Bibele ka selemo se le seng Phuptjane 142 Marena 15:1-381. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asariya, mora wa Amasiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.2. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekoleya, eo hahabo e neng e le Jerusalema.3. Asariya a kgahlisa Morena, jwalokaha Amasiya, ntatae, a ne a ile a etsa.4. Feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.5. Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.6. Diketso tse ding tsa Asariya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.7. Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.8. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.9. A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.10. Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.11. Diketso tse ding tsa Sakariya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.12. Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.13. Shalome, mora wa Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa pusa ya Usiya, kgosi ya Juda. A busa kgwedi, a le Samaria.14. Menaheme, mora wa Gadi, o ne a ile a tloha Tiresa, a ya Samaria, moo a ileng a fihla a hlaba Shalome, mora wa Jabeshe, a mmolaya, mme a ikgapela puso.15. Diketso tse ding tsa Shalome, le bohlabaphiyo boo a ileng a bo etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.16. Menaheme a ripitla motse wa Tifesa, le bohle ba neng ba le ka ho wona. A ripitla le batho ba naha e o potapotileng, ho tloha Tiresa, hobane ba ne ba ile ba re ho yena motse oo ha o kenwe. A o ripitla ka lona lebaka leo. Baimana ba motse oo a ba phatlola dimpa.17. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria.18. A etsa bobe mahlong a Morena. Ka nako yohle ya bophelo ba hae, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.19. Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.20. Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele.21. Diketso tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.22. Menaheme a shwa; Pekahiya, mora wa hae, a mo hlahlama.23. Ka selemo sa mashome a mahlano sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Pekahiya, mora wa Menaheme, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse pedi.24. Pekahiya a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.25. Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.26. Diketso tse ding tsa Pekahiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.27. Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Peka, mora wa Remaleya, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi.28. A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.29. Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.30. Hoshea, mora wa Ela, a rera Peka, mora wa Remaleya. A mo hlaba, a mmolaya, mme a ikgapela bokgosi. E ne e le ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jotame, mora wa Usiya.31. Diketso tse ding tsa Peka, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.32. Ka selemo sa bobedi sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, Jotame, mora wa Usiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.33. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.34. Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa.35. Feela ha a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Ke yena ya ileng a haha kgoro ya Tempele, e bitswang Kgoro ya Leboya.36. Diketso tse ding tsa Jotame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.37. Mehleng eo, Morena a etsa hore Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, ba futuhele naha ya Juda.38. Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.2 Marena 16:1-201. Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, Akase, mora wa Jotame, kgosi ya Juda, a qala ho busa.2. Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng a le Jerusalema. Ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.3. O ile a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele. Ka ho etsa nyehelo ya setjheso ka mora wa hae, a etsa manyala a kang a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bana ba Iseraele.4. Hape a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le tse hodima dithaba, le tse katlasa difate tsohle tse talana, mme a tjhesetsa mokubetso hona teng.5. Jwale Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema. Ba etsetsa Akase thibella, empa ba se ke ba mo hlola.6. Ka yona nako eo Resine, kgosi ya Arame, a boela a hapa motse wa Elate, mme a leleka Bajuda moo Elate. Baarame ba fihla Elate, mme le kajeno-ya-bokajeno ba sa ahile moo.7. Akase a romela maqosa ho Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a re: “Nna ke mohlanka wa hao, le mora wa hao. Tloo, o tlo nnamolela matsohong a kgosi tsa Arame le Iseraele, tse mphutuhetseng.”8. Akase a hahara silefera le kgauta ka Tempeleng ya Morena, le ka matloleng a ntlo ya kgosi, mme a di romela ho kgosi ya Asiria, e le mpho.9. Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.10. Kgosi Akase a ya Damaseka ho ya kopana le Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria. Ha a le moo, a bona aletare. Kgosi ya romella setshwantsho sa aletare eo, le diqaqiso tsa yona ho moprista Uriya.11. Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka.12. Ha kgosi e fihla ho tswa Damaseka, ya bona aletare, ya atamela ho yona, ya hlwella mehatong ya yona.13. Kgosi ya tjhesetsa nyehelo ya yona ya setjheso, le nyehelo ya dijo hodima aletare eo, ya tshela le nyehelo ya yona ya dino hodima yona; ya foka hodima aletare ka madi a tse hlabetsweng ho etsa nyehelo ya teboho.14. Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha.15. Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.”16. Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase.17. Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe.18. Kahobane kgosi Akase a ne a rata ho kgahlisa kgosi ya Asiria, a fedisa tselana e ruletsweng, eo a neng a tsamaya ka yona ka Sabatha, a kwala le monyako o kantle, oo a neng a kena ka wona ka Tempeleng ya Morena.19. Diketso tse ding tsa Akase di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.20. Akase a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Mora wa hae, Hesekiya, a mo hlahlama.Lipesaleme 73:21-2821. Ha pelo ya ka e ne e utlwile bohloko, mme maikutlo a ka a hlabehile,22. ka ba lewatla, ka hloka kutlwisiso, ka ba jwaloka phoofolo mahlong a hao.23. Empa leha ho le jwalo, ke na le wena kamehla, o ntshwere ka letsoho le letona.24. O ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o tla nkamohela ka tlotla.25. Nka ba le mang lehodimong haese wena? Ha ke ena le wena, ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.26. Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla.27. Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.28. Empa ho nna ho ba haufi le Modimo, ke ntho yona e molemo. Ke ikgethetse Morena, Morena wa ka, ho ba setshabelo sa ka, ke tle ke bolele mesebetsi ya hae yohle.Liproverbia 18:20-2120. Motho o kotula seo a se jalang ka leme la hae, o kgotsofatswa ke polelo tsa molomo wa hae.21. Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.John 21:1-251. Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona:2. Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho.3. Simone Petrose a re ho bona: “Ke sa ilo tshwasa ditlhapi.” Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tloha, ba kena ka sekepeng, empa bosiung boo ba se ke ba tshwasa letho.4. Kameso, Jesu a ema lebopong, feela barutuwa ba sa tsebe hore ke Jesu.5. Jesu a re ho bona: “Bana ba ka, na le na le tlhapi?” Ba mo araba, ba re: “Tjhe.”6. A re ho bona: “Akgelang letlowa lehlakoreng le letona la sekepe, mme le tla tshwasa.” Yaba ba a le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba ditlhapi.7. Jwale morutuwa eo Jesu a mo ratang a re ho Petrose: “Ke Morena!” Simone Petrose, ha a utlwa hore ke Morena, a apara, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela letsheng.8. Barutuwa ba bang ba tla ka sekepe, ba hula letlowa la ditlhapi, hobane ba ne ba se hole le lebopo, ba ne ba ka ba dimethara tse lekgolo.9. Jwale ha ba etswa ka sekepeng ba fihla lebopong, ba bona mollo wa mashala, le tlhapi e besitsweng hodima wona, le bohobe.10. Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ding tsa ditlhapi tseo le tswa di tshwasa.”11. Simone Petrose a hlwella ka sekepeng, a hulela lebopong letlowa le tletseng ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, empa leha di ne di le ngata hakaalo, letlowa ha le a ka la taboha.12. Jesu a re ho bona: “Tloong le je!” Ka ho tseba hore ke Morena, ha se ke ha eba le ya mong wa barutuwa ya betang pelo ho mmotsa, ho re: “O mang?”13. Jesu a tla, a nka bohobe, a ba nea bona; le ka tlhapi a etsa jwalo.14. E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung.15. Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”16. A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!”17. A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!18. Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”19. O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!”20. Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa eo Jesu a mo ratang a ba latetse. Ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa Jesu ha ba le dijong tsa mantsiboya, ya neng a re: “Morena, ya o ekang ke mang?”21. Petrose ha a bona eo, a re ho Jesu: “Morena, eo o tla fella kae?”22. Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!”23. Jwale taba ena ya hore morutuwa eo ha a na ho shwa, ya anela hara badumedi. Empa Jesu o ne a sa ka a re ho yena ha a na ho shwa, a mpa a itse: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng?”24. Ke yena morutuwa enwa ya pakang ditaba tsena, ya di ngotseng, mme re tseba hore bopaki ba hae ke nnete.25. Ho sa na le tse ding tse ngata, tseo Jesu a di entseng, tseo ha di ka ngolwa ka bonngwe, ke hopolang hore le lefatshe le ke ke la ba le sebaka se lekanang ho boloka dibuka tse ka ngolwang. Sotho Bible 1989 © Bible Society of South Africa. All rights reserved