Bibele ka selemo se le seng Mphalane 10Jeremia 5:1-311. “Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela.2. Leha ba hlapanya, ba re: Ka Morena ya phelang, nnete ke hore ba hlapanya ka thetso.”3. Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.4. Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona.5. Ke tla ya ho ba baholo, ke buisane le bona; tsela ya Morena bona ba a e tseba, ba tseba le taelo tsa Modimo wa bona.” Empa kaofela ha bona joko ba e robile, marapo le wona ba a kgaotse.6. Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.7. “Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.8. Ba ka poho tsa dipere tse fepehileng, tse batlang ho thokola, monna ka mong o lakatsa mosadi wa e mong.9. Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?10. “Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena.11. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntlhoketse botshepehi haholo,” ho rialo Morena.12. Ba ile ba latola Morena, ba re: “Ha a ka ke a re etsa letho; bobe bo ke ke ba re wela hodimo, ntwa le tlala ha re sa tla di bona!13. Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!”14. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Kaha setjhaba se buile mantswe ana, bona, polelo tsa ka tse tswang molomong wa hao, ke tla di etsa mollo, tjhaba sena e be patsi e tjheswang ke wona.15. Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng.16. Dihlajwa tsa sona di ka bitla le ahlameng, kaofela ke tjhaba sa dinatla, natla tsa bahlabani.17. Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo.18. “Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.19. Etlare ha batho ba botsa, ba re: Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona? Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.20. “Bolelang tsena ho ba ntlo ya Jakobo, le di phatlalletse ba ntlo ya Juda, le re:21. Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:22. Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!23. Empa tjhaba sena se manganga, se fetohaka feela; se se se kgelohile, mme jwale se iketse.24. Ha se sa bua le ka dipelo, sa re: A re tshabeng Morena, Modimo wa rona, ya re nesetsang dipula tsa hwetla, le mafafatsane a selemo ka nako ya teng; ya sa keng a lebala ho re tlisetsa dinako tse sa fetoheng, nako tsa ho kotula.25. Ditshito tsa lona di thibetse tsena, dibe tsa lona tsa le amoha melemo ena.26. “Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho.27. Jwalokaha serobe se ye se tlale dinonyana, matlo a bona le wona a tletse thetso, kahoo ba a matlafala, leruo la bona le ate.28. Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.29. Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?30. “Ntho e tshabehang, e nyonyehang haholo, e etsahetse kahara naha ena:31. Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”Jeremia 6:1-301. “Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.2. Ke tla timetsa moradi wa Sione, yena e motle, ya bokotswang haholo.3. Badisa ba tla mo futuhela ka mehlape ya bona, ba hlome tente tsa bona ho mo potapota, modisa ka mong a fudise kgulong la hae.”4. “Ba tla re: Itokisetseng ho mo futuhela! Emang, re futuheng ha tadi e anyesa! Re madimabe hakaakang! Tsatsi le se le sekame! Meriti ya mantsiboya e hlahlamela dithaba!5. Emang ke hona, re futuheng bosiu, qhobosheane tsa hae re di thuakanye! ”6. Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella, Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello.7. Jwalokaha sediba se kopotsa metsi, le motse ona o kopotsa bokgopo ho wona; mahahapa le timelo di utlwahala hara wona, kamehla ke bona bohloko ba wona le maqeba a wona.8. Itlhokomele ke hona, wena Jerusalema, esere lerato leo ke o ratang ka lona la mphella, ka o fetola nanaola, naha e hlokang baahi.”9. Morena wa mabotho o bua tjena: “Tjhaba sa Iseraele se tla fediswa ho hang, se tshwane le tshimo ya morara e kgwahlapisitswe.10. “Nka buisana le mang ka mo eletsa? Ke mang ya tla ke a mmamele? Tsebe tsa bona ke tsa leshoma, kahoo ha ba ka ke ba utlwa. Ntswe la Morena ba a le nyedisa, thabo ha ba e fumane ho lona.11. Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.12. Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena.13. “Ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela ho fumana qhoqha; baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.14. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. Kgotso! Kgotso! ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.15. Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.16. Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: Tsela ya kgale, e lokileng, e kae? Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: Ha re ka ke ra e tsamaya!17. Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: Mamelang modumo wa lenaka ha le lla! Empa lona la re: Ha re ka ke ra o mamela!18. “Ka baka leo, mamelang lona ditjhaba! Lona kaofela bonang se tla hlahela tjhaba sa ka!19. Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile.20. Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”21. Kahoo Morena o bua tjena: “Ke tla hloma dikgopi tseleng ya tjhaba sena, di tla kgopa bo-ntata le bara ka ho tshwana, metswalle le ba ahelaneng le yona ba tla timela.”22. Jwale Morena o bua tjena: “Bonang! Tjhaba se tswang naheng e ka leboya se a tla; tjhaba se matla se tswa pheletsong tsa lefatshe.23. Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.”24. Baahi ba Jerusalema ba re: “Botumo ba tjhaba seo re se re bo utlwile, matsoho a rona a lepeletse ke ho fokola; ditlokotsi le tsona di se di re apere, bohloko bo tshwana le ba mosadi, mosadi a kena tlung.25. Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”26. “Lona tjhaba sa ka, aparang tse mahwashe, le be le ipitike hara molora; le lle se bohloko sa mmokotsane, le lle jwalokaha eka le llela mora ya mong, hoba motimetsi o tla futuha, a futuhe ka ho tsometsa.”27. “Ke o entse mohlahlobi wa tjhaba sena sa ka, hore o tsebe tsela tsa sona, o di hlahlobe.28. Ke tjhaba sa bakwenehi, tjhaba se manganga, se tsamayang ka ho hafotsaka bohata; ke tjhaba se tshwanang le lethose le tshepe, kaofela ha sona ke tjhaba sa balotsana.29. Mofutho o futha haholo, loto e fella hara mollo; mohlwekisi o sebeletsa lelea: Ba kgopo ha ba ke ba tshekeha.30. Ba tla bitswa silefera e lahlilweng, kahobane Morena o ba lahlile.”Lipesaleme 117:1-21. Rorisang Morena, lona ditjhaba tsohle, mo tlotliseng, lona merabe yohle;2. hoba mohau wa hae ho rona o moholo, botshepehi ba Morena bo hlola kamehla yohle. Haleluja!Liproverbia 27:3-43. Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta.4. Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?Bakolose 1:1-291. Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea ngwanabo rona,2. re dumedisa badumedi ba Kolose, bana babo rona ba tshepahalang ho Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona di ke di be le lona.3. Kamehla ha re ntse re le rapella, re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste.4. Re utlwile tsa tumelo ya lona ho Kreste Jesu, le tsa lerato leo le nang le lona ho badumedi bohle,5. ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo6. o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona.7. Sena le ile la se rutwa ke Epafarase, molekane wa rona ya ratehang wa bohlanka, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste, ya lebitsong la rona.8. Ke yena ya re tsebisitseng tsa lerato leo Moya o Halalelang o le neileng lona.9. Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.10. Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.11. Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.12. A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding.13. O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,14. eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.15. Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.16. Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.17. Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena.18. Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.19. Ho kgahlile Modimo hore Kreste a be le bomodimo ka ho tlala,20. le hore, ka Kreste, a boelanye dintho tsohle le yena, leha e le tse lefatsheng kapa tse mahodimong, ka ho hloma kgotso ka madi a Kreste a tsholohileng sefapanong.21. Pele le lona le ne le le hole le Modimo, le le dira tsa hae ka mehopolo ya lona le ka mesebetsi ya lona e mebe.22. Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.23. Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.24. Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.25. Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala.26. Lentswe leo ke sephiri se neng se patetswe meloko e fetileng ho tloha kgale, empa kajeno se senoletswe badumedi ba hae.27. Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.28. Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu.29. Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna. Sotho Bible 1989 © Bible Society of South Africa.