Bibele ka selemo se le seng
| 1. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, Abiya a qala ho busa naha ya Juda. |
| 2. O ile a busa ka dilemo tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Mmikiya, moradi wa Uriele, wa motse wa Gibea. Ntwa ya qhoma pakeng tsa Abiya le Jeroboame. |
| 3. Abiya a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a mane. Jeroboame le yena a thea theko ya ntwa ka mokgetho wa bahale ba dikete tse makgolo a robedi. |
| 4. Abiya a ema hodima thaba ya Semaraime, e naheng e maralla ya Efraime, a howeletsa, a re: “Wena Jeroboame, le lona Baiseraele bohle, mmameleng! |
| 5. Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle? |
| 6. Empa jwale Jeroboame, mora wa Nebate, mohlanka wa Solomone, mora wa Davida, o tsohetse monga hae matla, o mo fetohetse. |
| 7. Banna ba ditlokotsebe, ba baikaketsi, ba bokanetse Jeroboame, mme Jeroboame o fetohetse Rehoboame, mora wa Solomone, ya ntseng a tetema, ya sitwang ho itwanela. |
| 8. “Jwale lona le ikemiseditse ho lwantsha puso ya Morena e matsohong a ditloholo tsa Davida, hobane le le letshwelehadi, le bile le ena le manamane a kgauta, ao Jeroboame a le etseditseng wona, hore e be medimo ya lona ya bohata. |
| 9. Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata. |
| 10. “Empa haele rona, Morena ke Modimo wa rona, mme ha re a mo furalla. Baprista ba sebeletsang Morena ke bara ba Arone, mme ba thuswa ke Balevi tshebeletsong ya bona. |
| 11. Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse. |
| 12. Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.” |
| 13. Jeroboame a romela bahlabani ba bang hore ba eo ba lalla kamorao; kahoo mabotho a hae a ne a le kapele ho mabotho a naha ya Juda, mme ba laletseng ba le kamorao ho wona. |
| 14. Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta. |
| 15. Bahlabani ba naha ya Juda ba hlaba mokgosi. Yare ba sa ntsane ba hlaba mokgosi, Modimo a etsa hore Jeroboame le Baiseraele bohle ba hlolwe ke bo-Abiya le bahlabani ba Juda. |
| 16. Bana ba Iseraele ba baleha bahlabani ba Juda, mme Modimo a neelana ka bona matsohong a bahlabani bao ba Juda. |
| 17. Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano. |
| 18. Mohlang oo bahlabani ba Juda ba hlola bana ba Iseraele, kaha ba ne ba le matla, ba tshepile Morena Modimo wa bo-ntata bona. |
| 19. Abiya a phaladisa Jeroboame, mme a hapa motse wa Bethele le metsana ya wona, le motse wa Jeshana le metsana ya wona, le motse wa Eferone le metsana ya wona. |
| 20. Mehleng ya Abiya, Jeroboame ha a a ka a hlola a tsosa mohlahla, mme Morena a mo otla, a shwa. |
| 21. Abiya a nna a matlafala. A nyala basadi ba leshome le metso e mene, ba mo tswalla bara ba mashome a mabedi a metso e mmedi, le baradi ba leshome le metso e tsheletseng. |
| 22. Diketso tse ding tsa Abiya, le mekgwa ya hae, le maele a hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Ido. |
| 1. Abiya a shwa mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng ya hae naha ya eba le kgotso ka dilemo tse leshome. |
| 2. Asa a etsa tse molemo le tse lokileng mahlong a Morena Modimo wa hae. |
| 3. A heletsa dialetare tsa medimo ya bohata, a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla le difika tseo ba di kgumamelang, a thua le ditshwantsho tsa Ashera. |
| 4. A laela setjhaba sa Juda hore se sebeletse Morena Modimo wa bo-ntata sona, le hore se boloke melao ya hae le ditaelo tsa hae. |
| 5. Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso. |
| 6. A haha metse naheng ya Juda, mme a e haheletsa. Naha e ne e ena le kgotso, dilemong tseo ho se na dintwa, hobane Morena o ne a mo neile boiketlo. |
| 7. Yaba Asa o re ho setjhaba sa Juda: “A re haheng metse ena, re e haheletse ka marako, re e etsetse ditora, le dikgoro, le mekwallo, naha ena e sa ntsane e buswa ke rona. Re sebeleditse Morena Modimo wa rona; re mo sebeleditse, mme yena o re neile kgotso kahohle.” Ba haha metse eo, mme ba atleha. |
| 8. Asa o ne a ena le lebotho la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, ba tswang naheng ya Juda, ba neng ba hlometse ka dithebe le marumo, le ba dikete tse makgolo a robedi, ba tswang naheng ya Benjamine, ba neng ba hlometse ka dithebe le diqha. Bahlabani bana kaofela e ne e le bahale. |
| 9. Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha. |
| 10. Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha. |
| 11. Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.” |
| 12. Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha. |
| 13. Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo. |
| 14. Ba timetsa metse yohle e potapotileng Gerare, hobane Morena o ne a ile a kenya baahi ba yona letswalo. Ba hapa dintho tsohle metseng eo, etswe metse eo e ne e ena le dintho tse ngata. |
| 15. Ba futuhela badisana ba mehlape ya dikgomo. Ba futuhela le metebo, ba hapa dikgutshwane, le dikamele tse ngata, yaba ba kgutlela Jerusalema. |
| 1. Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo. |
| 2. Tshelang Modimo ka ditlatse, ke yena matla a rona; etsetsang Modimo wa Jakobo mehoo, mo etsetseng mehoo ya thabo. |
| 3. Phokolang pina, le tidinye meropa, le letse harepa, le letse le seletsa se modumo o monate. |
| 4. Letsang lenaka ha kgwedi e thwasitse, leha e tolokile, mohla mokete wa rona. |
| 5. Ke molao wa Iseraele, ke taelo ya Modimo wa Jakobo; |
| 22. Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela. |
| 23. Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng ke manyala mahlong a Morena; dikala tsa bolotsana le tsona ha di mo thabise. |
| 22. Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi. |
| 23. Ba ba neeletsa lengolo le reng: “Baapostola le baholo, e leng bana babo lona, ba dumedisa badumedi ba leng Antiokia le Siria le Silesia, ba tswang ho baditjhaba. |
| 24. Re utlwile hore ba bang ba rona, ba neng ba sa laelwa ke rona, ba ile ba le tshwenya ka dipolelo, ba ferekanya maikutlo a lona. |
| 25. Kahona re rerile ka moya o le mong ho roma ho lona banna ba kgethilweng, ba ena le baratuwa ba rona Baranabase le Paulosi, |
| 26. e leng banna ba tetseng bophelo ba bona ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste. |
| 27. Ka baka leo, re romile Juda le Silase, mme ba tla le tsebisa ditaba tseo ka molomo. |
| 28. Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang: |
| 29. ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.” |
| 30. Yare hoba ba lokollwe, ba theohela Antiokia, ba bokella badumedi bohle, mme ba ba nea lengolo. |
| 31. Hoba ba le bale, ba thabela kgothatso ya lona. |
| 32. Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa. |
| 33. Hoba ba hlole teng nakwana, badumedi ba ba lokolla ka kgotso, ho boela ho ba ba romileng. |
| 34. Leha ho le jwalo, Silase a itherela ho sala moo. |
| 35. Paulosi le Baranabase ba hlola Antiokia. Bona, le ba bang ba bangata, ba nna ba ruta, mme ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Morena. |
| 36. Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.” |
| 37. Jwale Baranabase o ne a lakatsa hore ba ye le Johanne ya bitswang Mareka, |
| 38. empa Paulosi a fumana ho sa lokele hore ba ye le enwa ya ileng a ikgula ho bona ha ba ne ba le Pamfilea, a se ke a ya le bona mosebetsing. |
| 39. Ha eba le phapang e kgolo hoo ba ileng ba arohana; Baranabase a nka Mareka, ba kena ka sekepeng ho tshelela Sipera. |
| 40. Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi. |
| 41. A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke. |
| Sotho Bible 1989 |
| Bible Society of South Africa. |