Bibele ka selemo se le seng Mots'eanong 232 Samuele 17:1-291. Ahitofele a re ho Abosalome: “Ere jwale ke kgethe banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi. Bosiung bona bona ke tla tsoha, ke yo phaladisa Davida.2. Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.3. Ke tla o tlisetsa batho bohle. Ha bohle ba se ba kgutlile, haese feela motho eo o mmatlang, setjhaba sohle se tla ba kgotso.”4. Taba ena ya kgahla Abosalome le baholo ba setjhaba sa Iseraele.5. Yaba Abosalome o re: “Mpitsetseng le Hushai wa Moareke, re tlo utlwa hore na yena o tla reng.”6. Ha Hushai a fihla ho Abosalome, Abosalome a bua le yena, a re: “Ahitofele o buile tjena le tjena; na re tla ya ka dipolelo tsa hae? Haeba ho se jwalo, wena o reng?”7. Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.”8. Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.9. Le hona jwale o ipatile mahaheng, kapa sebakeng se seng. Haeba ba bang ba bahlabani ba rona ba ka bolawa sethathong, ya utlwang o tla re: Balatedi ba Abosalome ba entswe mofela.10. Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.11. “Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.12. Jwale re tla mo futuhela hohle moo re tla mo fumana teng, re mo wele hodimo jwaloka phoka ha e lala hodima lefatshe. Yena le banna bohle bao a nang le bona ha ho ya tla phonyoha.13. Haeba a ka etsa sealo ho ya kena motseng, Baiseraele bohle ba tla tlisa mehala, mme ka yona re hulele motse oo ka nokeng, ho fihlela ho se lejwe le le leng la motse oo le setseng.”14. Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.15. Jwale Hushai a re ho bo-Sadoke le Abiatare, e leng baprista: “Ahitofele o ile a eletsa Abosalome le baholo ba Iseraele tjena le tjena, empa nna ke ile ka mo eletsa tjena le tjena.16. Ka baka lena he, romelang molaetsa ho Davida ka potlako, le mmolelle, le re: Bosiung bona bona o se ke wa ba wa robaletsa diphuleng tsa lehwatata, o mpe o tshelele kamose ho noka ya Jorodane, esere kgosi le batho bohle bao e nang le bona ba timetswa. ”17. Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.18. Empa moshanyana a ba bona, mme a bolella Abosalome. Bobedi ba bona ba tloha ka lehlaphahlapha, ba fihla tlung ya monna e mong, mane Bahurime. Lebaleng la ntlo ya monna eo ho ne ho ena le sekoti, mme ba theohela ka ho sona.19. Mosadi a nka lesela, a le ala hodima molomo wa sekoti, yaba o aneha koro e tutsweng hodima lona, hore ho se ke ha bonahala letho.20. Jwale bahlanka ba Abosalome ba kena ka tlung ya mosadi eo, ba re: “Bo-Ahimase le Jonathane ba kae?” Mosadi a re ho bona: “Ba se ba tshetse noka ya Jorodane.” Ha ba se ba batlile, mme ba sa ba fumana, ba kgutlela Jerusalema.21. Yare ha bao ba se ba tsamaile, bo-Ahimase le Jonathane ba tswa ka sekoting, ba tsamaya, ba ya bolella kgosi Davida, ba re ho yena: “Ema, o tshele noka ka potlako, hobane Ahitofele o le lohetse mano tjena le tjena.”22. Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsamaya, ba tshela Jorodane. Ha mafube a hlaha, ho ne ho se le ya mong ya esong ho ka a tshela Jorodane.23. Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.24. Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.25. Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.26. Bo-Abosalome le Baiseraele ba hloma naheng ya Gileade.27. Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme.28. Ba tlisa mealo, le dikotlolo, le dipitsana tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le sebera, le dinawa, le dierekisi, le dipabi,29. le mahe a dinotshi, le mafi, le sereledi, le dikgutshwane, le dipholo; tsena ba di nea Davida, le batho bao a neng a ena le bona, hore ba je, hobane ba ne ba re: “Batho bana ba lapile, ba kgathetse, mme ba nyorilwe mona lehwatateng.”2 Samuele 18:1-331. Davida a bala banna ba neng ba ena le yena; ba okamelwa ke balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo.2. A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”3. Empa bahlabani ba re: “Wena o se ke wa futuha le rona. Ha re ka baleha, ba ke ke ba re tsotella. Leha ba ka ba bolaya halofo ya bahlabani ba rona, ba ke ke ba re tsotella; feela wena o lekana le bahlabani ba dikete tse leshome ba rona, ka bohlokwa. Ka baka leo, ho molemo hore o tle o re thuse o ntse o le ka motseng.”4. Kgosi ya re ho bona: “Ke tla etsa seo le bonang se le molemo.” Kgosi ya ema pela kgoro ya motse ha bahlabani ba etswa ka makgolo le ka dikete.5. Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.6. Mabotho a tswela naheng ho ya lwantsha Baiseraele. Ntwa ya lwanela morung wa Efraime.7. Bahlabani ba Baiseraele ba hlolwa ke ba Davida. Ka letsatsi leo ha bolawa Baiseraele ba bangata; ba ne ba ka ba dikete tse mashome a mabedi.8. Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole.9. Bahlankana ba Davida ba bona Absalome a palame mmeile. Eitse ha mmeile o feta tlasa makala a teteaneng a sefate se seholo sa eike, hlooho ya hae ya tshwaswa ke makala, yena a sala a leketlile sebakeng, mmeile oo a neng a o palame wa monyoha katlasa hae.10. Monna e mong ya ileng a bona hona a bolella Joabe, a re: “Ke bone Abosalome a leketlile sefateng sa eike.”11. Joabe a re ho monna eo ya mmoleletseng: “Haeba o mmone, ke ka baka lang o sa kang wa mmolaela hona moo, a polana fatshe? Nkabe ke o putsa ka disilefera tse leshome, le ka leqhama.”12. Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: Le mpaballele mohlankana Abosalome.13. Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.”14. Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.15. Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya.16. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba kgaotsa ho phaladisa Baiseraele, hobane Joabe o ne a se a ba thibile.17. Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.18. Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno.19. Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”20. Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.”21. Yaba Joabe o re ho monna wa Kushe: “Tsamaya, o yo bolella kgosi seo o se boneng.” Mokushe eo a obamela Joabe, yaba o nka ka saole.22. Jwale Ahimase, mora wa Sadoke, a boela a re ho Joabe: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ntumelle le nna ke mathe kamora Mokushe yane.” Joabe a re: “Wena o tla be o mathela lelea, ngwanaka, hobane ha ho na ditaba tse monate, tseo o di isang.”23. Empa Ahimase a re: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ke tla matha.” Joabe a re ho yena: “Matha!” Ahimase a takolotsa ka tsela e ka phuleng, a siya Mokushe eo.24. Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong.25. Sebohodi seo sa howeletsa, sa tsebisa kgosi. Yaba kgosi e re: “Haeba monna eo a le mong, o tlisa ditaba tse monate.” Monna eo a nna a atamela.26. Sebohodi sa boela sa bona monna e mong ya tlang a matha, yaba se howeletsa molebedi wa kgoro, se re: “Monna e mong hape ke yane a etla a matha a le mong!” Yaba kgosi e re: “Le yena o tlisa ditaba tse monate.”27. Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.” Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.”28. Ahimase a howeletsa, a re ho kgosi: “Kgomo tseo!” A obamela kgosi, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya neelaneng ka banna ba ileng ba tsohela monga ka, kgosi ya ka, matla.”29. Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”30. Kgosi ya re ho Ahimase: “Fetela kathoko, o eme mona!” Ahimase a fetela kathoko, a ema themelele!31. Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!”32. Kgosi ya re ho monna eo wa Mokushe: “Na mohlankana Abosalome o ntse a phela?” Mokushe a araba, a re: “Dira tsa monga ka, kgosi ya ka, le bohle ba o tsohetseng matla, hore ba o ntshe kotsi, ba ke ba be seo mohlankana eo a leng sona.”33. Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”Lipesaleme 66:16-2016. Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.17. Ke ipileditse ho yena ka molomo wa ka, ka mo phafa ka leleme la ka.18. Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,19. empa Modimo o nkutlwile, o mametse sello sa thapelo ya ka.20. Ho bokwe Modimo, ya sa kang a lahla thapelo ya ka, ya sa kang a ntima mohau wa hae.Liproverbia 16:31-3231. Moriri o moputswa ke mofapahlooho o kgabane, o fumanwa ke ya phelang ka ho loka.32. Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.John 7:28-5328. Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a ruta ka Tempeleng, a re: “Le a ntseba, le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a tla ka bonna, empa ya nthomileng ke wa nnete, eo le sa mo tsebeng.29. Nna ke a mo tseba, hobane ke tswa ho yena, mme ke yena ya nthomileng.”30. Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.31. Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?”32. Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara.33. Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng.34. Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.”35. Bajuda ba botsana, ba re: “O se a tla ya kae hore re se ke ra mo fumana? E seng o se a tla ya ho ba qhalaneng hara Bagerike le ho ruta Bagerike?36. Ke polelo nngwe eo a e boletseng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla. ”37. Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.38. Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”39. A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.40. Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!”41. Ba bang ba re: “Ke yena Kreste!” Empa ba bang ba re: “Na Kreste a ka tswa Galelea?42. Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”43. Yaba letshwele le fapana ka maikutlo ka baka la hae;44. ba bang ho bona ba ne ba lakatsa ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho.45. Jwale bahlanka ba ya ho baprista ba baholo le ho Bafarisi, mme bao ba re ho bona: “Ke ka baka lang le sa mo tlisang?”46. Bahlanka ba araba, ba re: “Ha ho motho ya kileng a bua jwaloka motho enwa.”47. Bafarisi ba ba botsa, ba re: “Na le lona le kgelositswe?48. Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ya dumetseng ho yena?49. Empa mahoohoo ana a sa tsebeng Molao a rohakehile.”50. Nikodema, e mong wa bona, ya neng a tle ho yena pele ho moo, a re ho bona:51. “Na Molao wa rona o ahlola motho a eso ikarabelle, le ho tseba seo a se entseng?”52. Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”53. Jwale e mong le e mong a ya tlung ya hae. Sotho Bible 1989 © Bible Society of South Africa. All rights reserved