ya Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona, yaba ke a fola?” Naamane a kgutla, a tsamaya a halefile.
13. Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: Tola, mme o tla fola! ”
14. Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.
15. Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”
16. Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.
17. Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela.
18. Feela Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena: Ha monga ka a kena ka tempeleng ya Rimone ho ya rapela, a itshetlehile ka letsoho la ka, mme nna ke obamela fatshe ka tempeleng ya Rimone, Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena.”
19. Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.
20. Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”
21. Yaba Gehasi o sala Naamane morao. Ha Naamane a bona a etla a matha, a theoha kariking ya hae ya ntwa, a mo Kgahlanyetsa, a re: “Molato keng?”
22. Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle. ”
23. Yaba Naamane o re: “Ke a o rapela: Nka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a tsheletseng le metso e robedi.” A mo qophella hore a e nke. A kenya silefera eo ka mekotlaneng e mmedi, a e tlama. A nka le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle, mme tsena tsohle a di jarisa bahlanka ba hae ba babedi, ba eteletse Gehasi pele.
24. Ha ba fihla Ofele, Gehasi a di nka ho bona, a di kenya ka tlung. A re banna bao ba tsamaye, mme ba tsamaya.
25. Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae. Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?” Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.”
26. Empa Elisha a re ho yena: “Ha o tsebe hore ke ne ke ntse ke tsamaya le wena ka moya, ha monna elwa a theoha kariking ya hae ya ntwa, a o kgahlanyetsa? Na nako ee ke ya ho amohela tjhelete, le ya ho amohela diaparo, le meru ya mohlwaare, le dirapa tsa morara, le dinku, le dipholo, le bahlanka, le makgabunyane?
27. Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.
1. Sehlopha sa baporofeta sa re ho Elisha: “Bona mona, sebaka seo rona le wena re phelang ho sona ha se re lekane.
2. Re a o kopa: Ako re dumelle re ye Jorodane, mme motho ka mong a reme sefate, re ikgahele moo re tla dula teng.” Elisha a araba, a re: “Eyang!”
3. E mong wa bona a re: “Ke a o kopa: Ako ye le bahlanka ba hao.” Yena a araba, a re: “Ke tla ya.”
4. Yaba a ya le bona. Ha ba fihla Jorodane, ba rema difate.
5. Empa yare ha e mong a ntse a ratha sefate, selepe sa pshemoha mofenng, sa wela ka metsing. Eo a howa, a re: “A nna elwa, monga ka! Selepe sena se ne se adimilwe!”
6. Moporofeta wa Modimo a re: “Se wetse hokae?” Eo a mmontsha moo se wetseng teng. Elisha a rema thupa, a e akgela hona moo, mme selepe sa phaphamala hodima metsi.
7. Yaba Elisha o re: “Se nke!” Monna eo a nanabetsa letsoho, a se nka.
8. Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”
9. Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.”
10. Kgosi ya Iseraele ya romela molaetsa ho baahi ba sebaka seo, seo moporofeta wa Modimo a mmoleletseng sona, hore ba dule ba itebetse, kgosi e tle e pholohe. Hona ho ile ha etsahala ka makgetlo a mangata, e seng hanngwe kapa habedi feela.
11. Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”
12. E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”
13. Kgosi ya re: “Tsamayang, le yo batla hore na o hokae, ke tle ke yo mo tshwara!” Kgosi ya bolellwa, ha thwe: “O motseng wa Dotane.”
14. Ka baka lena, kgosi ya ntsha dipere, le dikariki tsa ntwa, le lebotho le leholo. La fihla motseng oo wa Dotane e le bosiu, la o etsetsa sakana-la-nkope.
15. Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”
16. Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.”
17. Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.
18. Ha Baarame ba seohela Elisha, yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela: Ako foufatse batho bana.” Morena a ba foufatsa ho ya ka thapelo ya Elisha.
19. Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria.
20. Yare ha ba fihla Samaria, Elisha a re: “Morena, foufolla batho bana, ba boele ba bone.” Morena a ba foufolla, ba boela ba bona. Ba iphumana ba se ba le kahara Samaria.
21. Ha kgosi ya Iseraele e ba bona, ya re ho Elisha: “Ntate, ke ba bolaye? Ke ba bolaye?”
22. Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.”
23. Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele.
24. Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella.
25. Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.
26. Ka tsatsi le leng ha kgosi e ntse e tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a e howeletsa, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, nthuse hle!”
27. Kgosi ya re: “Haeba Morena a sa o thuse, nna nka o thusa ka eng? Ha ke na koro kapa veine!”
28. Kgosi ya boela ya re ho yena: “O jewa keng?” Mosadi eo a araba, a re: “Mosadi enwa o itse ho nna: Tlisa ngwana wa hao, re mo je kajeno; hosasane re tla ja wa ka!
29. Ra fela ra pheha ngwana wa ka, ra mo ja. Ka la hosasane ka re ho yena: Tlisa ngwana wa hao, re mo je; empa jwale o patile ngwana wa hae.”
30. Ha kgosi e utlwa dipolelo tsa mosadi enwa ya hahola diaparo tsa yona. Ha e ntse e tsamaya hodima lerako, batho ba tadima, mme ba bona hore kgosi e apere seaparo se mahwashe.
31. Jwale kgosi ya re: “Modimo a nketse tjena le tjena, le ho feta mona, haeba hona kajeno nke ke ka kgaola hlooho ya Elisha, mora wa Shafate.”
32. Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?”
33. Yare a sa ntsane a bua le bona, ba bona kgosi e se e fihla ho bona, e re: “Bonang, bomadimabe bona re bo tliseditswe ke Morena! Nka hlola ke sa lebella eng ho Morena?”
1. Pesalema ya Solomone. Oho, Modimo, etsa hore kgosi e ahlole, e ke e ahlole ka toka, o nee mora kgosi ho loka ha hao,
2. a tle ahlolele tjhaba sa hao, a se ahlolele ka ho loka, le mafutsana a hao ka toka.
3. Dithaba di ke di tlise kgotso, di e tlisetse setjhaba, le wona maralla a se tlisetse ho loka.
4. Bahlophehi hara setjhaba a ba ahlolele, a pholose bana ba mafutsana, a hatakele mohatelli.
5. A ke a phele halelele jwaloka letsatsi, le jwaloka kgwedi ho isa melokong yohle.
6. A be jwaloka pula a nelang jwang, le jwaloka medupe e nwesetsang lefatshe.
7. Ditshiung tsa hae ho loka ho ke ho ate, le kgotso e be ngata, ho fihlela kgwedi e fifalla ruri.
10. Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.
11. Matlotlo a barui ke qhobosheane ya bona, ba hloma e ka ke marako a phahameng, a ba sireletsang.
1. Hoba Jesu a bolele tsena, a tswa le barutuwa ba hae, a tshelela mose ho nokana ya Kederone, moo ho neng ho ena le serapa teng; a kena ho sona le barutuwa ba hae.
2. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba phuthehela teng kgafetsa.
3. Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.
4. Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”
5. Ba mo araba, ba re: “Jesu wa Nasaretha.” A re ho bona: “Ke nna enwa.” Le yena Judase, ya mo ekang, o ne a eme le bona.
6. Jwale ha a ba bolella, a re: “Ke nna enwa,” ba tjhetjha ka santhao, mme ba wela fatshe.
7. A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu wa Nasaretha.”
8. Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse hore ke nna; haeba le batla nna he, lesang batho bana ba ikele;”
9. e le hore ho tle ho phethahale polelo eo a e boletseng, a re: “Ha ho a lahleha le ya mong wa bao o nneileng bona.”
10. Yaba Simone Petrose, ya neng a ena le sabole, o a e tsomula, o hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, o mo poma tsebe ya letsoho le letona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malekose.
11. Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”
12. Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.
13. Ba mo isa ho Hannase pele, hobane e ne e le mohwe wa Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo.
14. Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.
15. Simone Petrose le morutuwa e mong ba latela Jesu. Morutuwa eo o ne a tsejwa ke Moprista e Moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la ntlo ya Moprista e Moholo.
16. Petrose a ema monyako, kantle. Yaba morutuwa e mong eo, ya neng a tsejwa ke Moprista e Moholo, o a tswa, o bua le mosadi ya lebelang monyako, mme a kenya Petrose.
17. Jwale lekgabunyane le lebelang monyako la re ho Petrose: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?” A re: “Ha ke yena.”
18. Bahlanka le balebedi ba ne ba besitse mollo wa mashala, ba eme, ba ikomosa, hobane ho ne ho bata. Petrose le yena a ema la bona, a ikomosa.