Bibele ka selemo se le seng Phupu 20Esdrase 1:1-111. Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:2. “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.3. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.4. Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema. ”5. Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.6. Bohle ba neng ba ahisane le bona ba ba thusa ka dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, ntle ho dimpho tsa boithaopo.7. Le kgosi Siruse a ntsha thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare a neng a ile a e nka Jerusalema, a e bea ka tempeleng ya medimo ya hae.8. Tsena tsohle kgosi Siruse a di bea tlasa taolo ya Miteredate, eo e neng e le ramatlotlo; yena a di balla Sheshebasare, kgosana ya Juda.9. Palo ya tsona ke ena: mekeke ya kgauta e mashome a mararo, le mekeke ya silefera e sekete, le mefuta e meng ya dijana e mashome a mabedi a metso e robong,10. le dikotlolo tsa kgauta tse mashome a mararo, le dikotlolo tsa silefera tse makgolo a mane le leshome, le dijana tse ding tse sekete.11. Palo ya dintho tsena tsohle tse entsweng ka kgauta le ka silefera e ne e le dikete tse hlano le makgolo a mane. Tsena tsohle Sheshebasare a tla le tsona, ha bathopuwa ba neng ba le Babilona ba kgutlela Jerusalema.Esdrase 2:1-701. Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.2. Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:3. Ba lelapa la Paroshe e ne e le dikete tse pedi le lekgolo le mashome a supileng a metso e mmedi;4. ba lelapa la Shefatiya e le makgolo a mararo le mashome a supileng a metso e mmedi;5. ba lelapa la Arake e le makgolo a supileng le mashome a supileng a metso e mehlano;6. ba lelapa la Pahate-Moabe, e leng ditloholo tsa Jeshua le tsa Joabe, e le dikete tse pedi le makgolo a robedi le leshome le metso e mmedi;7. ba lelapa la Elame e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene;8. ba lelapa la Satu e le makgolo a robong le mashome a mane a metso e mehlano;9. ba lelapa la Sakai e le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng;10. ba lelapa la Bani e le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi;11. ba lelapa la Bebai e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a metso e meraro;12. ba lelapa la Asegade e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e mmedi;13. ba lelapa la Adonikame e le makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng;14. ba lelapa la Bigifai e le dikete tse pedi le mashome a mahlano a metso e tsheletseng;15. ba lelapa la Adine e le makgolo a mane le mashome a mahlano a metso e mene;16. ba lelapa la Atere, ke ho re la Hesekiya, e le mashome a robong a metso e robedi;17. ba lelapa la Besai e le makgolo a mararo le mashome a mabedi a metso e meraro;18. ba lelapa la Jora e le lekgolo le leshome le metso e mmedi;19. ba lelapa la Hashume e le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e meraro;20. ba lelapa la Gibare e le mashome a robong a metso e mehlano.21. Ba tswang Betlelehema e ne e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro;22. ba tswang Netofa e le mashome a mahlano a metso e tsheletseng;23. ba tswang Anatote e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi;24. ba tswang Asemafete e le mashome a mane a metso e mmedi;25. ba tswang Kiriate-Jearime, le Kefira, le Beerote e le makgolo a supileng le mashome a mane a metso e meraro;26. ba tswang Rama le Geba e le makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi a motso o mong;27. ba tswang Mikemase e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e mmedi;28. ba tswang Bethele le Ai e le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e meraro;29. ba tswang Nebo e le mashome a mahlano a metso e mmedi;30. ba tswang Makabishe e le lekgolo le mashome a mahlano a metso e tsheletseng;31. ba tswang Elame e nngwe e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mahlano a metso e mene;32. ba tswang Harime e le makgolo a mararo le mashome a mabedi;33. ba tswang Lode, le Hadide, le Ono e le makgolo a supileng le mashome a mabedi a metso e mehlano;34. ba tswang Jeriko e le makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano;35. ba tswang Senaa e le dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng le mashome a mararo.36. Baprista, e leng bara ba Jedaya, wa lelapa la Jeshua, e ne e le makgolo a robong le mashome a supileng a metso e meraro;37. ba lelapa la Imere e le sekete le mashome a mahlano a metso e mmedi;38. ba lelapa la Pashahure e le sekete le makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e supileng;39. ba lelapa la Harime e le sekete le leshome le metso e supileng.40. Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua le Kademiele, ba lelapa la Hodafiya, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.41. Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, e ne e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi.42. Ba malapa a balebedi ba Tempele, e leng ditloholo tsa Shalome, le Atere, le Talamone, le Akube, le Hatita, le Shobai, e ne e le lekgolo le mashome a mararo a metso e robong.43. Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote,44. le tsa Kerose, le tsa Sia, le tsa Padone,45. le tsa Lebana, le tsa Hagaba, le tsa Akube,46. le tsa Hagabe, le tsa Salemai, le tsa Hanane,47. le tsa Gidele, le tsa Gahare, le tsa Reaya,48. le tsa Resine, le tsa Nekoda, le tsa Gasame,49. le tsa Usa, le tsa Paseya, le tsa Besai,50. le tsa Ashena, le tsa Mehunime, le tsa Nefusime,51. le tsa Bakabuke, le tsa Hakufa, le tsa Harehure,52. le tsa Basalote, le tsa Mehida, le tsa Haresha,53. le tsa Barakose, le tsa Sisera, le tsa Tema,54. le tsa Nesia, le tsa Hatifa.55. Ana ke malapa a bahlanka ba Solomone, e leng ditloholo tsa Sotai, le tsa Soferete, le tsa Peruda,56. le tsa Jaala, le tsa Darekone, le tsa Gidele,57. le tsa Shefatiya, le tsa Hatila, le tsa Pokerete ya tswang Sebaime, le tsa Ami.58. Basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, e ne e le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi.59. Bana bohle ke bona ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba hloka bopaki ba hore malapa abo bona le ditloholo tsa bona ke Baiseraele.60. Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda, e ne e le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano a metso e mmedi.61. Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a ba sa ipitsa ka lebitso la mohwe wa hae.62. Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona, hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.63. Mmusi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.64. Setjhaba sohle ha se balwa se ile sa etsa dikete tse mashome a mane a metso e mmedi le makgolo a mararo le mashome a tsheletseng;65. ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi.66. Palo ya dipere tsa bona e ne e le makgolo a supileng le mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimmeile tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano;67. dikamele di le makgolo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano, ditonki di le dikete tse tsheletseng le makgolo a supileng le mashome a mabedi.68. E ile yare ha batho bana ba fihla Tempeleng ya Morena e Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa malapa abo bona ba etsetsa Tempele ya Modimo dinyehelo tsa boithaopo, hore ba boele ba e hahe setsheng sa yona sa pele.69. Bakeng sa mosebetsi ona ba fana kamoo ba ka kgonang kateng, ba nea ramatlotlo kgauta e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mahlano, le silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a robedi. Ba fana ka diaparo tsa boprista tse lekgolo.70. Baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, ba boela ba aha metseng ya bona, mme Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.Lipesaleme 86:6-106. Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe, o mamele sello sa thapedi ya ka.7. Ha ke le matshwenyehong ke ipiletsa ho wena, mme wena o a nkaraba.8. Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.9. Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao;10. hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.Liproverbia 21:15-1615. Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo.16. Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu.Liketso 21:18-4018. Ka letsatsi le hlahlamang Paulosi a ya le rona ho Jakobo, mme baholo bohle ba ne ba le teng.19. Hoba a ba dumedise, a ba qaqisetsa ka ho tlala, ka tlhahlamano, tseo Modimo a di entseng ho baditjhaba ka bosebeletsi ba hae.20. Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.21. Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo.22. Ha ho le jwalo, ho ka thweng? Ha ho pelaelo, ba tla utlwa hore o tlile.23. Ka lebaka leo, etsa seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane, ba ikanneng.24. Ba nke, o itlhwekise le bona, o ba lefelle hore ba beolwe dihlooho. Bohle ba tla tseba hore ha ho letho ditabeng tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa le wena o ntse o tsamaya o bolokile Molao.25. Ha e le baditjhaba ba dumetseng, re ile ra ba tsebisa ka lengolo qeto ya rona ya hore ba ile tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola.”26. Yaba ka letsatsi le hlahlamang Paulosi o nka banna bao, mme hoba a itlhwekise le bona, a kena ka Tempeleng, a bolela letsatsi leo nako ya tlhwekiso e tla fela ka lona, ho nto hlahiswa nyehelo bakeng sa e mong le e mong wa bona.27. Ha matsatsi a supileng a se a ya fela, Bajuda ba tswang Asia, ha ba bona Paulosi ka Tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.28. Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”29. Ba ne ba ile ba bona pele ho moo Terofimose wa Efese a ena le Paulosi motseng, ba hopola eka Paulosi o ile a mo kenya ka Tempeleng.30. Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.31. Ha ba ntse ba leka ho mmolaya, molaodi wa lebotho la ba sekete a tsebiswa hore Jerusalema yohle e moferefereng.32. A nka bahlabani le balaodi ba ba lekgolo ka potlako, a phallela ho bona. Yare ha batho ba bona molaodi wa ba sekete le bahlabani, ba kgaotsa ho teteka Paulosi.33. Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.34. Jwale hara letshwele ba bang ba howa ntho ena, ba bang yane. Kaha molaodi a ne a sitwa ho tseba hoo e leng nnete ka baka la lerata, a laela hore Paulosi a iswe qhobosheaneng.35. Yare ha Paulosi a fihla mehatong e nyolohang, a tshwanela ho jarwa ke bahlabani ka baka la ho halefa ha letshwele,36. hobane bongata ba setjhaba bo ne bo latela, bo ntse bo howa, bo re: “Mmolaye!”37. Ha a se a tla kenngwa ka qhobosheaneng, Paulosi a re ho molaodi wa ba sekete: “Na o ka ntumella ho buisana le wena?” Yaba eo o re: “Na o tseba Segerike?38. Na ha o Moegepeta elwa eo maobanyana moo a neng a tsose moferefere, a isa banna ba kete di nne ba babolai nahathothe?”39. Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.”40. Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re: Sotho Bible 1989 © Bible Society of South Africa.